Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho e Tšepa?

Na U Lokela ho e Tšepa?

Na U Lokela ho e Tšepa?

Mongoli oa litšoantšiso oa Lenyesemane ea bitsoang William Shakespeare o ile a ngola, a re: “U se ke ua tšepa mapolanka a bolileng.” Ke ’nete hore pele u hata mapolankeng a sekepe, u tla batla ho tiisa hore mapolanka ao ha aa bola.

MANTSOE ao a Shakespeare a lumellana le a builoeng ke Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo, eo lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng a ileng a ngola: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15, Bibele ea Sesotho) Ke sethoto feela se lumelang sohle seo se se utloang se sa botse letho, ’me se etsa lintho le liqeto se itšetlehile ka keletso kapa lithuto tse se nang motheo. Ho beha tšepo nthong e fosahetseng—ho tšoana le ho hata mapolankeng a bolileng—ho ka fella ka tlokotsi. U ka ’na ua botsa, ‘Na ho na le mohloli leha e le ofe o fanang ka tataiso oo re ka o tšepang?’

Batho ba limilione lefatšeng ho pota ba tšepa ka ho feletseng buka e ’ngoe ea boholo-holo, e leng Bibele e Halalelang. Ba itšetlehile ka buka ena hore e ba tataise. Ba itšetleha ka keletso eo e fanang ka eona ha ba etsa liqeto le ho etsa lintho ba ipapisitse le seo e se rutang. Na ho ka thoe batho bao, ho tšoana le ha ba hata mapolankeng a bolileng? Karabo ea potso eo e itšetlehile ka karabo ea potso e ’ngoe, Na ho na le mabaka a utloahalang a hore re tšepe Bibele? Tokollo ena e khethehileng ea Tsoha! e tšohla bopaki ba seo.

Morero oa Tsoha! ena hase ho buella litumelo le maikutlo a itseng a bolumeli. Ho e-na le hoo, e reretsoe ho fana ka bopaki bo matla bo kholisitseng ba limilione hore ba lokela ho tšepa Bibele. Ha u qeta ho bala lihlooho tse latelang, u tla iketsetsa qeto ea hore na u lokela ho tšepa Bibele kapa che.

U lokela ho thahasella taba ena haholo. Etsoe haeba ka sebele Bibele ke mohloli oa tataiso e tšepahalang ea ’Mōpi oa rōna, joale rōna hammoho le baratuoa ba rōna re tla rua molemo ka ho hlahloba seo Bibele e se rutang.

Empa a re qaleng ka ho bolela tse ling tsa lintlha tse ikhethang ka Bibele. Ha ho pelaelo hore ruri ke buka e ikhethang.