Feta

SE KA THUSANG LELAPA

O ka Bontsha Jwang Hore o Rata Molekane wa Hao?

O ka Bontsha Jwang Hore o Rata Molekane wa Hao?

Banyalani ba bang kamora nako ba se ba nyetse, lerato la bona le ka qala ho fokotseha. Haeba seo se a etsahala lenyalong la hao, na see se lokela ho o nyahamisa?

 Seo o lokelang ho se tseba

Ho bontshana lerato ke ha bohlokwa lenyalong e le hore lenyalo la lona le tiye. Jwalo ka ha re lokela ho ja le ho nwa metsi e le hore re phele hantle mmeleng, ho bontsha lerato ho molekane wa hao ke ha bohlokwa e le hore lenyalo la lona le ka ba matla mme le hole. Le hoja ho ka feta dilemo tse ngata monna le mosadi ba nyetse, ba lokela ho tswelapele ho kgodisa balekane ba bona hore ba a ba rata le ho ba hlokomela.

Nahanela maikutlo a molekane wa hao. Lerato le re susumelletsa hore re behe ditlhoko tsa molekane wa rona pele. O se ke wa batla ho bontsha molekane wa hao lerato feela ha o na le ditakatso tsa ho etsa thobalano empa o mo bontshe lerato ka dinako tsohle.

Ka tlhaho basadi ba hloka ho bontshwa lerato ke banna ba bona ka diketso ho feta ka mantswe. Monna a ka rata mosadi wa hae haholo empa haeba a sa le bontshe kamehla empa a le bontsha feela pele ba etsa thobalano, mosadi wa hae a ka ikutlwa a sa kgodiseha hore ebe monna wa hae o mo rata e le ka nnete. Ka hona, ke ha bohlokwa ho bontsha lerato ka dinako tsohle.

 Seo o ka se etsang

Bolella molekane wa hao hore o a mo rata. O ka mo bolella mantswe a kang “Ke a o rata” kapa “O motho wa bohlokwa ho nna” mantswe a kang ana a ka etsa hore molekane wa hao a ikutlwe e le motho wa bohlokwa.

Molaomotheo wa Bibele: “Molomo o bua ho tswa ho se tletseng pelong.”​—Matheu 12:34.

Seo o ka se etsang: Kamehla bontsha molekane wa hao ka ditsela tse fapaneng hore o a mo rata. O ka ngola dintho tseo o batlang ho mo etsetsa tsona fatshe kapa o ka mo ngolla e-mail kapa wa mo romella molaetsa o monate.

Bontsha ka diketso hore o rata molekane wa hao. O ka mo haka, wa mo suna kapa le ka tsamaya le tshwarane ka matsoho ho bontsha hore ehlile o mo rata e le ka nnete. Hape o ka mo sheba mahlong ka tsela e bontshang lerato kapa wa mo rekela mpho e ntle. O ka boela wa thusa mosadi wa hao ka dintho tse kang ho mo tshwarela mokotla, ho mo bulela monyako, ho mo thusa ka ho hlatswa dijana, ho hlatswa diaparo le ho pheha. Dingata dintho tseo o ka di etsang ho bontsha hore o rata molekane wa hao!

Molaomotheo wa Bibele: “A re se keng ra rata ka lentswe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le nnete.”​—1 Johanne 3:18.

Seo o ka se etsang: Tshwara molekane wa hao jwalo ka ha le ne le qala ho ratana.

Ebang le nako ya ho ba hammoho. Ho qeta nako le le hammoho ho tla matlafatsa lenyalo la lona mme seo se tla kgodisa molekane wa hao hore o thabela ho qeta nako le yena. Ka dinako tse ding ho ka ba thata ho qeta nako hammoho, haholoholo haeba le e na le bana kapa le e na le dintho tse ding tsa bohlokwa tseo le lokelang ho buisana ka tsona. Mohlomong le ka thapolla maoto le le babedi ho hahlwa ke moya.

Molaomotheo wa Bibele: “E le hore le ka nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Seo o ka se etsang: Banyalani ba bang ba dulang ba phathahane mme ba sa kgone ho qeta nako ba le hammoho, ba ipehela nako “ya ho tswa mantsiboya” kapa ba tswe “mafelobeke” a mang le a mang.

Tseba molekane wa hao hantle. Batho ha ba tshwane mme ba ke ke ba bontshwa lerato ka tsela tse tshwanang. Buisanang ka hore e mong a ka thabela ho bontshwa lerato jwang mme le ka ntlafatsa jwang e le hore le finyelle seo. Leka ka hohle ka moo o ka kgonang ho kgotsofatsa molekane wa hao. Hopola, hore ho bontsha lerato ke ha bohlokwa e le hore lenyalo le tiye.

Molaomotheo wa Bibele:Lerato . . . ha le batle dithahasello tsa lona.”​—1 Bakorinthe 13:4, 5.

Seo o ka se etsang: Ho e na le ho ikutlwa e ka ha o ratwe, ipotse: ‘Nka etsang e le hore molekane wa ka a ikutlwe a ratwa?’