Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?

Eba le Boikutlo bo Nepahetseng ka Bophelo

Eba le Boikutlo bo Nepahetseng ka Bophelo

MAFU A SA FOLENG LE BOKOWA, DI KA AMA BOPHELO BA RONA HAHOLO. Monna e mong ya bitswang Ulf ya neng a phetse hantle a bile a le mafolofolo, o ile a shwa ditho tsa mmele. O re: “Ke ne ke tepelletse maikutlo. Ke se na matla ke bile ke felletswe ke tshepo . . . Ke ne ke ikutlwa ‘ke se na thuso.’”

Se etsahalletseng Ulf, se re hopotsa hore ha hona motho ya ka laolang bophelo ba hae ka ho felletseng. Le ha ho le jwalo, re ka nka mehato e itseng e tla re thusa ho qoba ho kula. Empa ho thweng haeba bophelo bo ntse bo mpefala le ho feta? Na seo se bolela hore ha re sa tla hlola re thaba hohang bophelong? Le letho! A re ke re boneng hore na ke jwang re ka fumanang thabo. Re tla qala pele ka ho hlahloba melaomotheo e meng e tla re thusa ho ba le bophelo bo botle.

EBA YA ‘‘ITEKANETSENG MEKGWENG.’’ (1 Timothea 3:2,  11) Ho ja kapa ho nwa ho feta tekano, ho kotsi bakeng sa bophelo ba rona ebile ho re senyetsa le tjhelete. “O se ke wa ba hara ba nwang veine haholo, hara ba jang nama ka bonyollo. Etswe letahwa le monyollo ba tla futsaneha.”—Liproverbia 23:20, 21.

O SE KE WA SILAFATSA MMELE WA HAO. “A re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya.” (2 Bakorinthe 7:1) Batho ba silafatsa mmele ya bona ka ho tsuba, ho sebedisa dithethefatsi le ho nwa jwala haholo. Ka mohlala, lefapha la tsa bophelo bo botle le bitswang U.S Centers for Disease Control and Prevention, le re ho tsuba “ho ka re kudisa, ha re holofatsa ha ba ha re lematsa le ditho tsa mmele.”

TADIMA MMELE LE BOPHELO E LE MPHO YA BOHLOKWA. “Ka [Modimo] re na le bophelo mme re a sisinyeha mme re teng.” (Liketso 17:28) Ho ananela taba ena, ho tla re thusa ho qoba ho ipeha kotsing ho sa hlokahale, ebang re mosebetsing, re a kganna kapa re kgetha boithabiso. Ha ho thuse letho ho thabela monate wa nakwana ebe ka mora moo o phela o holofetse!

LAOLA MAIKUTLO A FOSAHETSENG. Kelello le mmele di a sebedisana. Ka hoo, qoba dintho tse kang ho ngongoreha ho sa hlokahale, bohale bo sa laoleheng, ho se kgotsofalle dintho tseo o nang le tsona le maikutlo a mang a kotsi. Pesaleme ya 37:8 e re: “Tlohela bohale mme o lese kgalefo.” Bibele e boetse e re: “Le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etswe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona.”—Matheu 6:34.

EBA LE MENAHANO E NEPAHETSENG KA MEHLA. Liproverbia 14:30 e re: “Pelo e nang le kgutso ke bophelo ba sebopuwa sa nama.” Bibele e boetse e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liproverbia 17:22) Borasaense le bona ba dumellana le keletso ena ya Bibele. Doctor e nngwe ya Scotland e ile ya re: “Ho bonahala hore ha o dula o thabile, o tla qoba mafu a mangata a tshwarang batho ba sa thabang.”

EBA LE MAMELLO. Jwalo ka Ulf eo re seng re buile ka ena qalong, le rona re ka nna ra tlameha ho mamella teko e phehellang. Le ha ho le jwalo, re ntse re ka fumana ditsela tsa ho mamella. Batho ba bang ba lahla tshepo ebile ba a nyahama, e leng se etsang hore ba tetebele le ho feta. Liproverbia 24:10 e re: “Na o iponahaditse o nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.”

Ha e le batho ba bang bona, ba kgona ho hlaphohelwa le ka mora hore ba ikutlwe ba nyahame. Lebaka ke hore ba amohela boemo ebile ba fumana ditsela tsa ho bo mamella. Ulf o entse sona seo. O re ka mora hore a rapele le ho nahanisisa ka keletso ya Bibele e mabapi le boemo ba hae, o ile a “qala ho ba le pono e nepahetseng ka dintho.” Feela jwalo ka batho ba bangata ba kopanang le diteko tse boima, Ulf le yena o ithutile thuto ya bohlokwa ya ho ba le kutlwelobohloko le ho nahanela. Thuto ena e ile ya mo susumelletsa ho buisana le ba bang ka molaetsa wa Bibele o kgothatsang.

Steve le yena ke e mong wa batho ba ileng ba sebetsana le boemo bo boima. Ha a le dilemo di 15, o ile a fumana kotsi e ileng ya etsa hore a holofale ho tloha molaleng ho ya tlase. Nakong eo a neng a le dilemo di 18, o ne a se a sa kgone ho sebedisa matsoho a hae. Ha a fihla yunivesithi, o ile a qala ho sebedisa dithethefatsi, ho nwa jwala le ho kenella boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano. O ne a se a lahlile tshepo. Empa ho ithuta Bibele ho ile ha mo thusa ho ba le pono e fapaneng le eo a neng a na le yona ka bophelo. E ile yaba ya etsa hore a fetole mekgwa ya hae e mebe. O re: “Ho na jwale ke na le kgotso, ke thabile ebile ke kgotsofetse, e leng boikutlo boo ke neng ke se na bona pele ke ithuta Bibele.”

Dintlha tseo Steve le Ulf ba buileng ka tsona, di re hopotsa mantswe a ho Pesaleme ya 19:7, 8, a reng: “Molao wa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moya. . . . Ditaelo tse tswang ho Jehova di lokile, di thabisa pelo; taelo ya Jehova e hlwekile, e etsa hore mahlo a kganye.”