Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 14

Kenyeletso ya Karolo ya 14

Bakreste ba mehleng ya Jesu ba ne ba ruta Lentswe la Modimo esita le dibakeng tse hole. Jesu o ile a ba bolella hore na ba rute dibakeng dife, hape ka mohlolo a etsa hore ba bue dipuo tsa batho bao ba ba rutang. Jehova o ile a ba thusa hore ba be sebete leha ba hloriswa.

Jesu o ile a bontsha moapostola Johanne kganya ya Jehova torong. Torong e nngwe Johanne o ile a bona Mmuso wa Modimo o fedisa puso ya Satane. O ile a bona Jesu e le Morena mme a e na le bao a tla busa le bona ba 144 000. Johanne o ile a boela a bona ha lefatshe lohle e ba paradeise mme batho bohle ba rapela Jehova ka kgotso.

KAROLONG ENA

THUTO YA 94

Barutuwa ba Amohela Moya o Halalelang

Moya o halalelang o ba fa matla a ho etsa mehlolo efe?

THUTO YA 95

Ho ne ho se Letho le ka Sitisang Baapostola

Baeta pele ba bodumedi ba ileng ba bolaya Jesu jwale ba batla hore barutuwa ba kgaotse ho bolela. Empa ba tswela pele ho bolela.

THUTO YA 96

Jesu o Kgetha Saule

Saule o hlorisa Bakreste, empa o haufi le ho fetoha.

THUTO YA 97

Korneliase o Amohela Moya o Halalelang

Ke hobaneng ha Modimo a romela Petrose ntlong ya monna eo e seng Mojuda?

THUTO YA 98

Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste

Moapostola Pauluse le barumuwa ba bang ba isa ditaba tse molemo dinaheng tse hole.

THUTO YA 99

Molebedi wa Teronko o Ithuta Lentswe la Modimo

Modemona, tshisinyeho ya lefatshe le lerumo di amana jwang paleng ee?

THUTO YA 100

Pauluse le Timothea

Banna bana ba babedi ba sebetsa mmoho e le metswalle le basebetsi mmoho ka dilemo tse ngata.

THUTO YA 101

Pauluse o Iswa Roma

Leeto le na le mathata, empa ha ho na bothata bo sitisang moapostola enwa.

THUTO YA 102

Dintho Tseo Johanne a di Boneng

Jesu o mo bontsha dipono tse ngata tsa dintho tse tla etsahala nakong e tlang.

THUTO YA 103

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

Dintho tseo Johanne a di boneng di bontsha kamoo Mmuso wa Modimo o tla fetola bophelo lefatsheng.