Feta

Tsoho ya Bafu Keng?

Tsoho ya Bafu Keng?

Karabo ya Bibele

 Ka Bibeleng, lentswe “tsoho” le tswa lentsweng la Segerike a·naʹsta·sis le bolelang “ho phahama” kapa “ho ema.” Motho ya tsositsweng bafung o kgutlisetswa bophelong e le motho eo e neng e le yena pele a shwa.​—1 Bakorinthe 15:12, 13.

 Le hoja lentswe “tsoho” le le siyo ka Mangolong a Seheberu, ao hangata a bitswang Testamente ya Kgale, thuto ena ya hlaha ka mangolong ao. Ka mohlala, ha Modimo a bua le moprofeta Hosea, o ile a re: “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole; ke tla ba lokolla lefung”​—Hosea 13:14; Jobo 14:13-​15; Esaia 26:19; Daniele 12:​2, 13.

 Batho ba tla tsosetswa hokae? Batho ba bang ba tsosetswa lehodimong mme ba tla busa le Kreste e le marena. (2 Bakorinthe 5:1; Tšenolo 5:​9, 10) Ha Bibele e bua ka tsoho ena e re ke ‘tsoho ya pele’ le “tsoho ya pejana” e leng se bontshang hore ho na le tsoho e nngwe e tla latela. (Tšenolo 20:6; Bafilipi 3:​11) Tsoho ena e tla etsahala lefatsheng, moo batho ba bangata ba tla tsoswa mme ba phele ba thabile.​—Pesaleme ya 37:29.

 Batho ba tla tsoswa jwang? Modimo o file Jesu matla a ho tsosa bafu. (Johanne 11:25) Jesu o tla tsosa “bohle ba mabitleng a kgopotso,” e mong le e mong a e na le botho ba hae bo mo kgethollang a bile a ntse a e na le mehopolo ya hae. (Johanne 5:​28, 29) Ba tsosetswang lehodimong ba amohela mmele wa moya, athe ba tsosetswang lefatsheng bona ba tla fumana mmele wa nama, o phethahetseng.​—Esaia 33:24; 35:​5, 6; 1 Bakorinthe 15:42-​44, 50.

 Ke bomang ba tla tsoswa? Bibele e re: “ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ba lokileng ba akaretsa batho ba tshepahalang ba kang Noe, Sara le Abrahama. (Genese 6:9; Baheberu 11:11; Jakobo 2:​21) Ba sa lokang ke batho ba hlolehileng ho latela melao ya Modimo hobane ba sa ka ba fumana monyetla wa ho ithuta melao eo le ho e latela.

 Le ha ho le jwalo, batho ba kgopo hoo ba ke keng ba fetoha ba ke ke ba tsoswa. Ha batho ba jwalo ba shwa, ho se ho fedile ka bona, ha ho na tshepo ya hore ba tla tsoswa.​—Matheu 23:33; Baheberu 10:26, 27.

 Tsoho e tla etsahala neng? Bibele e ile ya bolela hore tsoho ya lehodimo e tla etsahala nakong ya ho ba teng ha Kreste, e qadileng ka 1914. (1 Bakorinthe 15:21-23) Tsoho ya lefatsheng e tla etsahala nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Jesu Kreste, ha lefatshe le tla be le fetolwa paradeise.​—Luka 23:43; Tšenolo 20:​6, 12, 13.

 Ke hobaneng ha e le ho utlwahalang hore re dumele tsohong? Bibele e fana ka ditlaleho tse robong tsa batho ba ileng ba tsoswa mme ho na le batho ba ileng ba di bona ha di etsahala kaofela. (1 Marena 17:17-​24; 2 Marena 4:​32-37; 13:20, 21; Luka 7:​11-​17; 8:​40-56; Johanne 11:38-44; Liketso 9:​36-42; 20:​7-​12; 1 Bakorinthe 15:​3-6) Tsoho e ikgethang ke ya Lazaro, ka ha o ne a se a na le matsatsi a mane a shwele mme Jesu o ile a etsa mohlolo oo ka pela batho ba bangata. (Johanne 11:39, 42) Esita le bahanyetsi ba Jesu ha ba a ka ba latola hore seo se etsahetse, ke ka hoo ba ileng ba rera ho bolaya Jesu le Lazaro.​—Johanne 11:47, 53; 12:9-​11.

 Bibele e bontsha hore Modimo o na le matla a ho tsosa bafu ebile o labalabela ho etsa seo. Ka ha o na le mohopolo o se nang moedi, o dula a bolokile tlaleho ya motho e mong le e mong eo a tla mo tsosa, ka matla a hae a maholo ka ho fetisisa. (Jobo 37:23; Matheu 10:30; Luka 20:37, 38) Modimo o kgona ho tsosa bafu mme o batla ho etsa jwalo! Ha Bibele e bua ka hore Modimo o tla tsosa bafu, e re: “O tla hlolohelwa mosebetsi wa matsoho a hao.”​—Jobo 14:15.

Mashano a mabapi le tsoho

 Leshano: Tsoho ke ho kopana ha moya le mmele.

 Nnete: Bibele e ruta hore moya ke motho, eseng ntho e tswang ho motho ha a shwa. (Genese 2:7, Ezekiele 18:4) Motho ya tsoswang ha a kopanngwe le moya wa hae; o boptjwa hape e le moya o phelang.

 Leshano: Batho ba bang ba tla tsoswa ebe ba timetswa hanghang ka mora moo.

 Nnete: Bibele e re, “ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe,” ba tla ya “tsohong ya kahlolo.” (Johanne 5:​29) Le ha ho le jwalo, ba tla ahlolwa ho ya ka seo ba se etsang ka mora hore ba tsoswe, eseng pele. Jesu o ile a re: “Bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo mme ba etseng hloko ba tla phela.” (Johanne 5:​25) Batho ba ‘elang hloko’ kapa ba mamelang dintho tseo ba tla ithuta tsona ka mora tsoho, mabitso a bona a tla ngolwa “moqolong wa bophelo.”​—Tšenolo 20:12, 13.

 Leshano: Ha motho a tsoswa, o tla tsoswa ka mmele oo a neng a na le wona pele a shwa.

 Nnete: Ka mora hore motho a shwe, mmele wa hae wa senyeha mme wa fela.​—Moeklesia 3:​19, 20.