Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NTLHA YA 5

Bohlokwa ba ho Tataisa Ngwana

Bohlokwa ba ho Tataisa Ngwana

KE BO MANG BA LOKELANG HO TATAISA BANA?

Bana ba hloka ho fuwa tataiso mme batswadi ke bona ba lokelang ho ba tataisa. Le ha ho le jwalo, batswadi ba bang le bona ba ka tataisa ngwana wa hao.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE BATSWADI BA TATAISE BANA?

Dibakeng tse ngata, batjha ha ba qete nako e ngata ba e na le batho ba baholo. Nahana ka sena:

  • Bana ba qeta nako e ngata ba le sekolong, e leng moo bana ba leng bangata ho feta matitjhere.

  • Ha sekolo se tswa ba kgutlela hae, ba fihla batswadi ba le siyo ba le mosebetsing.

  • Thuto e nngwe e bontsha hore naheng ya United States, bana ba dilemo tse ka bang 8 ho isa ho tse 12 ba qeta nako e ngata ba sebedisa disebediswa tsa elektronike. *

Buka ya Hold On to Your Kids e re: “Batjha ba kopa tataiso ho dithaka tsa bona, ho e na le hore ba e kope ho batho ba baholo.”

O KA TAITAISA BANA BA HAO JWANG?

Qeta nako e ngata le bana ba hao.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—Liproverbia 22:6.

Ka tlhaho bana ba batla hore batswadi ba ba tataise. Ha e le hantle, ditsebi di re esita le batjha ba ntse ba batla hore batswadi ba bona ba ba eletse ho e na le hore ba batle dikeletso ho dithaka tsa bona. Bukeng ya You and Your Adolescent, Dr. Laurence Steinberg o re: “Batswadi ke bona ba nkang karolo e kgolo tseleng eo bana ba itshwarang ka yona ha ba kena botjheng, le ha ba se ba hodile. O ekelletsa ka hore, le hoja batjha ba ke ke ba dumellana le wena ka mehla ha o ba eletsa, empa ba batla ho tseba hore na o nahanang, ebile ba batla ho mamela seo o tla se bua ho bona.”

Motswadi o lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang e le hore a tataise ngwana wa hae, hobane ka tlhaho ngwana, o batla hore motswadi a mo tataise. Qeta nako e ngata le bana ba hao, mme o ba jwetse hore na o ikutlwa jwang, o nahana jwang ka taba e itseng, keng e bohlokwa ho wena le hore na o ithutileng bophelong.

Batla motho ya tla thusa ngwana wa hao.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”​—Liproverbia 13:20.

Na o ka batlela ngwana wa hao motho ya hodileng ya tla mo kgothatsa? Na o ka etsa tokisetso ya hore motho eo a qete nako le ngwana wa hao? Ho etsa sena ha ho bolele hore o batla motho ya tla o hlokomella ngwana. Empa o tla be o batla motho eo o mo tshepang le ya ke keng a ntsha ngwana wa hao kotsi hore a o thuse ho kgothatsa ngwana wa hao. Bibele e ya bontsha hore Timothea, le hoja a ne a se a hodile, o ile a fumana molemo o moholo setswalleng seo a neng a na le sona le moapostola Pauluse mme le Pauluse ka tsela e tshwanang o ile a fumana melemo setswalleng seo.​—Bafilipi 2:20, 22

Kajeno malapa ha a sa dula ha mmoho ntlong e le nngwe kapa sebakeng se le seng, empa hangata ba malapa ba kang bo malome, bo rakgadi, bo nkgono le bo ntatemoholo ba se ba dula dinaheng tse ding. Haeba le wena o boemong bo jwalo, leka ho thusa bana ba hao, ka ho ba batlela menyetla ya ho ithuta bathong ba bang ba etsang dintho tse ntle tseo o batlang hore le bona ba di etse.

^ par. 9 Thuto e bontsha hore batjha ba qeta dihora tse ka bang 9 ka letsatsi ba sebedisa disebediswa tsa elektronike. Dipatlisiso tsena ha di akarelletse nako eo ba e qetang ba etsa mosebetsi wa sekolo ka disebediswa tseo.

Maranda o re: “ Bana ba ka ba holetse moo ho nang le batho ba bangata ba boholo mme sena se ile sa ba thusa hore ba ithute dintho tse ngata ho bona. Ka mohlala, Ba ne ba hlolletswe haholo ha nkgono wa bona a ba qoqela hore ha a ntse a le monyane lelapa la bona ke lona la pele la ho ba le lebone la motlakase. O boetse o re batho ba ne ba tla habo mme ba eme ka kitjhineng, e le hore ba shebelle ha lebone le tingwa le ha le laetwa. Pale eo e ile ya ba bontsha hore bophelo bo ne bo fotohile ha bo bapiswa le ba hona jwale. Ho mamela pale ya nkgono wa bona, ho ile ha ba thusa hore ba mo hlomphe ba be ba hlomphe le batho ba bang ba hodileng. Ha bana ba qeta nako e ngata le batho ba baholo eseng dithaka tsa bona, ba tla sheba dintho ka leihlo le leng.”