Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Ke Hobane’ng ha Polotiki e Qabanya Batho Hakaale?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Ke Hobane’ng ha Polotiki e Qabanya Batho Hakaale?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Lipolotiki li baka likarohano lefatšeng lohle. Ho ea ka lipatlisiso tse entsoeng linaheng tse 19 ka 2022 ke Pew Research Center, ho fumanoe hore batho ba bangata ba re linaheng tsa habo bona ho na le ho se utloane ho teng lipakeng tsa batho ba tšehetsang mekha e fapaneng ea lipolotiki.

 Na u hlokometse hore moo u lulang teng lipolotiki li ntse li arohanya batho le ho feta? Ke hobane’ng ha ho le joalo? Na bothata boo bo ka rarolleha? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Boitšoaro bo etsang hore batho ba arohane

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo” e leng mehleng ena ea rona, batho ba bangata ba tla itšoara ka tsela e tla etsa hore ho be thata hore batho ba phelisane ka khotso.

  •   “Tseba hore mehleng ea bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho ba tla icheba bobona, . . . [e be] ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe.”—2 Timothea 3:1-3.

 Le hoja batho ba sebetsa ka thata ho etsa hore mebuso e atlehe, e ntse e hloleha. Ho thata hore batho ba sa utloaneng ba sebetse hammoho ho rarolla mathata. Taba ena e lumellana le seo Bibele e ileng ea se bua nakong e fetileng.

  •   “Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.”—Moeklesia 8:9.

 Leha ho le joalo, Bibele e bua ka ’muso o tla tlisa tharollo, oo moeta-pele oa ona a ka felisang mathata ’ohle a batho.

Moeta-pele ea tšoanelehang le ea khathallang batho

 Bibele e bua ka moeta-pele ea khonang ho felisa mathata ’ohle a batho e leng Jesu Kreste. Jesu o matla, o na le matla a bolaoli hape o batla ho thusa batho bohle hore ba phelisane ka khotso.

 Jesu ke moeta-pele ea tšoanelehang hobane o khathalla batho ebile o batla ho ba thusa, haholo-holo ba sa tšoaroang hantle.

  •   “O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:12-14.

 Ithute lintlha tse ling ka ’Muso oa Molimo e leng ’muso o leholimong oo moeta-pele oa ona e leng Jesu. Ithute hore na ’muso oo o ka u thusa joang le hore na u ka etsa’ng ho o tšehetsa.