Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling

Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling

BATHO ba limilione ba rata sefapano ebile baa se hlompha. The Encyclopædia Britannica e re sefapano ke “letšoao le ka sehloohong bolumeling ba Bokreste.” Empa Bakreste ba ’nete ha ba sebelise sefapano borapeling. Hobane’ng?

Lebaka ke hobane Jesu Kreste ha aa shoela sefapanong. Lentsoe la Segerike le atisang ho fetoleloa e le “sefapano” ke stau·rosʹ. Ha e le hantle le bolela “palo kapa thupa e otlolohileng.” The Companion Bible e re: “Ha ho mohla [Stau·rosʹ] e bolelang mapolanka a mabeli a fapantsoeng . . . Ha ho letho Segerikeng sa [Testamente e Ncha] le fanang ka maikutlo a mapolanka a mabeli.”

Mangolong a ’maloa, bangoli ba Bibele ba sebelisa lentsoe le leng ha ba bua ka ntho eo Jesu a shoeletseng ho eona. Ba sebelisa lentsoe la Segerike xyʹlon. (Liketso 5:30; 10:39; 13:29; Bagalata 3:13; 1 Petrose 2:24) Lentsoe lena le bolela feela “lepolanka” kapa “thupa, molamu, kapa sefate.”

Buka e reng Das Kreuz und die Kreuzigung (Sefapano le ho Thakhisoa), ea Hermann Fulda, e hlalosa lebaka leo ka lona hangata ho neng ho sebelisoa thupa feela ha ho bolaoa batho, e re: “Lifate li ne li sa fumanehe libakeng tsohle tsa sechaba tse khethetsoeng ho ba tsa polao. Kahoo ho ne ho hlongoa palo feela fatše. Batlōli ba molao ba ne ba tlamelloa ho eona kapa ba khokhothelloa ho eona ba isitse matsoho holimo hangata ba tlangoa le maotong kapa a khokhothelloa ho eona.”

Empa bopaki bo kholisang ho feta bohle ke bo ka Lentsoeng la Molimo. Moapostola Pauluse o re: “Kreste ka ho re reka o ile a re lokolla thohakong ea Molao ka ho fetoha thohako bakeng sa rōna, hobane ho ngoliloe: ‘Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang thupeng [“sefateng,” Bibele ea Sesotho].’” (Bagalata 3:13) Mona Pauluse o qotsa Deuteronoma 21:22, 23, e buang ka thupa ka ho toba, eseng ka sefapano. E ke ke ea e-ba ho loketseng hore Bakreste ba khabise matlo a bona ka litšoantšo tsa Kreste a khokhothetsoe thupeng, kaha ho bolaoa ka tsela eo ho ne ho etsa motho “thohako.”

Ha ho bopaki bo bontšang hore lilemong tse qalang tse 300 ka mor’a lefu la Kreste, ba ipitsang Bakreste ba ne ba sebelisa sefapano borapeling. Leha ho le joalo, lekholong la bone la lilemo, Moemphera Constantine oa mohetene o ile a sokolohela Bokresteng ba bokoenehi ’me a khothalletsa hore sefapano e be letšoao la bona. Ho sa tsotellehe hore na sepheo sa Constantine e ne e le sefe, ha ho moo sefapano se amanang le Jesu Kreste teng. Ha e le hantle, sefapano se simolohile boheteneng. The New Catholic Encyclopedia e re: “Sefapano se teng meetlong ea pele ho Bokreste le eo e seng ea Bokreste.” Mehloli e meng le eona e amahanya sefapano le borapeli ba tlhaho le litšebeletso tsa bohetene tsa ho kopanela liphate.

Joale ke hobane’ng ha letšoao lee la bohetene le ile la khothalletsoa? Kamoo ho bonahalang kateng e ne e le ho nolofalletsa bahetene hore ba amohele “Bokreste.” Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa ka ho toba ho rapela letšoao leha e le lefe la bohetene. (2 Bakorinthe 6:14-18) Mangolo a boetse a hanela mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo. (Exoda 20:4, 5; 1 Bakorinthe 10:14) Ka hona, ka mabaka a utloahalang, Bakreste ba ’nete ha ba sebelise sefapano borapeling. *

^ ser. 1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka sefapano, bona leqephe la 397-401 bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.