Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 90

Le Kgothatsane

Le Kgothatsane

(Baheberu 10:24, 25)

  1. 1. A re kgothatsaneng kamehla

    Ho sebeletsa Jehova,

    Lerato la rona le tiye;

    Re tle re fumane kgotso.

    Rato la batho ba Modimo

    Le re kgothatsa haholo.

    Mme phutheho ke setshabelo,

    Sa rona kamehla yohle.

  2. 2. Polelo e tlileng ka nako

    E re kgothatsa haholo!

    Re fumana le matshediso

    Ho metswalle e tshepehang.

    Re sebetse mmoho ka mehla

    Le ba ratang Modimo Jah!

    Re batla ho matlafatsana

    Re jarelane merwalo.

  3. 3. Re bona ka ho totobetseng

    Tsatsi la Jah le haufi,

    Re be teng dibokeng kamehla

    Re nne re tsamaye tseleng.

    Ha re kopane re le bonngweng,

    Re sebeletsa Jehova.

    Re tla kgothatsana kamehla

    Re dule re tshepahala.