Feta

Ke Hobaneng ha le sa Sebedise Sefapano Bodumeding ba Lona?

Ke Hobaneng ha le sa Sebedise Sefapano Bodumeding ba Lona?

 Batho ba bangata ba nka hore sefapano ke letshwao le emelang Bokreste. Le hoja Dipaki Tsa Jehova e le Bakreste, ha re sebedise sefapano bodumeding ba rona. Hobaneng?

 Lebaka le leng ke hore Bibele e bontsha hore Jesu ha a shwela sefapanong empa o shwetse thupeng. Ho feta moo, Bibele e lemosa Bakreste ka matla hore ba “balehele borapedi ba ditshwantsho,” e leng se bolelang hore ha ba a lokela ho sebedisa sefapano borapeding.​—1 Bakorinthe 10:​14; 1 Johanne 5:21.

 Jesu le yena o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le ena le lerato hara lona.” (Johanne 13:​34, 35) Ka hoo, Jesu o ile a bontsha hore balatedi ba hae ba ne ba tla kgethollwa ka lerato le bontshang boitelo eseng sefapano kapa setshwantsho le ha e le sefe.