Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Lelapa

Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Lelapa

Le hoja malapa a tobana le mathata, keletso ea Bibele e sa siuoeng ke nako e ka a thusa hore a atlehe a be a thabe.

Africa

Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, bo-’mè ba lokela ho qala ho anyesa masea a bona pele ho feta hora ka mor’a hore a hlahe ’me ba a anyese ho fihlela a le likhoeli li tšeletseng. Ho sa tsotellehe khothaletso eo, Moeletsi oa mokhatlo oa UNICEF karolong e ka bochabela le e ka boroa ea Africa o bontšitse hore liphatlalatso tse fosahetseng li re “lijo tsa masea li molemo feela joaloka lebese la ’mè.”

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Canada

Bafuputsi ba Montreal ba re bana bao batsoali ba bona ba latelang melao e sa fetoheng empa ba sa bontše bana ba bona lerato, ba na le monyetla oa karolo ea 30 lekholong ea hore ba be batenya ho feta bana bao batsoali ba bona ba nang le teka-tekano ka ho bontša bana lerato le ho ba khalemela.

RE U LOME TSEBE? Bibele e ile ea fana ka mokhoa o atlehang oa hōlisa bana lilemong tse makholo tse fetileng.—Bakolose 3:21.

Netherlands

Lipatlisiso tse entsoeng malapeng a Madache ao ho ’ona ho sebetsang batsoali ka bobeli li bontša hore batsoali ba sa kopanyeng litaba tsa mosebetsi le tsa malapa ba na le kamano e mofuthu le bana ba bona ho feta batsoali ba kopanyang litaba tsa mosebetsi le tsa lelapa. Ka mohlala, ho kopanya litaba tsa mosebetsi le tsa lelapa joaloka ho arabela mohala kapa ho letsa ka litaba tsa mosebetsi u le hae, ho ka etsa hore batsoali ba se ke ba bontša bana ba bona lerato leo ba le hlokang.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.