Exoda 20:1-26

  • Melao e Leshome (1-17

  • Ketsahalo e ileng ya tshosa Baiseraele (18-21)

  • Ditaelo tsa hore na ba rapele jwang (22-26)

20  Modimo a bua mantswe ana ohle+ a re:  “Ke nna Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ntlong ya bokgoba.+  O se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.+  O se ke wa iketsetsa setshwantsho kapa ntho le ha e le efe e tshwanang le ntho e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe.+  O se ke wa di inamela kapa wa di sebeletsa*+ hobane nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela,+ ya fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la diphoso tsa bontate ba bona, ho moloko wa boraro le moloko wa bone wa ba ntlhoileng.  Empa ke bontsha mosa* melokong e sekete ya ba nthatang mme ba mamela ditaelo tsa ka.+  O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla otla motho ya sebedisang lebitso la hae hampe.+  Hopola letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela.+  O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 10  empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao. O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe, wena kapa mora wa hao kapa moradi wa hao kapa lekgoba la hao la monna kapa la mosadi kapa phoofolo ya hao kapa moditjhaba wa hao ya dulang ka hara motse.*+ 11  Ka matsatsi a tsheletseng Jehova o ile a etsa mahodimo le lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona mme a phomola ka letsatsi la bosupa.+ Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha mme a etsa hore le halalele. 12  Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ e le hore o ka phela nako e telele naheng eo Jehova Modimo wa hao a o fang yona.+ 13  O se ke wa bolaya.+ 14  O se ke wa feba.+ 15  O se ke wa utswa.+ 16  O se ke wa bua leshano ha o tlo fana ka bopaki ka motho e mong.+ 17  O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong. O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong,+ lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong.”+ 18  Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma le modumo wa lenaka mme se bona lehadima le thaba e kubellang mosi. Ha setjhaba se utlwa se bile se bona dintho tsena, sa thothomela mme sa emella holenyana.+ 19  Setjhaba sa re ho Moshe: “Bua le rona re tla mamela empa Modimo a se ke a bua le rona hobane re tshaba hore re tla shwa.”+ 20  Moshe a re ho setjhaba: “Le se ke la tshoha hobane Modimo wa nnete o tlile ho tla le leka+ e le hore le nne le mo tshabe le tle le se ke la etsa sebe.”+ 21  Setjhaba sa nna sa emella holenyana empa Moshe a atamela haufi le leru le letsho moo Modimo wa nnete a neng a le teng.+ 22  Jehova a re ho Moshe: “Sena ke seo o tla se bolella Baiseraele, ‘Le bone hore ke buile le lona ke le lehodimong.+ 23  Le se ke la iketsetsa medimo ya silevera kapa ya kgauta+ hobane ha le a lokela ho ba le medimo e meng ntle ho nna. 24  Le nketsetse aletare ya mobu mme hodima yona le etse mahlabelo a lona a dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo a lona a kopanetsweng.* Le a etse ka dinku, dipodi le dikgomo. Ke tla tla ho lona dibakeng tsohle tseo ke tla kgetha hore ke rapelwe ho tsona*+ mme ke le hlohonolofatse. 25  Haeba le nketsetsa aletare ya majwe, le se ke la e haha ka majwe a betlilweng ka dithulusi+ hobane haeba le ka sebedisa tjhesele* ho yona, le tla e silafatsa. 26  Le se ke la hlwella aletareng ya ka ka ditepisi e le hore ditho tsa lona tse sephiring* di se ke tsa pepeseha hodima yona.’

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “wa susumelletseha ho di sebeletsa.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “mahlabelo a lona a ho etsa kgotso.”
Ka Seheberu: “tseo ke tla etsa hore lebitso la ka le hopolwe ho tsona.”
Thulusi ena e ne e sebedisetswa ho hohla le ho betla.
Ka Seheberu: “bofeela ba lona.”