Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Manuel Reino Berengui/DeFodi Images via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

Na Kannete Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše li ka Momahanya Batho?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Na Kannete Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše li ka Momahanya Batho?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ho lebeletsoe hore batho ba ka bang libilione tse hlano, ba shebelle Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše tsa FIFA tse qalileng ka la 20 November tse tla fela ka la 18 December 2022. Batho ba bangata ba nahana hore lipapali tsena li ka etsa ho fetang feela hore ba ikutloe ba momahane ha ba ntse ba li shebeletse.

  •   Mopresidente oa mehleng oa Afrika Boroa Nelson Mandela, o ile a re: “Lipapali li na le matla a ho fetola lefatše. Li na le matla a ho khothatsa. Li khona ho kopanya batho ka tsela e khethehileng.”

  •   Mopresidente oa FIFA a Gianni Infantino o re: “Papali ea bolo . . . e momahanya batho hobane e etsa hore ba ikutloe ba thabile, ba rata batho ba bang le ho etsa hore ba utloe ho e-na le ntho eo ba tšoanang ka eona.”

 Na Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše kapa lipapali ka kakaretso li ka etsa hore batho ba ikutloe ka tsela ee? Na momahano le khotso li ka ba teng?

Na kannete li etsa hore re momahane?

 Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše tsa selemong sena li entse hore batho ba se ke ba nahana ka papali ea bolo feela. Lipapali tsena li entse hore batho ba qale ho bua ka lipolotiki, litokelo tsa botho, khethollo le bothata ba ho se pataloe ka ho lekana mosebetsing le hoja ba etsa mosebetsi o tšoanang.

 Leha ho le joalo, batho ba ntse ba thabela ho shebella Lipapali Tsa Mohope oa Lefatše. Le hoja batho ba batla hore lipapali li ba momahanye, ha li ba momahanye ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, ba bontša botho bo khothaletsang likarohano boo Bibele e ileng ea re bo tla bonahatsoa “mehleng ea bofelo.”—2 Timothea 3:1-5.

Ntho e ka etsang hore re momahane e le ka ’nete

 Bibele e bontša hore re ka momahana e le kannete. E tšepisa hore batho bohle ba tla momahana ’musong oa leholimo o bitsoang “’Muso oa Molimo.”—Luka 4:43; Matheu 6:10.

 Morena oa ’Muso oo e leng Jesu Kreste, o tla etsa bonnete ba hore ho na le khotso lefatšeng lohle. Bibele e re:

  •   “Ba lokileng ba tla eketseha, khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7.

  •   “O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso . . . O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:12, 14.

 Lithuto tsa Jesu li momahantse batho ba limilione linaheng tse 239 kajeno. Ba ithutile ho rata batho ba bang. E le hore u ithute ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Re ka Khona ho Hlola Lehloeo.”

a Mokhatlo oa papali ea bolo ea maoto oa lefatše lohle o bitsoang Fédération Internationale de Football Association.