Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 92

Sebaka se Emelang Lebitso la Hao

Sebaka se Emelang Lebitso la Hao

(1 Likronike 29:16)

  1. 1. Jehova o re file tlotla!

    Re rata ntlo ena ya hao.

    Re e hahetse bitso la hao,

    Re e nehela ka thabo

    Ho hodisa botumo ba hao.

    Dintho tseo re o fang tsona,

    Di simolohile ho wena.

    Re di fana re thabile.

    (CHORUS)

    Re o fa sebaka sena,

    Hore o tsebahale.

    Re o neha baka sena;

    Ak’o se amohele.

  2. 2. Re tlotlisa wena Jehova,

    Re roka lebitso la hao.

    Kganya ya hao e eketsehe

    Ha batho ba rutwa nnete.

    Re nehelana ka ntlo ena,

    Borapeding bo hlwekileng.

    E k’e eme e le bopaki

    Ba ho phatlalatsa Mmuso.

    (CHORUS)

    Re o fa sebaka sena,

    Hore o tsebahale.

    Re o neha baka sena;

    Ak’o se amohele.