Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 1: Ho Kolobetswa ho Bolelang?

Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 1: Ho Kolobetswa ho Bolelang?

 Selemo le selemo, batjha ba bangata ba hodisitsweng ke batswadi ba Dipaki Tsa Jehova ba a kolobetswa. Na le wena o ntse o nahana ka ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, o tlameha ho utlwisisa pele hore na ho inehela le ho kolobetswa ho bolelang.

 Ho kolobetswa ho bolelang?

 Kolobetso eo ho buuwang ka yona ka Bibeleng ha se ho fafatswa feela ka metsi empa ke ho qwediswa ka ho feletseng ka metsing. Ho qwediswa ka metsing ho emela ntho ya bohlokwa haholo.

  •   Ha o qwediswa ka metsing, o bontsha phatlalatsa hore ha o sa tla phelela ho etsa thato ya hao.

  •   Ha o tswa ka metsing, o bontsha hore o se o qadile bophelo bo botjha ba ho phelela ho etsa thato ya Modimo.

 Ha o kolobetswa, o bontsha hore Jehova o na le matla a ho o behela melao ya se lokileng le se fosahetseng hape o bontsha hore o tla phela tumellanong le tshepiso eo o ileng wa e etsa ka ho rata ya hore o tla etsa dintho tseo a reng o di etse.

 Ipotse: Ke hobaneng ha ke lokela ho bontsha phatlalatsa hore ke batla ho phelela ho mamela Jehova? Bala 1 Johanne 4:​19 le Tshenolo 4:11.

 Ho inehela ho bolelang?

 Pele o kolobetswa, o lokela ho inehela ho Jehova. O ka etsa seo jwang?

 Ka hore o rapele Jehova boinotshing, o mo tshepise hore o tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao le hore o tla etsa seo a se batlang ho sa tsotellehe maemo le hore na batho ba bang ba kgetha ho etsang.

 Kolobetso ke ketso ya phatlalatsa e bontshang hore o inehetse ho Jehova ka ho mo rapela boinotshing. O bontsha ba bang hore ha o sa iphelela empa o se o phelela Jehova.​—Matheu 16:24.

 Ipotse: Ke tla fumana melemo efe ha ke phelela Jehova? Bala Esaia 48:​17, 18 le Baheberu 11:6.

 Ke hobaneng ha ho kolobetswa ho le bohlokwa?

 Jesu o itse barutuwa ba hae ba lokela ho kolobetswa. (Matheu 28:​19, 20) Ka hoo, Bakreste ba lokela ho kolobetswa. Ha e le hantle, Bibele e re re lokela ho kolobetswa e le hore re pholohe.—1 Petrose 3:21.

 Le ha ho le jwalo, sepheo sa hao sa ho batla ho kolobetswa e lokela hore e be hobane o rata Jehova. Hape o be le boikutlo bo tshwanang le ba mopesaleme ya ileng a ngola a re: “Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa dintho tsohle tse molemo tseo a nketseditseng tsona? . . . Ke tla bitsa lebitso la Jehova. Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova.”​—Pesaleme ya 116:​12-14.

 Ipotse: Jehova o nketseditse dintho dife tse molemo mme ke tla mo patala ka eng bakeng sa tsona? Bala Deuteronoma 10:​12, 13 le Baroma 12:1.