Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare


U ka etsa’ng hore u fumane molemo ha u ithuta bukana ee?

U ka etsa’ng hore u fumane molemo ha u ithuta bukana ee?

Kopa motho e mong hore a u rute: Kopa motho ea u fileng bukana ena hore a tl’o ithuta le uena kapa u tlatse kopo websaeteng ea rona ea jw.org/st.

KAROLO EA PELE

Bala serapa se seng le se seng, ho akarelletsa le lipotso tse ngotsoeng ka mongolo o motenya (A) le mangolo (B) a hatisang lintlha tsa bohlokoa. Sheba mangolo a ngotsoeng “bala” ’me u a bale.

KAROLO E MAHARENG

Tlhaloso e qalang e hlahang (C) tlas’a Ithute Lintlha Tse Ling e hlalosa se tla latela. Lihloohoana (D) li hatisa lintlha tsa bohlokoa. Bala mangolo, araba lipotso ebe u shebella livideo (E).

Sheba litšoantšo le litlhaloso tsa teng (F), le ho nahana hore na u tla arabela joang karolong e reng Batho ba Bang ba Re (G).

KAROLO EA HO QETELA

Kakaretso le Re Ithutileng? (H) li qetella khaolo. Ngola hore na le qetile khaolo neng. Karolo ea Seo U ka se Etsang (I) e u thusa hore u tsoele pele u ithuta. Batla (J) e na le lintlha tse eketsehileng tseo u ka li balang kapa oa li shebella.

U ka fumana mangolo a Bibele a bontšitsoeng joang?

Mangolo a bontšitsoe ho ea ka buka ea Bibele (A), khaolo (B), le temana kapa litemana (C). Ka mohlala, Johanne 17:3 e bolela buka ea Johanne, khaolo ea 17, temana ea 3.