Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 2

Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang

Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang

Batho ba bangata lefatsheng ba na le mathata a etsang hore ba dule ba tshohile, ba bile ba utlwile bohloko. Na o se o kile wa thulana le bothata bo etsang hore o ikutlwe ka tsela ee? Mohlomong o utlwile bohloko ka lebaka la ho kula, kapa ho na le motho eo o mo ratang ya hlokahetseng. O ka nna wa ipotsa, ‘Na dintho di tla ke di ntsamaele hantle bophelong?’ Bibele e araba potso eo ka tsela e kgotsofatsang.

1. Bibele e fana ka tshepo efe bakeng sa bokamoso?

Bibele e a hlalosa hore na ke hobaneng ha ho na le mathata a mangata hakana lefatsheng. Hape e re bolella ditaba tse monate tsa hore haufinyane mathata ana ohle a tla fela. Ditshepiso tseo re di fumanang ka Bibeleng di ka re “fa bokamoso le tshepo.” (Bala Jeremia 29:11, 12.) Ditshepiso tseo di re thusa hore re mamelle mathata ao re kopanang le ona le hore re dule re thabile hona jwale le nakong e tlang.

2. Bibele e re tshepisa bokamoso bo jwang?

Bibele e re tshepisa hore haufinyane “lefu ha le sa tla hlola le eba teng mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.” (Bala Tšenolo 21:4.) Mathata ao hona jwale a etsang hore batho ba ikutlwe ba se na tshepo, a kang bofutsana, ho hloka toka, ho kula le lefu a tla fela haufinyane. Bibele e tshepisa hore batho ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatsheng.

3. O ka kgodiseha jwang hore ditshepiso tse ka Bibeleng di tla fela di phethahale?

Batho ba bangata ba batla ho bona dintho di ba tsamaela hantle bophelong, empa ha ba a kgodiseha hore seo se tla ke se etsahale. Dintho tseo Bibele e re tshepisang tsona di fapane hole le seo. Re ka matlafatsa tumelo ya rona ho seo Bibele e se buang ka ho “hlahloba Mangolo ka hloko.” (Liketso 17:11) Ha o ntse o ithuta Bibele, o ka kgona ho iketsetsa qeto ya hore na o ka tshepa seo e se buang ka bokamoso kapa tjhe.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute tse ding tsa dintho tseo Bibele e di tshepisang mabapi le bokamoso mme o bone hore na tshepo eo Bibele e fanang ka yona e thusa batho jwang kajeno.

4. Bibele e tshepisa hore re ka phela ka ho sa feleng re se na mathata

Sheba ditshepiso tse latelang tse hlahang ka Bibeleng. Ke ditshepiso dife tseo o di ratang haholo? Ke hobaneng ha o rata tsona?

Bala mangolo a hlahang pela ditshepiso tseo ebe o nahanisisa ka dipotso tsena:

  • Na o nahana hore mangolo aa a o thusitse? Na o nahana hore a ka thusa ba lelapa le metswalle ya hao?

A ko nahane o se o phela lefatsheng leo

HO SENG HO SE MOTHO YA TLA. . . 

MOTHO E MONG LE E MONG A TLA . . 

  • utlwa bohloko, tsofala kapa ya tla hlokahala.​—Esaia 25:8.

  • bona ha batho bao a ba ratang ba tsoswa mme ba boela ba phela hape mona lefatsheng.​—Johanne 5:28, 29.

  • phela hantle a sa kule a bile a le mafolofolo jwalo ka botjheng.​—Jobo 33:25.

  • utlwa bohloko ka lebaka la ho nahana kapa ho hopola dintho tse bohloko.​—Esaia 65:17.

5. Ditshepiso tse ka Bibeleng di ka thusa batho

Batho ba bangata ba nyahame ebile ba utlwile bohloko ka lebaka la dintho tse bohloko tse etsahalang lefatsheng. Ba bang ba leka ka thata ho fetola dintho. Bala hore na ke jwang ditshepiso tse ka Bibeleng tsa hore dintho di tla loka di thusang batho ba bang ka teng. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke ho hloka toka ha mofuta ofe ho neng ho tshwenya mme Rafika?

  • Le hoja ho hloka toka ho neng ho mo tshwenya ho sa ka ha fela, Bibele e ile ya mo thusa jwang?

Ha re tshepa ditshepiso tseo re di balang ka Bibeleng mabapi le bokamoso re ka kgona ho hlola ho nyahama mme re tla thaba le ha re ntse re na le mathata. Bala Liproverbia 17:22 le Baroma 12:12 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Na o a dumela hore haeba o tshepa dintho tseo Bibele e di buang mabapi le bokamoso, seo se ka etsa hore o phele hantle hona jwale? Ke hobaneng ha o nahana jwalo?

BATHO BA BANG RE: “Ditshepiso tse ka Bibeleng tse buang ka bokamoso ke ditoro feela.”

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o ipatlele hore seo e leng nnete ke sefe?

KAKARETSO

Bibele e re fa tshepo mme e re thusa ho mamella mathata a re hlahelang ka ho re tshepisa bokamoso bo thabisang.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha batho ba lokela ho dula ba na le tshepo?

  • Bibele e rutang ka bokamoso?

  • Ho ba le tshepo ya hore dintho di tla loka nakong e tlang ho ka re thusa jwang hona jwale?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Utlwa hore na ho ba le tshepo ho ka o thusa jwang ha o na le mathata.

“Ke Hokae Moo o ka Fumanang Tshepo ya Sebele?” (Tsoha!, May 8, 2004)

Utlwa hore na ho ba le tshepo ka bokamoso ho ka thusa batho ba holofetseng jwang.

“Ho Phela ka Bolwetse bo sa Phekoleheng​—Na Bibele e ka Thusa?” (Sehlooho se websaeteng)

Ha o ntse o shebelletse video ena ya mmino, ipone o se o na le ba lelapa la hao lefatsheng le letjha la Paradeise leo Bibele e le tshepisitseng.

Nahana ka Lefatshe le Letjha (3:37)

Bala ka moo tshepo ya bokamoso eo Bibele e buang ka yona e ileng ya fetola bophelo ba motho e mong ya neng a lwanela ditokelo tsa botho.

“Ha ke sa Batla ho Fetola Lefatshe” (Molula-Qhooa, July 1, 2013)