Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sephetho

Sephetho

Na o hopola dinako tse monate tseo o neng o di thabela ha o le hara batho ba Jehova tse kang, diboka tse kgothatsang, kopano e monate, dintho tse monate tse neng di etsahala tshimong kapa moqoqo o monate le badumedi mmoho le wena? Haeba ho jwalo, ha o e so lebale Jehova mme le yena ha aa o lebala. O ntse a hopola kamoo o neng o mo sebeletsa ka botshepehi kateng. Ke ka hona a ikemiseditseng ho o thusa hore o kgutlele ho yena.

Jehova o re: “Ke tla batla dinku tsa ka mme ke di hlokomele. Ho ya ka tlhokomelo ya ya fepang mohlape wa hae letsatsing la ha a le ka hara dinku tsa hae tse hasantsweng hohle, ke tsela eo ke tlang ho hlokomela dinku tsa ka ka yona; mme ke tla di lopolla dibakeng tsohle tseo di hasantsweng ho tsona.”​—Ezekiele 34:11, 12.