Feta

Thuto e le Nngwe ya Bibele e Fetoha Tse Ngata

Thuto e le Nngwe ya Bibele e Fetoha Tse Ngata

 Marta ke Paki ya Jehova e dulang Guatemala mme o ithuta puo ya Sekekchi e le hore a ka ruta batho ba buang puo eo molaetsa wa Bibele. Ka letsatsi le leng, o ile a bona monna e mong a tswa ka sepetlele. Monna eo o ne a bonahala eka o tswa motseng o dithabeng moo Dipaki Tsa Jehova di neng di sa ye hangata. Marta o ile a ya ho monna eo mme a bua le yena ka Sekekchi le hoja a ne a sa se tsebe hantle.

 Marta o ile a kopa ho ithuta Bibele le yena. Monna eo o ile a dumela empa a re ha a na le sente e ntsho. Marta o ile a hlalosa hore Dipaki Tsa Jehova di ithuta Bibele le batho mahala. O ile a mo bolella hore ba ka ithuta ka founo le hore lelapa la hae kaofela le ka ba teng. Monna eo o ile a dumela. Ka ha o ne a tseba Sepanishe, Marta o ile a mo fa Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mongolo a Halalelang ya Sepanishe. O ile a boela a mo fa buka ya Sekekchi ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Bekeng e latelang monna eo, mosadi wa hae le bana ba bona ba babedi ba ile ba qala ho ithuta le Marta ka founo. Ba ne ba ithuta habedi ka beke. Marta o re: “Ka ha ke ne ke sa tsebe Sekekchi hantle re ne re ithuta ka Sepanishe ebe monna eo o ne a hlalosetsa mosadi wa hae ka Sekekchi. Bana bona ba ne ba tseba Sepanishe.”

 Monna eo e ne e le moruti. O ile a qala ho ruta batho ba kereke ya hae dintho tseo a neng a ithuta tsona ka Bibeleng. Ditho tsa kereke di ne di rata dintho tseo tse ntjha tseo a neng a ba ruta tsona yaba baa mo botsa hore na o di nka hokae. Ha a ba bolella hore ho na le motho ya mo rutang Bibele, le bona ba ile ba qalella ho ba teng. Ha hwa nka le nako e kae, batho ba ka bang 15 ba ne ba ithuta le Marta ka founo. Kamora nako, ba ne ba lokela ho beha microphone pela founo e le hore bohle ba ka utlwa hantle.

 Ha Marta a bolella baholo ba phutheho ya hae ka thuto ena ya Bibele, e mong wa bona o ile a ya motseng oo, moo baithuti ba dulang teng. O ile a ba mema hore ba tlo mamela puo ya phatlalatsa eo moledi wa potoloho a a neng a tlo fana ka yona motseng o mong, o ka bang bohole ba hora ha o tsamaya ka koloi kapa tse pedi o tsamaya ka maoto. Baithuti bao ba ile ba dumela ho tla mme ba 17 ba bona ba ile ba fela ba etsa jwalo.

 Kamora dibeke tse seng kae, molebedi wa potoloho le Dipaki tse ding di ile tsa etela baithuti bao mme ba dula le bona ka matsatsi a mane. Hoseng ba ne ba shebella divideo tsa Sekekchi tse hlahang ho jw.org ebe ka mora moo ba bala bukana ya Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? Motshehare teng ba ne ba shebella karolo e itseng ya lenaneo la JW Broadcasting. Molebedi wa potoloho o ile a boela a hlophisa hore moithuti e mong le e mong a be le motho eo a ithutang le yena.

 Matsatsing ao a mane, Dipaki tseo di ile tsa bolela metseng e haufi moo batho ba teng ba buang Sekekchi le ho ba memela sebokeng se kgethehileng. Sebokeng seo ho tlile batho ba 47 mme ba ile ba kgothalletswa hore ba ithute Bibele. Malapa a 11 a ile a nka monyetla oo.

 Dikgwedi tse mmalwa kamora moo, baholo ba ile ba hlophisa hore ho tshwarwe diboka beke le beke motseng oo moruti a dulang ho ona. Kajeno, batho ba ka bang 40 ba ba teng dibokeng kamehla mme ka Sehopotso sa lefu la Jesu ho ile ha tla batho ba 91. Ena e bile ketsahalo e thabisang haholo.

 Marta ha a nahana hore taba ena e qadile jwang o re: “Ke leboha Jehova haholo. Ka nako tse ding ke ikutlwa eka ha ke etse ho lekaneng, empa Modimo a ka re sebedisa hore re thuse batho ba bang. Modimo o ne a tseba se ka dipelong tsa batho bao mme o ile a ba hulela ho batho ba hae. Jehova o a ba rata.”

a Molebedi wa potoloho ke Paki ya Jehova e etelang diphutheho tse ka ba 20 mme diphutheho tseo tse 20 ha di kopane hothwe ke potoloho.