Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba rapelle Mmuso wa Modimo hore o tle. Hobane o ne a tseba hore dintho tse mpe tse etsahalang ha se thato ya Modimo le hore ke Mmuso wa Modimo feela o tla lokisa mathata a teng lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng?

SEO MMUSO WA MODIMO O SENG O SE ENTSE

Sehloohong se fetileng, re ile ra bua ka dintho tseo Jesu a ileng a re di tla etsahala. Dintho tseo di bontsha ka ho hlaka hore Mmuso wa Modimo o se o busa lehodimong le hore Morena wa wona ke Jesu Kreste.

Bibele e re ha Jesu a qeta ho fuwa matla, o ile a leleka Satane le bademona ba hae lehodimong. Hona jwale, Satane le bademona ba hae ba se ba busa lefatsheng ke ka hona ho ileng ha etsahala dintho tse mpe ho tloha ka 1914.​—Tshenolo 12:7, 9.

Le hoja maemo a lefatshe a ntse a mpefala, Jesu e leng Morena wa Mmuso wa Modimo, ho na le ho hong hoo a ho entseng ho thusa batho. Ka lebaka la hore lefatsheng lohle ho etswa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, batho ba bangata ba ithuta le ho sebedisa melaomotheo ya Bibele bophelong ba bona. (Esaia 2:2-4) Batho ba bangata ba ithutile ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng, ba bang ba ntlafaditse bophelo ba malapa a bona mme ba etsa diqeto tse nepahetseng ha ho tluwa tabeng ya maruo. Batho bana ba ithuta ho ntlafatsa bophelo ba bona hona jwale mme eba mofuta wa batho bao Modimo a batlang hore ba phele tlasa Mmuso wa hae.

MMUSO WA MODIMO O TLA ETSA ENG NAKONG E TLANG?

Le hoja Jesu a busa lehodimong, mebuso ya batho yona e ntse e busa lefatsheng. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a laela Jesu a re: “Qala ho busa hara dira tsa hao.” (Pesaleme ya 110:⁠2) Haufinyane, Jesu o tla timetsa batho bohle ba mo hanyetsang mme o tla fedisa mathata ohle a batho ba batlang ho mamela Modimo.

Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla etsa dintho tse latelang

  • O tla fedisa madumedi a leshano. Bibele e tshwantsha madumedi a leshano le mosadi wa seotswa. Madumedi a rutang leshano le ho etsa hore bophelo ba batho bo be thata, Modimo o tla a fedisa. Ha madumedi ana a fediswa, sena se tla makatsa batho ba bangata.​—Tshenolo 17:15, 16.

  • O tla fedisa mebuso ya batho. Mmuso wa Modimo o tla nka kgato, o fedise mebuso ya batho kaofela.​—Tshenolo 19:15, 17, 18.

  • O tla fedisa batho ba kgopo. Ho tla etsahalang ka batho ba etsang dintho tse mpe le ba sa batleng ho buswa ke Mmuso wa Modimo? “Ha e le ba kgopo, ba tla fediswa lefatsheng.”​—Diproverbia 2:22.

  • Satane le bademona ba hae ba tla fediswa. Satane le bademona ba hae ha ba sa tla hlola ba kgona ho “kgelosa ditjhaba.”​—Tshenolo 20:3, 10.

See se tla bolela eng ho bohle ba batlang ho buswa ke Mmuso wa Modimo?

MMUSO WA MODIMO O TLA ETSETSA BATHO ENG?

Jesu o tla busa a le lehodimong mme o tla re busa ka tsela eo motho a neng a ke ke a kgona ho re busa ka yona. O tla busa le ba 144 000 ba kgethilweng lefatsheng. (Tshenolo 5:9, 10; 14:1, 3) O tla etsa bonnete ba hore thato ya Modimo e ya etsahala lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng?

  • O tla fedisa ho kula le lefu. “Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula,’” mme “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.”​—Esaia 33:24; Tshenolo 21:4.

  • O tla tlisa kgotso ya sebele le tshireletseho. “Kgotso ya bara ba hao e tla ba ngata” mme “e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha eba le ya etsang hore ba thothomele.”​—Esaia 54:13; Mikea 4:4.

  • Batho ba tla thabela mosebetsi. “Ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo. Ba ke ke ba sehlela lefeela.”​—Esaia 65:22, 23.

  • O tla hlwekisa tikoloho. “Lefeella le sebaka se se nang metsi di tla thaba, le thota ya lehwatata e tla thaba mme e thunye jwalo ka safrone.”​—Esaia 35:1.

  • O tla ruta batho hore na ba lokela ho etsang e le hore ba phele ka ho sa feleng. “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Modimo o batla hore o thabele ho bona ha ditshepiso tsa hae di phethahala. (Esaia 48:18) Sehlooho se latelang, se tla bua ka hore na keng seo o lokelang ho se etsa hona jwale e le hore o thabele ho bona ha ditshepiso tsa Modimo di phethahala.