Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 64

Ho Kotula ka Thabo

Ho Kotula ka Thabo

(Matheu 13:1-23)

  1. 1. Re phela nakong ya kotulo,

    Mme re thabiswa ke sena.

    Kotulo ke ya rona bohle,

    Re bolele ka tjheseho.

    Ke Kreste ya beileng mohlala,

    Ka ho re bulela tsela,

    Ke tlotla e kgolo eo r’e filweng.

    A re kotuleng ka thabo.

  2. 2. Lerato la baahelani

    Ruri le’a re susumetsa.

    Re kotule re potlakile,

    Bofelo bo atametse.

    Re thabile mme re motlotlo,

    Ka mpho e tswang ho Jehova.

    Re mamelleng mosebetsing ona,

    Modimo o tla re putsa.