Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A7-A

Lintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatšeng—Liketsahalo Tsa Pele ho Tšebeletso ea Jesu

Likosepele Tse ’nè li Ngotsoe ho ea ka Tatellano ea Tsona

Lichate tse latelang li na le limmapa tse bontšang libaka tseo Jesu a neng a bolela ho tsona. Matšoao a ’mapeng ha a bontše ka ho toba litsela tseo a li tsamaileng empa a bontša feela hore na o ile a leba hokae. Tlhaku ea “h.” e bolela “hoo e ka bang ka.”

Liketsahalo Tsa Pele ho Tšebeletso ea Jesu

NAKO

SEBAKA

KETSAHALO

MATHEU

MAREKA

LUKA

JOHANNE

3 B.C.E.

Jerusalema, tempele

Lengeloi Gabariele le bolella Zakaria hore Johanne Mokolobetsi o tl’o tsoaloa

   

1:5-25

 

h. 2 B.C.E.

Nazaretha; Judea

Lengeloi Gabariele le bolella Maria hore Jesu o tl’o tsoaloa; Maria o etela Elizabetha ea amanang le eena

   

1:26-56

 

2 B.C.E.

Motse o leralleng la Judea

Johanne Mokolobetsi oa tsoaloa ebile o rehoa lebitso; Zakaria oa profeta; Johanne o lula lefeelleng

   

1:57-80

 

2 B.C.E., h. Oct. 1

Bethlehema

Jesu oa tsoaloa; “Lentsoe e ile ea e-ba motho”

1:1-25

 

2:1-7

1:1-5, 9-14

Haufi le Bethlehema; Bethlehema

Lengeloi le bolella balisa litaba tse monate; mangeloi a rorisa Molimo; balisa ba etela lesea

   

2:8-20

 

Bethlehema; Jerusalema

Jesu oa bolotsoa (ka letsatsi la borobeli); batsoali ba hae ba mo isa tempeleng (ka mor’a matsatsi a 40)

   

2:21-38

 

1 B.C.E. kapa 1 C.E.

Jerusalema; Bethlehema; Egepeta; Nazaretha

Balepi ba linaleli baa eta; lelapa le balehela Egepeta; Heroda o bolaea bana ba bashanyana ba banyenyane; lelapa le khutla Egepeta ’me le lula Nazaretha

2:1-23

 

2:39, 40

 

12 C.E., Paseka

Jerusalema

Jesu ea lilemo li 12 o botsa mesuoe lipotso ka tempeleng

   

2:41-50

 
 

Nazaretha

O khutlela Nazaretha; o tsoela pele ho ikokobelletsa batsoali ba hae; o ithuta ho betla mapolanka; Maria o ba le bara ba bang ba bane le barali (Mat 13:55, 56; Mar 6:3)

   

2:51, 52

 

29, nakong ea selemo

Lefeella, Noka ea Jordane

Johanne Mokolobetsi o qala tšebeletso ea hae

3:1-12

1:1-8

3:1-18

1:6-8, 15-28