Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Hlohonolofatswe ho ba le Kelello ha Hao”

“Ho Hlohonolofatswe ho ba le Kelello ha Hao”

MANTSWE ana a ka hodimo a ne a buuwa ke Davida wa Iseraele ya boholoholo ha a ne a rorisa mosadi eo a neng a kopane le yena. Lebitso la mosadi eo e ne e le Abigaile. Keng e ileng ya etsa hore Davida a mo rorise, hona re ka rua molemo jwang mohlaleng wa hae?

Davida o kopane le mosadi enwa ya nyetsweng nakong eo a neng a baleha Morena Saule. Abigaile o ne a nyetswe ke Nabale, e leng monna wa morui ya neng a fudisa mohlape wa hae o moholo wa dinku sebakeng se ka borwa ho Juda se nang le dithaba. Ha Davida le banna ba hae ba hlokometse badisa le mehlape ya Nabale, ba ile ba ba jwaloka ‘lerako ho ba potoloha.’ Hamorao Davida o ile a romela bahlanka ba hae ho Nabale ho ya kopa ‘eng kapa eng feela eo letsoho la Nabale le ka e fumanang,’ le ha e ne e ka ba dijo. (1 Sam. 25:8, 15, 16) Ho latela ka tsela eo Davida le banna ba hae ba ileng ba sireletsa badisa le mehlape ya Nabale ka yona, ho ne ho utlwahala hore na ke hobaneng ha Davida a ne a kopa thuso ho Nabale.

Lebitso la Nabale le bolela “Ya se Nang Kelello” kapa “Setlatla” mme lebitso leo le ne le tshwanela diketso tsa hae. O ile a rohaka Davida a halefile mme a hana ho mo fa dijo. Ka lebaka leo Davida o ile a itokisetsa ho ya bolaya Nabale le monna e mong le e mong wa lelapa la hae. Ruri Nabale o ne a tla kotula seo a se jetseng!1 Sam. 25:2-13, 21, 22.

Eitse ha Abigaile a hlokomela tlokotsi e larileng ka pele, ka sebete o ile a nka kgato ho lokisa phoso eo monna wa hae a e entseng. Ka tlhompho o ile a ipiletsa ho Davida hore a se ke a senya kamano ya hae le Jehova. Abigaile o ile a fa Davida, eo e neng e tlo ba morena, dijo tse ngata hammoho le banna ba hae. Davida o ile a hlokomela hore Jehova o sebedisitse Abigaile ho mo thibela hore a se ke a etsa ntho e neng e tla etsa hore a be le molato ka pela Modimo. O ile a re ho Abigaile: “Ho hlohonolofatswe ho ba le kelello ha hao, mme ho hlohonolofatswe wena ya nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong wa madi.”1 Sam. 25:18, 19, 23-35.

Ha re batle ho ba batho ba sa ananeleng dintho tse ntle tseo ba bang ba re etsetsang tsona jwaloka Nabale. Ho ekeletsa moo, ha re bona ho hlaha boemo bo ka bakang diqabang, re tla be re etsa hantle haeba re nka kgato e loketseng ho bo lokisa. Le rona re ikutlwa jwaloka mopesaleme ya ileng a re ho Modimo: “Nthute molemo, ho ba le kelello le tsebo.”Pes. 119:66.

Ba bang ba ka kgahlwa ke diketso tsa rona tse bontshang hore re bohlale ebile re na le kelello. Ho sa tsotellehe hore na ba a re bolella kapa tjhe, ho ka etsahala hore ba ikutlwa ka tsela eo Davida a neng a ikutlwa ka yona ha a ne a re: “Ho hlohonolofatswe ho ba le kelello ha hao.”