Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Manuel Reino Berengui/DeFodi Images via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

Na ka Nnete Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe di ka Momahanya Batho?—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Na ka Nnete Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe di ka Momahanya Batho?—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ho lebeletswe hore batho ba ka bang dibilione tse hlano, ba shebelle Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe tsa FIFA tse qadileng ka la 20 November tse tla fela ka la18 December 2022. Batho ba bangata ba nahana hore dipapadi tsena di ka etsa ho fetang feela hore ba ikutlwe ba momahane ha ba ntse ba di shebeletse.

  •   Mopresidente wa mehleng wa Afrika Borwa Nelson Mandela, o ile a re: “Dipapadi di na le matla a ho fetola lefatshe. Di na le matla a ho kgothatsa. Di kgona ho kopanya batho ka tsela e kgethehileng.”

  •   Mopresidente wa FIFA a Gianni Infantino o re: “Papadi ya bolo . . . e momahanya batho hobane e etsa hore ba ikutlwe ba thabile, ba rata batho ba bang le ho etsa hore ba utlwe ho ena le ntho eo ba tshwanang ka yona.”

 Na Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe kapa dipapadi ka kakaretso di ka etsa hore batho ba ikutlwe ka tsela ee? Na momahano le kgotso di ka ba teng?

Na ka nnete di etsa hore re momahane?

 Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe tsa selemong sena di entse hore batho ba se ke ba nahana ka papadi ya bolo feela. Dipapadi tsena di entse hore batho ba qale ho bua ka dipolotiki, ditokelo tsa botho, kgethollo le bothata ba ho se patalwe ka ho lekana mosebetsing le hoja ba etsa mosebetsi o tshwanang.

 Le ha ho le jwalo, batho ba ntse ba thabela ho shebella Dipapadi Tsa Mohope wa Lefatshe. Le hoja batho ba batla hore dipapadi di ba momahanye, ha di ba momahanye ka ho feletseng. Ho ena le hoo, ba bontsha botho bo kgothaletsang dikarohano boo Bibele e ileng ya re bo tla bonahatswa “mehleng ya bofelo.”​—2 Timothea 3:1-5.

Ntho e ka etsang hore re momahane e le ka nnete

 Bibele e bontsha hore re ka momahana e le ka nnete. E tshepisa hore batho bohle ba tla momahana mmusong wa lehodimo o bitswang “Mmuso wa Modimo.”​—Luka 4:43; Matheu 6:10.

 Morena wa Mmuso oo e leng Jesu Kreste, o tla etsa bonnete ba hore ho na le kgotso lefatsheng lohle. Bibele e re:

  •   “Ba lokileng ba tla eketseha, kgotso e tla ba ngata.”​—Pesaleme ya 72:7.

  •   “O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso . . . O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”​—Pesaleme ya 72:12, 14.

 Dithuto tsa Jesu di momahantse batho ba dimilione dinaheng tse 239 kajeno. Ba ithutile ho rata batho ba bang. E le hore o ithute ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo.”

a Mokgatlo wa papadi ya bolo ya maoto wa lefatshe lohle o bitswang Fédération Internationale de Football Association.