Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefu la Tsoekere—Na U ka Khona ho Itšireletsa?

Lefu la Tsoekere—Na U ka Khona ho Itšireletsa?

LEFU LA TSOEKERE le eketseha ka sekhahla hoo e seng e le seoa lefatšeng ka bophara. Ho na le mefuta e ’meli ea lefu la tsoekere. Mofuta oa Pele o qala haholo ho bana ’me hona joale lingaka ha li tsebe hore na li ka o thibela joang. Sehloohong sena re tla bua ka mofuta oa Bobeli, o tšoereng batho ba 90 lekholong ba nang le lefu la tsoekere.

Le hoja nakong e fetileng batho ba ne ba nka hore mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere o tšoara batho ba baholo feela, hona joale o tšoara le bana. Leha ho le joalo, lingaka li bolela hore batho ba ka khona ho fokotsa menyetla ea ho tšoaroa ke mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere. Ho tseba ho seng hokae ka lefu lena le kotsi le le sa bonahaleng kapele, ho ka u thusa. *

Lefu la Tsoekere ke Eng?

Motho ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere o na le tsoekere e ngata haholo maling. Lefu lena le ferekanya tsamaiso e tloaelehileng ea ’mele e isang tsoekere liseleng tse e hlokang e le hore li fumane matla. Sena se fella ka ho senyeha ha litho tsa ’mele le hore mali a se ke a phalla hantle ’me ka linako tse ling motho a ka khaoloa leoto kapa monoana oa leoto, a foufala kapa a tšoaroa ke lefu la liphio. Batho ba bangata ba nang le lefu la tsoekere ba bolaoa ke lefu la pelo kapa setorouku.

Mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere o ka bakoa haholo ke mafura a mangata ’meleng. Lingaka li lumela hore batho ba nang le mafura a mangata mpeng le lethekeng ba kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la tsoekere. Ka ho khetheha, mafura a manyemeng le sebeteng a ka sitisa tsela eo ’mele o laolang tsoekere e maling ka eona. U ka itšireletsa joang?

 Mehato e Meraro ea ho Itšireletsa Lefung la Tsoekere

Oa Pele. Hlahloba tsoekere ea hao haeba u nahana hore u kotsing. Bokuli bo tsejoang e le prediabetes, e leng ha motho a e-na le tsoekere e ngata maling ho feta eo a lokelang ho ba le eona, hangata bo fella ka Mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere. Maemo ana ka bobeli a kotsi ’meleng, empa ho na le phapang: Le hoja lefu la tsoekere le ka laoleha, ha le e-s’o fumaneloe pheko. Empa batho ba bang ba nang le tsoekere e ngata maling ba ka khona ho e fokotsa e le hore e be moo e lokelang ho ba teng. Ha motho a e-na le tsoekere e ngata maling ha a na matšoao a bonahalang kapele. Ke kahoo motho a sa elelloeng ha e le ngata. Litlaleho tse ling li bolela hore batho ba ka bang limilione tse 316 lefatšeng ka bophara ba na le tsoekere e ngata maling empa ba bangata ba bona ha ba tsebe. Ka mohlala, United States feela liphesente tse 90 tsa batho ba nang le tsoekere e ngata maling ha ba tsebe.

Leha ho le joalo, ho ba le tsoekere e ngata maling ho ntse ho le kotsi. Ntle le hore boemo bona bo ka etsa hore motho a qetelle a e-na le mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere, haufinyane tjena bo ’nile ba amanngoa le ho lahleheloa ke kelello. Haeba u le motenya haholo, u sa ikoetlise kapa ho na le batho ba nang le lefu la tsoekere lapeng, ho ka etsahala hore ebe u se u ntse u e-na le tsoekere e ngata maling. Ho hlahloba mali ho ka u thusa hore u tsebe.

Oa Bobeli. E-ja lijo tse nang le phepo e ntle. Ntho e ka ’nang ea u thusa ke ho etsa lintho tse latelang haeba ho khoneha: E-ja lijo tse nyenyane ho feta tseo u tloaetseng ho li ja. Ho e-na le hore u noe juice e nang le tsoekere e ngata le lino tsa asiti, e-noa metsi, tee kapa kofi. Ho e-na le hore u je lijo tse se nang phepo e ntle, u ka ja borotho bo nang le litlheferetsi, raese le pasta ka tsela e itekanetseng. E-ja nama e se nang mafura, tlhapi, makotomane le linaoa.

Oa Boraro. Ikoetlise. Ho ikoetlisa ho ka fokotsa tsoekere e maling ’me ha u thusa hore u be le boima bo itekanetseng ba ’mele. Setsebi se seng se ile sa re, ho e-na le hore u shebelle thelevishene, u ka sebelisa nako eo ho ikoetlisa.

U ke ke ua khona ho fetola liphatsa tsa hao tsa lefutso, empa u ka fetola tsela eo u phelang ka eona. Re ke ke ra ikoahlaea ha re etsa sohle se matleng a rōna ho ntlafatsa bophelo ba rōna.

^ ser. 3 Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa lijo kapa ho ikoetlisa ka tsela e itseng. Motho ka mong o lokela ho hlahloba seo a batlang ho se khetha ’me a buisane le ngaka ea hae pele a etsa qeto ea hore na o tla amohela phekolo efe.