Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Modimo ya bakang dintho tse bohloko tse etsahalang?

Bibele e Reng?

Bibele e Reng?

Na ke Modimo ya re bakelang mathata?

Wena o ka reng?

  • Ee

  • Tjhe

  • Mohlomong

Seo Bibele e se buang

“Ho ke ho be hole le Modimo wa nnete hore a sebetse bokgopo, le hore Ya Matla Ohle a sebetse ka mokgwa o hlokang toka!” (Jobo 34:10) Hase Modimo ya bakang mahlomola ao re a bonang lefatsheng.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Batho ba bangata ba utlwa bohloko hobane Satane Diabolose ke yena “mmusi wa lefatshe” lena.​—Johanne 14:30.

  • Bobe le bokgopo bo atileng mehleng ena bo tliswa ke diqeto tse fosahetseng tseo batho ba di etsang.​—Jakobo 1:14, 15.

Na ho na le mohla dintho tse bohloko di tla ke di fele?

Batho ba bang ba dumela hore batho ba ka kgona ho fedisa dintho tse bohloko haeba ba ka sebetsa hammoho, athe ba bang bona ha ba dumele hore dintho di sa tla ke di loke. Wena o reng?

Seo Bibele e se buang

Modimo o tla fedisa dintho tse bohloko. “Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšenolo 21:3, 4.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Modimo o tla sebedisa Jesu ho fedisa mathata ohle a bakilweng ke Diabolose lefatsheng.​—1 Johanne 3:8.

  • Batho ba lokileng ba tla phela ka kgotso ka ho sa feleng lefatsheng.​—Pesaleme ya 37:9-11, 29.