Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla Dintlha Kaofela

Batla Dintlha Kaofela

Bothata

Hangata kgethollo e bakwa ke ho fumana dintlha tse fosahetse. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bahiri ba bang ba dumela hore batho ba bo Mme ba ke ke ba kgona ho sebetsa ka dintho tse batlang tsebo e ngata, matla kapa bohlale.

  • Medieval Europe, Bajuda ba ne ba qoswa ka hore ba tshela tjhefu ka di dibeng ebile ba tla ka mafu a mangata. Nakong eo Manazi a neng a busa ka yona, ho ile ha boela ha buuwa mashano ka Bajuda , empa lekgetlong lena ba ne ba qoswa ka ho baka mathata moruong wa naha wa Germany. Dintho tsena di ile tsa etsa hore batho ba kgetholle Bajuda ho fihlela le kajeno lena.

  • Batho ba bangata ba re motho ya nang le bokowa ha a thaba.

Batho ba dumela mashano ao e le mohlala wa hore ba buelle kgethollo eo ba nang le yona mme ba nahana hore motho e mong le e mong ya sa dumellaneng le bona o iphapanyetsa nnete.

Molaomotheo wa Bibele

‘Ha se ntho e ntle hore motho a se ke a ba le tsebo.’​—LIPROVERBIA 19:2.

Seo e se bolelang, ha re sa tsebe dintlha kaofela re etsa diqeto tse fosahetseng. Ka hoo haeba re dumela mashano ho e na le ho dumela nnete, re tlo etsa diqeto tse fosahetseng ka batho.

Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Tseba nnete?

Haeba re tseba nnete ka batho ba bang, re ke ke ra dumela mashano ao batho ba bang ba a buang ka bona. Ha re hlokomela hore dintho tseo batho ba bang ba di buang ka batho ka ba bang ha di a nepahala, re ke ke ra batla ho etsa se tshwanang empa rona re tla batla ho tseba nnete ka bona.

Seo o ka se Etsang

  • Batho ba bangata ba ka nna ba bua dintho tse mpe ka sehlopha se itseng sa batho. Empa hopola hore ha se batho kaofela sehlopheng seo ba jwalo.

  • O hopole hore ha o tsebe dintho tse ngata ka batho bao.

  • Leka ho fumana dintlha tse nepahetseng.