Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Hloka Lefatshe le se Nang Mathata

Re Hloka Lefatshe le se Nang Mathata

Mongodi kakaretso wa Matjhaba a Kopaneng António Guterres o ile a re: “Re phela lefatsheng le tletseng mathata.” Na o dumellana le yena?

Ditabeng ho hlaha dintho tse re nyahamisang tse kang:

  • Mafu a sewa le malwetse

  • Dikoduwa tsa tlhaho

  • Bofutsana le tlala

  • Ho silafala ha tikoloho le ho fetoha ha maemo a lehodimo

  • Bokebekwa, merusu le bobodu

  • Dintwa

Re hloka lefatshe le se nang mathata, moo ho tla ba le:

  • Bophelo bo botle

  • Tshireletseho

  • Dijo tse ngata

  • Tikoloho e hlwekileng

  • Toka

  • Kgotso

Lefatshe le se nang mathata ke le jwang?

Ho tla etsahalang ka lefatshe leo re phelang ho lona hona jwale?

Ke eng seo re ka se etsang e le hore re phele lefatsheng le molemo?

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e na le ditemana tsa Bibele tse tla araba dipotso tsena le tse ding.