Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 93

Mor’a Motho o Tla Senoloa

Mor’a Motho o Tla Senoloa

LUKA 17:​20-37

  • ’MUSO O HAR’A BONA

  • HO TLA BA JOANG HA JESU A SENOLOA?

Jesu o ntse a le Samaria kapa Galilea. Joale Bafarisi baa mo botsa hore na ’Muso oa Molimo o tla tla neng, oo ba nkang hore o tla bonahala ka pontšo e kholo le ka mokete. Leha ho le joalo, Jesu o re: “ ’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng, leha e le hore batho ba tla re, ‘Bonang mona!’ kapa, ‘Mane!’ Etsoe, bonang! ’Muso oa Molimo o har’a lona.”​—Luka 17:​20, 21.

Batho ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Jesu o re ’Muso ona o busa ka lipelong tsa bahlanka ba Molimo. Leha ho le joalo, ho ke ke ha e-ba joalo hobane ’Muso oo ha o ka lipelong tsa Bafarisi bao a ntseng a bua le bona. Kahoo, o har’a bona hobane Morena oa ’Muso oa Molimo, e leng Jesu, o teng har’a bona.​—Matheu 21:5.

Ho ka etsahala hore ka mor’a hore Bafarisi ba tsamaee, Jesu o bolella barutuoa ba hae lintlha tse eketsehileng mabapi le ho tla ha ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a bua ka ho ba pusong ha hae, o qala pele ka ho ba eletsa o re: “Matsatsi a tla tla ha le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mor’a motho empa le ke ke la le bona.” (Luka 17:​22) Jesu o bontša hore Mor’a motho o tla busa ’Musong oa Molimo nakong e tlang. Pele ho nako eo, barutuoa ba bang ba ka ’na ba batla ho tseba hore na nako eo e tla tla neng, empa ba tla lokela ho ema ho fihlela nako eo Molimo a e behileng ea hore Mor’a motho a khutle.

Ha Jesu a tsoela pele o re: “Batho ba tla re ho lona, ‘Bonang mane!’ kapa, ‘Bonang mona!’ Le se ke la tsoa kapa la matha ka mor’a bona. Etsoe esita le joalokaha lehalima, ka ho halima ha lona, le khanya ho tloha karolong e ’ngoe tlas’a leholimo ho ea karolong e ’ngoe tlas’a leholimo, Mor’a motho o tla ba joalo.” (Luka 17:​23, 24) Barutuoa ba Jesu ba tla sireletsoa joang hore ba se ke ba sala bo-mesia ba bohata morao? Jesu o re ho tla ha Mesia oa ’nete ho tla tšoana le lehalima le bonahalang libakeng tse ngata. Bopaki ba hore o se a le teng ka matla a hae bo tla bonahala ho batho bohle ba shebeletseng.

Ka mor’a moo, Jesu o etsa papiso ka lintho tse etsahetseng khale ho bontša hore na boitšoaro ba batho bo tla ba joang nakong eo. O re: “Feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe, ho tla ba joalo le matsatsing a Mor’a motho . . . Ka ho tšoanang, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Lota: ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha. Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela. Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.”​—Luka 17:​26-30.

Jesu ha a re batho ba mehleng ea Noe le ba mehleng ea Lota ba ile ba timetsoa hobane ba ne ba itsoella pele ka lintho tse tloaelehileng bophelong, joaloka, ho ja, ho noa, ho reka, ho rekisa, ho lema le ho haha. Noe le Lota le ba malapa a bona ba ne ba etsa tse ling tsa lintho tsena. Leha ho le joalo, batho ba ne ba li etsa ba sa natse hore na thato ea Molimo ke efe ba bile ba iphapanyetsa timetso e tlang. Ke kahoo, Jesu a eletsang barutuoa ba hae hore ba ele hloko hore na thato ea Molimo ke efe ’me ba loanele ho e phetha. Ha e le hantle, o ba bontša hore na ba lokela ho phela joang le hore na ba etse’ng haeba ba batla ho pholoha ha Molimo a felisa ba khopo nakong e tlang.

Barutuoa ba tla lokela ho qoba ho phathahana ka lintho tseo batho ba ba potolohileng ba phathahaneng ka tsona, e leng ‘lintho tse ka morao.’ Jesu o re: “Letsatsing leo motho ea ka holim’a ntlo empa eo lintho tsa hae tse nkehang li leng ka tlung a se ke a theoha ho tla li nka, le motho ea tsoetseng tšimong, ka ho tšoanang a se ke a khutlela linthong tse ka morao. Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:​31, 32) O ile a fetoha seolo sa letsoai.

Jesu o tsoela pele ho hlalosa se tla etsahala ha Mor’a motho e se e le Morena, o re ho barutuoa ba hae: “Bosiung boo banna ba babeli ba tla be ba le betheng e le ’ngoe, e mong o tla nkoa, empa e mong o tla tloheloa.” (Luka 17:​34) Sena se bolela hore ho na le ba tla pholoha, ha ba bang bona ba tla felloa ke bophelo.

Barutuoa baa mo botsa ba re: “Hokae, Morena?” Jesu oa ba araba o re: “Moo setopo se leng teng, lintsu le tsona li tla bokana teng.” (Luka 17:​37) E, ba bang ba tla tšoana le lintsu tse bonelang hole. Barutuoa bao ba tla bona Kreste oa ’nete a sa le hole, e leng Mor’a motho, e be ba bokana ho eena. Ka nako eo, Jesu o tla fa barutuoa ba hae ba tšepahalang molaetsa o tla ba pholosa.