Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 15

Jesu ke Mang?

Jesu ke Mang?

Jesu ke e mong oa batho ba tsebahalang ka ho fetisisa historing. Le hoja batho ba bangata ba tseba lebitso la hae, ha ba tsebe hakaalo ka eena ebile ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na ha e le hantle ke mang. Bibele e re’ng ka Jesu?

1. Jesu ke mang?

Jesu ke lengeloi le matla ’me o phela leholimong. Jehova Molimo o mo bopile pele a ka bopa lintho tsohle. Ka lebaka leo, o bitsoa “letsibolo la popo eohle.” (Bakolose 1:​15) Bibele e re Jesu ke mora “ea tsoetsoeng a ’notši” oa Molimo hobane ke eena feela eo Jehova a mo bopileng ka ho toba. (Johanne 3:​16) Jesu o sebelitse haufi le Ntate oa hae Jehova a mo thusa ho bopa lintho tsohle. (Bala Liproverbia 8:​30.) Jesu o ntse a e-na le kamano e ikhethang le Jehova. O sebetsa ka botšepehi e le ’muelli oa Molimo, e le “Lentsoe,” ho fetisa melaetsa le litaelo tsa Hae.​—Johanne 1:14.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?

Lilemo tse ka holimonyana ho 2 000 tse fetileng, Jehova o ile a etsa mohlolo a sebelisa moea o halalelang. O ile a tlosa bophelo ba Jesu leholimong a bo kenya popelong ea moroetsana ea bitsoang Maria. Kahoo, Jesu o ile a tsoaloa e le motho. (Bala Luka 1:​34, 35.) Jehova o rometse Jesu lefatšeng hore e tl’o ba Mesia ea tšepisitsoeng kapa Kreste le hore a tl’o pholosa batho. a Boprofeta bohle bo buang ka Mesia bo ile ba phethahala ka Jesu ’me sena se ile sa thusa batho ho tseba hore ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”​—Matheu 16:16.

3. Jesu o hokae hona joale?

Ka mor’a hore Jesu a shoe e le motho oa nama, Molimo o ile a mo tsosa e se e le lengeloi ’me a khutlela leholimong. Ha a fihla, “Molimo . . . o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng.” (Bafilipi 2:9) Hona joale, Jesu ke lengeloi le matla haholo ’me ke Jehova feela ea matla ho mo feta.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute haholoanyane hore na ha e le hantle Jesu ke mang le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta ka eena.

4. Jesu ha se Molimo ea Matla ’Ohle

Bibele e ruta hore le hoja Jesu e le lengeloi le matla leholimong, o mamela ntate oa hae Jehova Molimo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Bapala VIDEO ho bona hore na Bibele e re Jesu o fapana joang le Molimo ea Matla ’Ohle.

Mangolo a latelang a re thusa ho utloisisa hore na Jehova le Jesu ba amana joang. Bala mangolo ana ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

Bala Luka 1:​30-​32.

  • Lengeloi le ile la re Jesu o amana joang le Jehova Molimo “Ea Phahameng ka ho Fetisisa”?

Bala Matheu 3:​16, 17.

  • Ha Jesu a kolobetsoa, lentsoe le ileng la hlaha leholimong le ile la re’ng?

  • U nahana lentsoe leo e ne e le la mang?

Bala Johanne 14:28.

  • Ke mang e moholo ho e mong le ea nang le matla a fetang a e mong? Na ke mora kapa ke ntate?

  • Jesu o ile a re Jehova ke Ntate oa hae. See se re ruta’ng?

Bala Johanne 12:49.

  • Na Jesu o nahana hore eena le Ntate oa hae ke motho a le mong? Uena u nahana’ng ka bona?

5. Bopaki bo bontšitseng hore Jesu ke Mesia

Ho na le boprofeta bo bongata ba Bibele bo buang ka Mesia, e leng ea khethiloeng ke Molimo ho pholosa batho. Boprofeta bona bo thusitse batho ho tseba Mesia. Bapala VIDEO e le hore u ithute ka bo bong ba boprofeta ba Bibele boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng.

Bala boprofeta bona ba Bibele ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

Bala Mikea 5:2 e le hore u bone hore na Mesia o ne a lokela ho hlahela hokae. b

  • Na ha Jesu a tsoaloa boprofeta boo bo ile ba phethahala?​—Matheu 2:1.

Bala Pesaleme ea 34:​20 le Zakaria 12:​10 ho bona lintlha tse profetiloeng ka lefu la Mesia.

  • Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? ​—Johanne 19:​33-​37.

  • Na u nahana hore Jesu o ne a ka khona ho etsa hore boprofeta boo bo phethahale?

  • See se u tiisetsa eng ka Jesu?

6. Re fumana molemo ha re ithuta ka Jesu

Bibele e re ho bohlokoa ho ithuta ka Jesu le hore na Molimo o batla hore a etse’ng. Bala Johanne 14:6 le 17:3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta ka Jesu?

Jesu o re buletse tsela ea hore re be metsoalle ea Molimo. O re rutile ’nete ka Jehova ’me ka eena re ka khona ho fumana bophelo bo sa feleng.

BATHO BA BANG BA RE: “Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho Jesu.”

  • U ka ba araba joang?

KAKARETSO

Jesu ke lengeloi le matla. Ke mora oa Molimo ebile ke Mesia.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “letsibolo la popo eohle”?

  • Jesu o ne a etsa’ng pele a tla lefatšeng?

  • Re tseba joang hore Jesu ke Mesia?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute haholoanyane ka hore na re tseba joang hore Jesu ke Mesia.

“Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ehlile Bibele e re Molimo o bile le Jesu ka tsela eo batho ba tsoalang bana ka eona.

“Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobane’ng ha thuto ea boraro-bo-teroneng e sa tsoe ka Bibeleng.

“Na Jesu ke Molimo?” (Molula-Qhooa, April 1, 2009)

Bala hore na bophelo ba ’mè e mong bo ile ba fetoha joang ka mor’a hore a ithute hore na Bibele e ruta eng ka Jesu.

“Mosali oa Mojuda o Hlalosa Lebaka le Entseng Hore a Boele a Hlahlobe Tumelo ea Hae” (Tsoha!, May 2013)

a Likhaolo tsa 26 le 27 li tla bua ka hore na ke hobane’ng ha batho ba hloka ho pholosoa le hore na Jesu o re pholosa joang.

b Sheba Tlhaloso ea bobeli e buang ka boprofeta ba hore na Jesu o ne a tla hlahella neng lefatšeng.