Moya o Halalelang Keng?
Bibele e araba ka hore
Moya o halalelang ke matla a Modimo a sebetsang. (Mikea 3:8; Luka 1:35) Modimo o romela moya wa hae ka ho ntsha matla sebakeng leha e le sefe e le hore a phethe morero wa hae.—Pesaleme ya 104:30; 139:7.
Ka Bibeleng, lentswe “moya” le fetoletswe ho tswa lentsweng la Seheberu e leng ruʹach le lentsweng la Segerike e leng pneuʹma. Hangata mantswe ao a bolela matla a Molimo a sebetsang kapa moya o halalelang. (Genese 1:2) Leha ho le jwalo, Bibele e boetse e sebedisa mantswe ana ka kutlwisiso e nngwe:
Phefumoloho.—Habakuke 2:19; Tšenolo 13:15.
Moya.—Genese 8:1; Johanne 3:8.
Matla a ho dibopuwa tse phelang.—Job 34:14, 15.
Motho kapa boikutlo ba motho.—Numere 14:24.
Batho ba moya, ho akaretsa Modimo le mangeloi.—1 Marena 22:21; Johanne 4:24.
Tsena kaofela di bolela ntho e sa bonahaleng ho batho empa mosebetsi wa yona o a bonahala. Ka ho tshwanang moya wa Modimo, ‘jwalo ka moya, ha o bonahale, ha o tshwarehe ebile o matla.’—An Expository Dictionary of New Testament Words, by W. E. Vine.
Bibele e boetse e bolela hore moya o halalelang wa Modimo ke “matsoho” kapa “menwana.” (Pesaleme ya 8:3; 19:1; Luka 11:20; bapisa Matheu 12:28.) Jwalo ka ha setsebi sa mosebetsi se sebedisa matsoho le menwana, Modimo o sebedisitse moya wa hae ho etsa dintho tse latelang:
Bokahohleng.—Pesaleme ya 33:6; Esaia 66:1, 2.
Bibele.—2 Petrose 1:20, 21.
Mehlolo e neng e etswa ke bahlanka ba hae ba mehleng ya kgale le ho paka ha bona ka tjheseho.—Luka 4:18, Liketso 1:8; 1 Bakorinthe 12:4-11.
Ditshobotsi tse ntle tseo batho ba mo mamelang ba di bontshang—Bagalata 5:22, 23.
Moya o halalelang hase motho
Ha Bibele e bua ka moya wa Modimo e le “matsoho,” “menwana,” kapa “phefumoloho,” seo se bontsha hore moya o halalelang ha se motho. (Exoda 15:8, 10) Setsebi sa mosebetsi se ke ke sa kgona ho sebetsa se sa sebedise kelello le mmele wa sona; ka ho tshwanang, moya o halalelang o sebetsa feela kamoo Modimo a o laelang ka teng. (Luka 11:13) Bibele e boetse e bapisa moya wa Modimo le metsi hape e o amahanya le dintho tse kang tumelo le tsebo. Dipapiso tsena kaofela ha tsona di bontsha hore moya o halalelang hase motho.—Esaia 44:3; Liketso 6:5; 2 Bakorinthe 6:6.
Bibele e re bolella lebitso la Jehova Modimo le Mora wa hae, Jesu Kreste empa ha ho moo e re bolellang lebitso la moya o halalelang. (Esaia 42:8; Luka 1:31) Ha Setefane, ya ileng a shwela tumelo a fumana pono ya lehodimo, o ile a bona batho ba babedi feela eseng ba bararo. Bibele e re: “Yena, a tletse moya o halalelang, a tadima lehodimong mme a re hedi! yaba o bona kganya ya Modimo le ya Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo.” (Liketso 7:55) Moya o halalelang ke wona o neng o etsa hore Setefane a bone pono yeo.
Mashano ka moya o halalelang
Leshano: “Moya o halalelang,” ke motho mme ke karolo ya Boraro bo bong, jwalo ka ha ho boletswe ho 1 Johanne 5:7, 8, Bibeleng ya King James.
Nnete: Bibele ya King James ho 1 Johanne 5:7, 8, e re “lehodimong, Ntate, Lentswe, le Moya o halalelang: bana ba bararo ke motho a le mong. Hape ho na le ba bararo ba pakang lefatsheng.” Leha ho le jwalo, dipatlisiso di bontshitse hore moapostola Johanne ha aa ka a bua mantswe ao, kahoo hase karolo ya Bibele. Moprofesa Bruce M.Metzger o re: “Ka sebele mantswe ana ke leshano, ebile ha a yo Testamenteng e Ntjha.”—A Textual Commentary on the Greek New Testament
Leshano: Bibele e bua ka moya o halalelang e le motho mme seo se paka hore ke motho.
Nnete: Ka dinako tse ding Mangolo a bua ka moya o halalelang e le motho, empa seo hase pake hore moya o halalelang ke motho. Bibele e bua ka bohlale, lefu le sebe jwalo ka ha eka ke motho. (Liproverbia 1:20; Baroma 5:17, 21) Ka mohlala, Bibele e re bohlale bo na le “mesebetsi” le “bana” mme e bolela hore sebe se a kgelosa, se a bolaya mme se meharo.—Matheu 11:19; Luka 7:35; Baroma 7:8, 11.
Ka ho tshwanang, ha moapostola Johanne a qotsa Jesu, o ile a bua ka moya o halalelang jwalo ka ha eka ke motho, a o bitsa “mothusi” ya fanang ka bopaki, ya tataisang, ya buang, ya utlwang, ya phatlalatsang, ya tlotlisang le ya amohelang. (Johanne 16:7-15) Leha ho le jwalo, o buile jwalo a sebedisa lentswe la Segerike le bolelang “mothusi,” (pa·raʹkle·tos) e leng lereho le ka botoneng mme ho latela melao ya puo ya Segerike le hloka seemedi se ka botoneng. Ha Johanne a ne a bua ka moya o halalelang a sebedisa lereho la pneuʹma, o ile a sebedisa seemedi se sa weleng ka botoneng kapa ka botshehading, e leng “e.”—Johanne 14:16, 17.
Leshano: Ho kolobetswa ka lebitso la moya o halalelang ho bontsha hore ke motho.
Nnete: Ka dinako tse ding Bibele e sebedisa “lebitso” e le ho bontsha bolaodi kapa matla. (Deuteronoma 18:5, 19-22; Esthere 8:10) Lentswe lena le sebediswa ka tsela e tshwanang ka Sesotho ha ho thwe “lebitsong la molao,” mme seo hase bolele hore molao ke motho. Motho ya kolobetswang “ka lebitso la” moya o halalelang o hlokomela hore moya o matla mme o ka mo susumetsa ho etsa thato ya Modimo.—Matheu 28:19.
Leshano: Baapostola ba Jesu le barutuwa ba bang ba ne ba dumela hore moya o halalelang ke motho.
Nnete: Bibele le histori ha di rute seo. The Encyclopædia Britannica e re: “Taba ya hore Moya o Halalelang ke motho . . . e hlahile lekgotleng la Constantinople ka ad 381.” Sena se etsahetse dilemo tse 250 ka mora lefu la moapostola wa ho qetela.