Dipesaleme 71:1-24

  • Tshepo ya ba tsofetseng

    • Ho tshepa Modimo ho tloha botjheng (5)

    • “Ha matla a ka a fela” (9)

    • “Modimo, o nthutile ho tloha ke sa le motjha” (17)

71  Ke balehetse ho wena Jehova. E se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong.+   Mpholose hobane o lokile. Mmamele* mme o mpholose.+   Eba sebaka sa ka se sireletsehilengSeo nka ipatang ho sona ka mehla. Laela hore ke pholosweHobane o lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+   Modimo, mpholose matsohong a ya kgopo,+Matsohong a ya nkgatellang.   O tshepo ya ka, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Esale ke o tshepile ho tloha botjheng.+   Esale ke itshetlehile ka wena ho tloha ha ke tswalwa. Ke ntshitswe ke wena ka popelong ya mme wa ka.+ Ke o rorisa ka mehla.   Batho ba bangata ba ile ba makala ha ba bona dintho tse nketsahaletsengLe ha ho le jwalo, o setshabelo sa ka se matla.   Molomo wa ka o dula o o rorisa.+ Ke bua ka bokgabane ba hao letsatsi lohle.   O se ke wa ntahla botsofading ba ka.+ O se ke wa ntlohela ha matla a ka a fela.+ 10  Dira tsa ka di bua hampe ka nna,Ba batlang ho mpolaya ba rera dintho tse mpe ka nna,+ 11  Ba re: “Modimo o mo lahlile. Mo lelekiseng, le mo tshware hobane ha ho na motho ya tla mo pholosa.”+ 12  Modimo, o se ke wa ba hole le nna. Modimo wa ka, potlaka o tlo nthusa.+ 13  E se eka ba nkganyetsangBa ka hlajwa ke dihlong mme ba fediswe.+ E se eka ba lakatsang hore ke hlahelwe ke dintho tse mpeBa ka hlajwa ke dihlong ba be ba tlotlollehe.+ 14  Ha e le nna, ke tla dula ke letile. Ke tla o rorisa ho feta pele. 15  Molomo wa ka o tla bua ka diketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle+Le ka dintho tseo o di entseng ho re pholosa,Le hoja di le ngata haholo hore nka di utlwisisa.*+ 16  Ke tla tla mme ke bue ka matla a hao,Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Ke tla bua ka diketso tsa hao tse lokileng, tsa hao feela. 17  Modimo, o nthutile ho tloha ke sa le motjha,+Le kajeno ke ntse ke bua ka mesebetsi ya hao e hlollang.+ 18  Modimo, o se ke wa ntahla ha ke se ke tsofetse ebile moriri wa ka o le moputswa.+ Ere ke bue ka matla* a hao ho moloko o tlangLe ka bonatla ba hao ho bohle ba tlang.+ 19  Modimo, diketso tsa hao tse lokileng di fihla dibakeng tse phahameng.+ O entse dintho tse kgolo. Modimo, ke mang ya tshwanang le wena?+ 20  Le hoja o entse hore ke be le mahlomola le ditlokotsi tse ngata,+Mphe matla hape. Nnyolle botebong* ba lefatshe.+ 21  E se eka o ka kgutlisa seriti sa ka,O ntshireletse mme o ntshedise. 22  Ke tla o rorisa ka seletsa se dikgweleHobane o a tshepahala Modimo wa ka.+ Ke tla o binela dipina* tsa dithoriso ka harepa,Mohalaledi wa Iseraele. 23  Molomo wa ka o tla hweletsa ka thabo ha ke o binela dithoriso+Hobane o mpholositse.+ 24  Ke tla bua* ka diketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle.+ Ba batlang ho mphedisa ba tla hlajwa ke dihlong mme ba tlotlollehe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Inamela tlase o ntshekehele tsebe.”
Kapa: “di bala.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Kapa: “metsing a tebileng.”
Kapa: “o letsetsa mmino.”
Kapa: “nahanisisa.”