Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO EA ASTER PARKER

Ke ne ke Batla ho Lula ke Sebeletsa Jehova

Ke ne ke Batla ho Lula ke Sebeletsa Jehova

 Ke ananela hore batsoali ba ka ba ile ba nthuta Bibele ho tloha ke sa le lesea. Ba ne ba sebelisa litšoantšo le lipale tse hlahang bukeng ea From Paradise Lost to Paradise Regained. Ke ne ke thabela ho bolella bana ba neng ba lula pel’a lapeng le ntate-moholo ao ka ha a ne a re chakela lintho tseo ke neng ke ithuta tsona. Batsoali ba ka ba ne ba sebetsa ka thata hore re lule re le metsoalle ea Jehova, sena se ile sa re thusa nakong eo re neng re tloha Asmara, Eritrea re se e’o lula Addis Ababa, Ethiopia.

 Esale ke rata linnete tsa Bibele ho tloha ke le monyenyane. Ke ne ke batla ho inehela ho Jehova ke kolobetsoe. Ke ile ka thaba haholo ha ke le lilemo li 13 hobane ke ile ka finyella sena. Ha ke ne ke le lilemo li 14 Mor’abo rona Helge Linck a o ile a mpotsa hore na nkile ka nahana ka ho ba pula-maliboho. Ke ntse ke hopola hantle mohlang a neng a mpotsa. Ka nako eo batsoali ba ka ba ne ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba nakoana (hona joale bo-pula-maliboho ba nakoana ba se ba bitsoa bo-pula-maliboho ba thusang), leha ho le joalo ke ne ke sa tsebe hore ho bolela’ng ho ba pula-maliboho ea kamehla. Potso eo ea Mor’abo rona Linck e ile ea etsa ke nahane ka thata eaba ea etsa hore ke batle ho sebeletsa Jehova.

Mona ke ’na ha ke le ngoanana le ngoaneso Josiah

Ho Itokisetsa Mahloriso

 Ka 1974, merusu e bakoang ke lipolotiki Ethiopia e ile ea etsa hore batho ba bangata ba tšoaroe ba be ba bolaoe ’me sena se ile sa baka masisa-pelo. Ha nako e ntse e-ea, re ne re se re sa khone ho bolela litaba tse monate ka ntlo le ntlo ’me re ne re tšoara liboka re le lihlopha tse nyenyane. Batsoali ba rona ba ile ba hlokomela hore re ka ’na ra hlorisoa le ho feta ’me ba ile ba re thusa hore re tle re khone ho sebetsana le maemo ao. Melao-motheo e hlahang ka Bibeleng e ile ea re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho nka lehlakore. Re ile ra ithuta hore Jehova o ne a tla re thusa hore na re re’ng ha re ne re ka hlongoa lipotso, ra ba ra ithuta hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re se ke ra bua letho.—Matheu 10:19; 27:12, 14.

AFP PHOTO

Nakong eo ho nang le merusu e bakoang ke lipolotiki ka 1974

 Ka mor’a ho qeta sekolo ke ile ka sebetsa Ethiopian Airlines. Hoseng ho hong ha ke fihla mosebetsing, basebetsi-’moho le ’na ba ile ba nthoholetsa hobane ke ne ke khethuoe ho etella pele mokete o neng o thabela hore naha ea rona e se e-na le lilemo tse itseng e ipusa. Ha kea ka ka senya nako ka ho bolella monghali oa ka hore ka lebaka la hore ’na ke Mokreste ea sa nkeng lehlakore, nke ke ka kenella moketeng oo.

 Letsatsing le latelang ha ke ntse ke sebetsa, ke ile ka bona banna ba bang ba neng ba tšoere lithunya ba tla ba lebile moo ke sebeletsang. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le motho eo ba neng ba batla ho mo tšoara pele a palama sefofane a baleha. Ho e-na le hoo, ba ile ba supa ’na eaba kea ipotsa: “Ebe ke entse’ng?” Letsatsing leo, ’na ke ne ke iketse mosebetsing feela empa lintho tsohle li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo.

Jehova o Ile a Ntšehetsa ha ke Ntse ke le Teronkong

 Masole ao a ile a nkisa ofising moo ke ileng ka hlongoa lipotso ka lihora tse ngata. Ba ile ba mpotsa lipotso tse kang: “Ke mang ea patalang Lipaki Tsa Jehova?” Ba ne ba hlile ba nkemeletse ba batla ho tseba. Ba tsoela pele ho ntlhoma lipotso tse ling: “Na u sebeletsa mokhatlo o batlang ho lokolla batho tlas’a puso ea Eritrea? Na uena le ntate oa hao le sebeletsa ’muso oa naha ea Amerika?” Le hoja maemo ana a ne a lokela ho ntšosa, ke ne ke khobile matšoafo. Ke leboha Jehova hore e be o nthusitse ho etsa seo.—Bafilipi 4:6, 7

 Ka mor’a hore a ntlhome lipotso, masole ao a ile a nkenya ka koloing ’me a nkisa rumung e ’ngoe e nyenyane e seng e fetotsoe teronko, eitse ha re fihla moo ho ne ho tletse ho na le batho ba bang ba 15 bao le bona ba neng ba tšoeroe ho thoe ke mahana-puso.

Nakong eo ke neng ke sebetsa airpot

 Bosiung boo, ke ne ke robetse fatše ke ntse ke apere liaparo tsa ka tsa mosebetsing. Ke ne ke tšoenyehile ka hore na ebe batsoali ba ka le bana beso ba ikutloa joang hobane ba ne ba tseba hore ke tšoeroe empa ba sa tsebe hore na ke koalletsoe hokae. Ke ile ka rapela Jehova hore a thuse lelapa leso hore le tsebe hore ke koalletsoe hokae.

 Hoseng ha ke tsoha ke ile ka bona molebeli eo ke mo tsebang. O ile a ncheba a sa kholoe ka mor’a moo a re, “Aster, u batlang mona?” Ke ile ka mo kopa hore a e’o bolella batsoali ba ka hore ke koalletsoe hokae. Hamorao letsatsing leo, batsoali ba ka ba ile ba nthomella lijo le liaparo. Molebeli eo o ne a ba bolelletse hore na ke koalletsoe hokae. Jehova o ile a araba thapelo ea ka. Ntho eo e ile ea nkholisa hore ha ke mong, Jehova o na le ’na.

 Ke ne ke sa lumelloa hore ke be le Bibele kapa lingoloa le ha e le li fe, batsoali ba ka le metsoalle ea ka le bona ba ne ba sa lumelloa ho tl’o mpona. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a nkhothatsa a sebelisa batho bao ke neng ke tšoeroe le bona hobane ke ne ke ba pakela letsatsi le leng le le leng ’me ba ne ba thabela lintho tseo ba ithutang tsona ka ’Muso oa Molimo. Ba ne ba lula ba re ho ’na: “Rona re koalletsoe mona hobane re loantša mebuso ea batho empa uena u loanela ’Muso oa Molimo. Le ka mohla u se ke oa ba lumella, le ha ba ka leka ho u bolaea.”

 Ka linako tse ling balebeli ba ne hloma batšoaruoa lipotso le ho ba otla. Bosiung bo bong hoo e ka bang ka hora ea 11, ba ile ba tla ho ’na joale, ha re fihla ka moo re neng re hlongoeloa lipotso ka teng, ba ile ba nqosa ka melato e mengata feela. Ba ile ba re ha ke tšehetse ’muso oa naha, eitse ha ke hana ho bua mantsoe a bontšang hore ke tšehetsa ’muso, balebeli ba babeli ba bo-ntate ba ile ba nkotla. Sena se ile sa etsahala ka makhetlo a mang a mangata. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha se ne se etsahala ke ne ke rapela Jehova ho tsoa botebong ba pelo ke mo kopa hore a nthuse hore ke mamelle.

 Ka mor’a likhoeli tse tharo e mong oa balebeli o ile a tla ho ’na a mpolella hore ke lokolotsoe nka tsamaea. Le hoja seo se ne se nthabisitse, ke ne ke tšoenyehile ka hore ha ke sa tl’o khona ho bolella batho bao ke neng ke tšoeroe le bona ka litaba tse monate tsa ’Muso.

 Ka le leng, likhoelinyana ka mor’a hore ke lokolloe, ke ne ke tsoile ke ile mabakeng ’me ha ke ntse ke le sieo masole a ile a fihla ’me a tšoara bacha bohle lapeng leso. A ile a tšoara bana beso ba babeli ba banana le a le mong oa moshanyana. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke lokela ho baleha naheng eo. Le hoja ke ne ke utloa hore ha ke batle ho siea lelapa leso, ’mè oa ka o ile a nkhothatsa a ba a re ke lokela ho tšepa Jehova. Ke ile ka kena sefofaneng ka ea Amerika. Letsatsing lona leo ke ileng ka tsamaea ka lona, masole a ne a se a tlile a re a tl’o ntšoara hape. Eitse ha ba sa mphumane, ba ile ba mathela airport ba nahana hore ba tla mphumana moo empa ke ne ke se ke le ka sefofaneng se se se le moeeng.

 Ke ile ka fihlela sebakeng se bitsoang Maryland ’me ka amoheloa ke Haywood le Joan Ward, ke baromuoa ba ileng ba ithuta Bibele le batsoali ba ka. Likhoeli tse hlano hamorao, ke ile ka khona ho ba pula-maliboho ea ka mehla e leng eona ntho eo esale ke e batla. Morali oa ba ha Ward ea bitsoang Cyndi le eena e ne e le pula-maliboho ’me re ile ra thabela ho ba metsoalle le ho tsamaisana tšimo.

Ke na le Cyndi Ward eo re neng re le bo-pula-maliboho mmoho

Ho Sebeletsa Bethele ho ne ho le Monate

Ke ’na le monna oaka ha re ne re sebeletsa Bethele e Wallkill, New York

 Lehlabuleng la 1979, ke ile ka etela Bethele e New York moo ke ileng ka kopana le Wesley Parker. Ke ne ke rata makhabane ao a neng a e-na le ’ona le lintho tseo a neng a batla ho li finyella tšebeletsong. Ka 1981 o ile a ’nyala ’me ra e’o sebeletsa Bethele e Wallkill, New York. Ke ne ke sebetsa lefapheng le bitsoang Housekeeping e leng lefapha le hloekisang lirumu Bethele, ke boetse ke sebetsa Dry Cleaning e leng lefapha le hlatsoang liaparo ’me hamorao ke ile ka sebetsa lefapheng la li khomphieutha thiming ea MEPS. Ho ba Bethele ho ile ha nthusa hore ke qete nako e ngata ke sebeletsa Jehova le ho etsa metsoalle ea ’nete.

 Lelapa leso le ne le ntse le hlorisoa Ethiopia ’me sena se ne se sa ntšoare hantle. Bana beso ba bararo ba ne ba ntse ba tšoeroe. b Letsatsi le leng le le leng ’mè oa ka o ne a ba isetsa lijo hobane ba ne ba sa li fuoe teronkong.

 Ka nako eo e thata Jehova e ile ea e-ba setšabelo sa ka ’me lelapa la Bethele le ne le ntšehetsa ebile le ntšelisa (Mareka 10:29, 30). Ka letsatsi le leng Mor’abo rona John Booth o ile re ho ’na: “Re thabela ho sebeletsa le uena mona Bethele, haeba Jehova o ne a sa hlohonolofatsa taba ena, u ka be u se mona.” c Mantsoe ao a mosa a Mor’abo rona Booth a ile a mpontša hore Jehova o hlohonolofalitse qeto ea ka ea hore ke balehe Ethiopia le hore o tla tsoela pele a tšehetsa ba lelapa leso.

Re Ile ra Sebeletsa Jehova re le Lelapa

 Ka January 1989, re ile ra fumana hore ke moimana. Taba ena e ile ea re makatsa empa ka mor’a matsatsi a se makae re ile ra thaba. Re ile ra ipotsa hore na ebe re tl’o ba batsoali ba joang, re tla lula kae, hona re tl’o hlokomela lelapa la rona joang ha re tloha Bethele.

 Ka 15 April 1989, re ile ra paka lithoto tsa rona ’me ra kena koloing ra ea Oregon, re ne re itjoetsitse hore ha re fihla moo re e’o ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Nakoana ka mor’a hore re fihle, e meng ea metsoalle ea rona e ne e nahana hore e re fa keletso e molemo ka hore ebe e ile ea re bolella hore ha se ntho e utloahalang hore re be bo-pula-maliboho ba kamehla. Ke ’nete re ne re se na lintho tse ngata ebile re lebelletse ngoana. Ebe re ne re tla etsa’ng? Nakoana ka mor’a moo, molebeli oa potoloho Mor’abo rona Guy Pierce o ile a tla phuthehong ea rona le mohatsa oa hae Penny. d Ba ile ba re khothalletsa hore re se ke ra fetohela qeto ea rona ea ho ba bo-pula-maliboho. Kahoo, re ile ra ba bo-pula-maliboho ’me ra tšepa hore Jehova o tla re thusa. (Malakia 3:10) Re ile ra tsoela pele re ntse re le bo-pula-maliboho ka mor’a hore mora oa rona oa pele Lemuel a hlahe le ka mor’a hore mora oa rona oa bobeli Jadon a hlahe.

 Taba ea hore re ne re le bo-pula-maliboho bara ba rona ba ntse ba le banyenyane e ne e re thabisa haholo. Ho ba bo-pula-maliboho ho re file menyetla e mengata ea ho bolella batho ba bang litaba tse monate le ho li ruta bara ba rona. (Deuteronoma 11:19) Leha ho le joalo, ka mor’a hore re be le mora oa boraro ea bitsoang Japheth, re ile ra lokela ho emisa hanyane ka ho ba bo-pula-maliboho.—Mikea 6:8.

Re Ile ra Ruta Bara ba Rona ho Sebeletsa Jehova

 Re ile ra hlokomela hore e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke hore re thuse bara ba rona e be metsoalle ea Jehova. Re ne re etsa hore ba labalabele ho ba borapeling ba lelapa. Ha ba le banyenyane re ne re ba balla libuka tse kang ea Ithute ho Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ka linako tse ling re ne re iketsa eka re batho bao ba hlahang ka lipaleng tseo. Kaha e ne e le ’na feela motho oa ’mè ka lapeng, ha re ne re etsa pale ea Jezebele, e ne e lula e le ’na Jezebele. Kahoo, bara ba rona ba ne ba etsa eka baa nthesela ba ntihela soufeng ka mor’a moo ebe ba iketsa eka ke lintja. Ho ekelletsa moo Wesley o ne a ithuta Bibele le e mong le e mong oa bona.

 Re ne re rata le ho hlokomela lelapa la rona ’me re ile ra rapela Jehova hore le lule le momahane. Eitse ha bana ba rona ba se ba holi-holile re ile ra ba ruta ho etsa mesebetsi ea ka tlung e kang ho hlatsoa lijana, ho hloekisa likamore tsa bona le hore ba khone ho itlhatsoetsa liaparo. Re ile ra boela ra ba ruta le ho pheha.

 Nakong eo re neng re ruta bana ba rona lintho tsena, le rona re ile ra ithuta lintho tse ngata. Ho na le ka nako tse ling moo re neng re sa etse lintho hantle, ’na le Wesley re ne re ka bolellana lintho tse bohloko kapa ra li bua ho bara ba rona empa boikokobetso bo ne bo re thusa hore ka linako tsohle re kope tšoarelo.

 Nako le nako re ne re amohela bara le barali ba bo rona ba phutheho ea habo rona, re amohela ba etetseng phuthehong ea rona ba tsoang Bethele, baromuoa, bapotolohi le batho ba sebeletsang moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. (Baroma 12:13) Nakong eo re neng re thabela botsoalle le batho bana bao re ba memmeng re ne re sa re bana ba rona ba ee ka likamoreng. Re ne re lula le bona ’me re thabela moqoqo le baeti ba rona ’me ba utloa lintho tse monate tse ba etsahalletseng ha ba ntse ba le tšebeletsong. Hangata bana ba rona ba ne ba hopola meqoqo eo le ho re feta.

 ’Na le Wesley re ne re sebetsa ka thata hore re thabele ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, ka linako tse ling re ne re itjoetsa nako e sa le teng ebe re beha chelete le ho kopa matsatsi mosebetsing e le hore re etele linaheng tse ling. Ka linako tsohle ha re ne re nkile leeto, re ne re chakela liofisi tsa makala linaheng tseo, re ea libokeng ebile re ea le tšimong. Ntho ena e ile ea re thusa hore re rate mokhatlo oa Jehova oa lefatše lohle ’me sena se ile sa etsa hore re momahane re le lelapa.

Lelapa la rona nakong eo re chaketseng ntlo-kholo e Brooklyn New York ka 2013

Re Ile ra Tsoela pele re Ntse re Sebeletsa Jehova

 Re ile ra hlokomela hore sebakeng seo re lulang ho sona ho na le batho ba bangata ba buang Sepanishe empa ho ne ho sena batho ba lulang ba ba bolella litaba tse monate. Nakong eo bara ba rona ba ntseng ba le banyenyane, re ile ra botsa Mor’abo rona Pierce hore na ebe a ka se ise lelapa la rona phuthehong e buang Sepanishe. O ile a re araba a thabile a re, “oa bona haeba le batšoasi ba litlhapi, le tla ea moo litlhapi li leng teng.” Mantsoe ao a ile a re khothatsa haholo ’me re ile ra ea phuthehong e buang Sepanishe Woodburn, Oregon. Re ile ra thaba haholo ha re ba le lithuto tse tsoelang pele, ra khona ho thusa tse ling hore li kolobetsoe, ra ba ra bona phutheho eo e hola.

 Wesley o ile a lahleheloa ke mosebetsi ’me ra lokela ho falla re ee California moo a ileng a fumana mosebetsi o mong. Lilemo tse peli hamorao ’na le bara ba rona re ile ra etsa qeto ea ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Ka 2007, re ile ra thabela ho ea Sekolong sa Bo-pula-maliboho re le kaofela. Ka mor’a hore re tsoe sekolong, re ile ra hlokomela hore ho na le batho ba bangata ba buang Searame tšimong ea rona. Re ile ra etsa qeto ea ho ea phuthehong e buang Searame ka mor’a lilemo tse 13 re le phuthehong e buang Sepanishe. Re ile ra thabela ho bolella batho ba buang Searame ba tšimong ea rona litaba tse monate, ra ba ra bolella le ba etelang sebaka seo le ho bolella ba bang ha re le matšolong a khethehileng. Re ile ra tsoela pele re ntse re le bo-pula-maliboho tšimong ea batho ba buang Searame San Diego, California.

 Wesley ke molekane le hlooho ea lelapa e molemo. O hlompha mokhatlo oa Jehova haholo. Ha ke s’o ka ke mo utloa a bua ntho e mpe ka phutheho le ka Bethele. Ho e-na le hoo o lula a bua lintho tse ahang. Oa nthapella ebile o rapela le ’na. Ha re e-na le mathata lithapelo tsa hae li nthusa hore ke lule ke khobile matšoafo.

 Ha ke nahana ’me ke hetla morao, kea bona hore re thabetse ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ho holisa lelapa le ho sebeletsa liphuthehong tse nang le tlhokahalo. Re bone hore ha u beha Jehova pele, oa u hlohonolofatsa ’me u ke ke oa hloka letho. (Pesaleme ea 37:25) Ke kholisehile hore ho khetha ho sebeletsa Jehova ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo ke e entseng.—Pesaleme ea 84:10.

Mona ke na le: Japheth, Lemuel, Jadon, le Wesley

a Mor’abo rona Linck o ne a sebeletsa ofising ea lekala ea Kenya e neng e hlokomela mosebetsi Ethiopia.

b Bana beso ba ile ba lokolloa teronkong ka mor’a lilemo tse ’nè.

c Mor’abo rona Booth e ne e le e mong oa Sehlopha se Busang ’me o ile a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka 1996.

d Mor’abo rona Pierce e ile ea e-ba e mong oa Sehlopha se Busang ’me o ile a qeta tšebeletso ea hae mona lefatšeng ka 2014.