Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Nepahetse Dinthong Tsohle

Bibele e Nepahetse Dinthong Tsohle

Ho tloha kgale, haesale batho ba tswang ditsong tse fapaneng ba nka Bibele e le buka e nepahetseng dinthong tsohle. Kajeno batho ba dimillione ba sebedisa keletso ya yona. Empa ba bang ba e nka e le buka e se nang thuso le ya ditshomo. Wena o nahanang ka taba ena? Na o ka tshepa seo Bibele e se buang?

KE HOBANENG HA O LOKELA HO TSHEPA BIBELE?

Keng e ka o thusang hore o tshepe Bibele? Nahana ka mohlala ona, haeba o na le motswalle eo o mo tsebileng ka dilemo tse ngata mme o dula a o bolella nnete, ho ka ba bonolo hore o dule o mo tshepa. Na Bibele e dula e o bolella nnete jwalo ka motswalle ya tshepahalang? Ela hloko dintlha tse latelang.

Bangodi ba Yona ba ne ba Bua Nnete

Bangodi ba Bibele ba ne ba bua nnete, ebile hangata ba ne ba ngola le diphoso tseo ba neng ba di etsa. Ka mohlala, Moprofeta Jonase o ile a ngola hore ha a ka a mamela Modimo. (Jonase 1:1-3) Ha e le hantle, ha a qetella ho ngola lengolo la hae, o ile a bua ka moo Jehova a ileng a mo kgalemela ka teng, le ha ho le jwalo, ka ha o ne a sa ipatlele thoriso, ha a ka a hlalosa ka moo kgalemelo eo e ileng ya mo tswela molemo ka teng. (Jonase 4:1, 4, 10, 11) Tsela eo bangodi ba Bibele ba e ngotseng ka teng, e bontsha hore ba ne ba amehile haholo ka ho bua nnete.

E Fana ka Dikeletso Tse Sebetsang

Na Bibele e dula e fana ka dikeletso tse sebetsang? Ho jwalo, ka mohlala, hlokomela ka moo Bibele e re thusang ka teng hore re dule re ena le kamano e ntle le batho ba bang, e re: “Ka hona, dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tshwanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) “Karabo ha e le bonolo, e leleka kgalefo, empa lentswe le utlwisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Dikeletso tseo Bibeleng e fanang ka tsona di ntse di sebetsa le kajeno.

E Nepahetse Ditabeng Tsa Histori

Batho ba epollang dintho tsa kgale ba fumane hore Bibele e nepahetse ha e bua ka dibaka, batho le diketsahalo tse neng di etsahala nakong e fetileng. Ka mohlala, ha re bueng ka ketsahalo e ileng ya etsahala nakong e fetileng. Bibele e re mehleng ya Nehemia, Bafoenisia ba neng ba dula Jerusalema ba ne “ba tlisa ditlhapi le thepa e rekiswang ya mofuta o mong le o mong.”​—Nehemia 13:16.

Na ho na le bopaki bo tshehetsang temana ena? Eya, bo teng. batho ba epollang dintho tsa kgale ba ile ba fumana thepa ya Bafoenisia Jerusalema, e leng se bontshang hore dinaha tseo tse pedi di ne di rekisetsana thepa. Ho feta moo, ha ho ntse ho epollwa Jerusalema, ho ile ha fumanwa masapo a tlhapi ya lewatle la Mediterranean. Ho dumelwa hore ho ne ho ena le bahwebi ba rekisang tlhapi moo. Ka mora ho hlahlobisisa taba ena, seithuti se seng se ile sa re: “Tlaleho e hlahang ho Nehemia 13:16 ya hore Batyre ba ne ba rekisa tlhapi Jerusalema ke nnete.”

E Nepahetse Ditabeng Tsa Saense

Bibele ke buka ya bodumedi le ya history. Empa e boetse e dumellana le saense ditabeng tse nepahetseng. Ela hloko mohlala o latelang.

Bibele e boletse dilemo tse 3 500 tse fetileng hore lefatshe le leketlile “hodima lefeela.” (Jobo 26:7) Sena se fapane hole le ditumelakgwela tseo batho ba di dumelang tsa hore lefatshe le dutse hodima metsi a mangata kapa le dutse hodima sekolopata se seholo. Ka mora dilemo tse 1 100, ka mora hore buka ya Jobo e ngolwe, batho ba ile ba nna ba tswela pele ba dumela hore e tlameha ebe lefatshe le itshetlehile ka ntho e itseng. Ho ile ha feta dilemo tse 300 yaba ka 1687, Isaac Newton o ile a etsa dipatlisiso yaba o fumana hore lefatshe le na le matla a kgohedi a etsang hore le dikolohe moyeng. Tlaleho ena e hlollang ya saense e dumellana le seo Bibele e ileng ya se bua dilemo tse 3 000 tse fetileng!

E Nepahetse Ditabeng Tsa Boprofeta

Bibele e nepahetse ha kae ditabeng tsa boprofeta? Nahana ka mohlala ona: Boprofeta ba Esaia ba ho wa ha Babylona.

Boprofeta: Dilemong tsa bo 732 B.C.E., mongodi e mong wa Bibele e leng Esaia o ile a re Babylona eo e neng e tla ba motse o moholo, e ne e tla fediswa mme ho ne ho ke ke ha hlola ho eba le baahi ba tla dula moo. (Esaia 13:17-20) Esaia o ile a ba a bua hore monna ya neng a tla timetsa Babylona e ne e tla ba Cyruse. O ile a ba a bolela hore o ne a tla sebedisa mokgwa ofeng, o ile a re o tla “pshesa” dinoka tsohle tsa teng. Hape o ile a re diheke tsa motse di ne di tla siuwa di butswe.​—Esaia 44:27–45:1.

Ho Phethahala ha Bona: Ka mora dilemo tse 200 boprofeta ba Esaia bo ngotswe, morena wa Persia o ile a hlasela Babylona, lebitso la hae e ne e le Cyruse. Ka lebaka la hore ho ne ho le thata ho kena motseng wa Babylona, Cyruse o ile a kena a sebedisa noka ya Eufrate. Bahlanka ba Cyruse ba ile ba tjheka foro hore metsi a fokotsehe. Sena se ile sa etsa hore masole a Persia a kgone ho tshela noka. Ntho e makatsang ke hore letsatsing leo Bababylona ba ne ba siile diheke tsa motse tse neng di shebane le noka di butswe. Lebotho la sesole la Cyruse le ile la kena Babylona mme la e fedisa.

Le ha ho le jwalo, potso e ya sala, na Babylona e ile ya dula e sena baahi? Ho ile ha eba le batho ba dulang teng dilemo tse seng kae ka mora hore e timetswe. Empa kajeno, marako a Babylona a pela Baghdad, Iraq a bontsha bopaki ba hore boprofeta ba Bibele bo phethahetse. Boprofeta ba Bibele bo nepahetse le ha bo bua ka dintho tse tla etsahala nakong e tlang.