Feta

Na Dipaki Tsa Jehova di na le Bibele ya Tsona?

Na Dipaki Tsa Jehova di na le Bibele ya Tsona?

 Dipaki Tsa Jehova di nnile tsa sebedisa diphetolelo tse ngata tse fapaneng ha di ithuta Bibele. Le ha ho le jwalo, dipuong tseo Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fumanehang ka tsona, re thabela ho sebedisa yona ka ha e sebedisa lebitso la Modimo, e nepahetse ebile e hlakile.

  •   E sebedisa lebitso la Modimo. Bahatisi ba bang ba Bibele ba sitwa ho lebisa tlotla ho Mongodi wa yona. Ka mohlala, phetolelo e nngwe ya Bibele e thathamisitse mabitso a batho ba fetang 70, bao ka tsela e itseng ba kentseng letsoho tlhahisong ya yona. Empa, Bibele yona eo e siile lebitso la Mongodi wa yona e leng Jehova Modimo ka ho feletseng.

     Ho fapana le moo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e kgutliseditse lebitso la Modimo dibakeng tsohle tse dikete tseo le neng le hlaha ho tsona dibukeng tsa pele, le hoja komiti e e fetoletseng e sa thathamisa mabitso a ditho tsa yona.

  •   Ho nepahala. Ha se diphetolelo tsohle tse fetisang molaetsa wa Bibele ka tsela e tshwanang le ya dipuo tseo e neng e ngotswe ka tsona qalong. Ka mohlala, phetolelo e nngwe e fetoletse Matheu 7:​13 ka tsela ena: “Kenang ka heke e moqotetsane, hobane heke e yang diheleng e sephara mme tsela e yang teng e bonolo.” Le ha ho le jwalo, mantswe a qalong a ne a sebedisitse lentswe “timetso,” eseng “dihele.” Mohlomong bafetoledi bao ba ile ba ikenyetsa lentswe “dihele” hobane ba dumela hore batho ba kgopo ba tla hlokofatswa ka ho sa feleng mollong wa dihele. Empa Bibele ha e tshehetse kgopolo eo. Ke ka lebaka leo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka ho nepahala e reng: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e kgolo.

  •   E hlakile. Phetolelo e ntle ha ya lokela ho nepahala feela empa e boetse e lokela ho hlaka, ho be bonolo ho e utlwisisa. Nahana ka mohlala ona. Ho Baroma 12:​11, moapostola wa Mokreste Pauluse o sebedisitse polelwana eo ka ho toba e bolelang “ho bela moyeng.” Ka ha polelwana eo ha e utlwahale hantle ka Senyesemane sa kajeno, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela temana eo ka tsela eo ho leng bonolo ho e utlwisisa. E re Bakreste ba lokela ho ba ba “tjhesehang moyeng.”

 Ho phaella tabeng ya hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebedisa lebitso la Modimo, e nepahetse ebile e hlakile, e boetse e na le ntho e ikgethang: E fanwa ntle ho tefo. Ka lebaka leo, batho ba dimilione ba kgona ho bala Bibele ka puo ya habo bona, esita le batho ba neng ba ke ke ba kgona ho ithekela Bibele.