Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Ithutile Bibele le Hoja ke se na Matsoho

Ke Ithutile Bibele le Hoja ke se na Matsoho

Hangata ha motho a ikutloa a sa sireletseha, o itšoarella ka ntho e itseng. Empa ha ke khone ho etsa joalo, kaha ha ke na matsoho. Ha ke le lilemo li supileng ke ile ka lokela ho khaoloa matsoho e le hore bophelo ba ka bo sireletsehe.

Ke hlahile ka 1960 ha ’mè oa ka a le lilemo li 17. Ntate o ile a siea ’Mè le pele ke hlaha. Ke ne ke lula le ’Mè hammoho le batsoali ba hae motseng o monyenyane oa Burg o ka Bochabela ho Jeremane. Boholo ba batho ba moo ba ne ba sa lumele hore Molimo o teng ’me le lelapa leso le ne le sa lumele hore o teng. Molimo e ne e se letho ho rōna.

Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke thabela ho sebetsa le Ntate-moholo. O ne a re ke mo thuse ka lintho tse ngata tse kang, ho hloella lifate le ho sakha makala a tsona. Kaha ke ne ke le ngoana, ke ne ke rata mosebetsi oo haholo. Ke ne ke lula ke thabile, ke sa tšoenyehe ka letho.

KOTSI E ILENG EA FETOLA BOPHELO BA KA

Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka hlaheloa ke kotsi e tšabehang. Ke ne ke e-na le lilemo tse peli feela ke kena sekolo. Ha ke le tseleng e eang hae, ke ile ka hloella palong ea motlakase ea tšepe. Ha ke le bophahamong ba limithara tse 8, ke ile ka otloa ke motlakase eaba kea akheha. Ha ke tsoha sepetlele, matsoho a ka a ne a chele. A ne a chele hampe hoo a ileng a lokela ho khaoloa ka bobeli e le hore chefo e maling e se ke ea mathela ’meleng kaofela. U ka inahanela hore na ’Mè, Nkhono le Ntate-moholo ba ne ba sithabetse hakae. Leha ho le joalo, kaha ke ne le ngoana, ke ne ke sa utloisise hore na ho hloka matsoho ho tla fetola bophelo ba ka joang.

Ka mor’a ho tsoa sepetlele, ke ile ka khutlela sekolong. Bana ba sekolo ba ne ba nqala, ba ntšutumetsa ’me ba mpetsa ka lintho hobane ke ne ke sa khone ho itšireletsa. Ke ne ke utloisoa bohloko ke lintho tseo ba neng ba nketsa tsona. Qetellong, ke ile ka isoa sekolong se nang le bolulo sa bana ba nang le bokooa. Kaha sekolo se ne se le hōle le heso, ’Mè, Nkhono le Ntate-moholo ba ne ba sa khone ho nketela khafetsa. Re ne re bonana feela ka matsatsi a phomolo. Ha kea ka ka phela le ’Mè, Nkhono le Ntate-moholo ka lilemo tse leshome.

HO PHELA KE SE NA MATSOHO

Ke ile ka ithuta ho etsa lintho tse ngata ke sebelisa maoto. U nahana hore ke ntho e joang ho ja ka fereko kapa khaba u sebelisa menoana ea maoto? Ke ile ka lokela ho ithuta ho etsa joalo. Ke ile ka boela ka ithuta ho hlapa meno le ho ikama ka maoto. Ke ile ka boela ka ithuta ho sebelisa maoto ha ke bua le batho. Maoto a ka a ne a sebetsa joaloka matsoho.

Ha ke se ke le mocha, ke ne ke rata ho bala libuka tsa buang ka saense. Ka linako tse ling ke ne ke ipona ke e-na le matsoho a kang a roboto a tla ntumella ho etsa lintho tsohle. Ke ile ka qala ho tsuba ha ke le lilemo li 14. Ke ne ke utloa eka ho tsuba ho etsa hore ke tšoane le batho ba bang ’me ke itšepe. E ne eka ke re: ‘Le ’na nka khona ho tsuba. Ho tsuba ke ntho ea batho ba baholo, ho sa tsotellehe hore na ba na le matsoho kapa che.’

Ke ne ke lula ke phathahane ’me ke etsa lintho tse nkhathollang. Ke ile ka ba setho sa mokhatlo o mong oa bacha ’me ka ba mongoli, e leng boemo ba bohlokoa har’a litho tse ling. Ke ile ka boela ka kena k’hoaereng, ka etsa lithothokiso ’me ka kenela lipapali tsa batho ba nang le bokooa. Ka mor’a hore ke rutoe mosebetsi, ke ile ka ea sebetsa k’hamphaning e ’ngoe toropong. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke atisa ho kenya matsoho a maiketsetso kaha ke ne ke batla ho tšoana le batho ba bang.

KE ITHUTA BIBELE

Ka letsatsi le leng ha ke emetse terene hore ke ee mosebetsing, monna e mong o ile a nkatamela. O ile a mpotsa hore na ke nahana hore Molimo a ka etsa hore ke boele ke be le matsoho. Ke ne ke hloletsoe. Ke ’nete hore ke ne ke batla ho ba le matsoho hape, empa ntho eo a neng a e bua e ne e utloahala e ke ke ea khoneha! Ke ne ke kholisehile hore Molimo ha a eo. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka lula ke qoba monna eo.

Ka mor’a nako, mosebetsi-’moho le ’na o ile a nkōpa hore ke mo chakele. Ha re ntse re noa kofi, batsoali ba hae ba ile ba qala ho bua ka Jehova Molimo. Ke ne ke qala ho utloa hore Molimo o na le lebitso. (Pesaleme ea 83:18) Leha ho le joalo, ke ile ka re ka pelong: ‘Molimo ha a eo, ho sa tsotellehe hore na o na le lebitso kapa che. Ke tla bontša batho bana hore ba fositse.’ Kaha ke ne ke kholisehile ka seo ke se lumelang, ke ile ka lumela ho buisana le bona ka Bibele. Leha ho le joalo, ke ne ke sa khone ho fana ka bopaki ba hore Molimo ha a eo.

Ha re ntse re bala boprofeta ba Bibele, butle-butle ke ile ka fetola maikutlo ka hore Molimo ha a eo. Lintho tse ngata tse ileng tsa boleloa esale pele ka Bibeleng li ile tsa phethahala, le hoja li ngotsoe lilemong tse makholo kapa likete pele li phethahala. Ka letsatsi le leng ha re ntse re buisana ka Bibele, re ile ra bapisa maemo a teng mehleng ena le boprofeta bo ho Matheu khaolo ea 24, Luka khaolo ea 21 le 2 Timothea khaolo ea 3. Feela joalokaha ngaka e ka thusoa ke matšoao a ho mokuli e le hore e tsebe hore na o tšoere ke eng, lintho tse etsahalang tse hlahang boprofeteng boo li ile tsa nthusa hore ke hlokomele hore re phela nakong eo Bibeleng e reng ke ‘matsatsi a ho qetela.’ * Ke ne ke hloletsoe. Boprofeta boo bo ne bo phethahala ke ntse ke shebile.

Ke ne ke kholisehile hore seo ke ithutang sona ke ’nete. Ke ile ka qala ho rapela Jehova Molimo ’me ka khaotsa ho tsuba le hoja ke ne ke e-na le lilemo tse fetang leshome ke tsuba. Ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele ka nako e ka etsang selemo. Ke ile ka kolobetsoa ka sekhukhu ka bateng ka la 27 April, 1986 kaha ka nako eo Lipaki li ne li thibetsoe ka Bochabela ho Jeremane.

KE RUTA BATHO BA BANG

Kaha re ne re thibetsoe, re ne re kopana ka lihlopha tse nyenyane malapeng a Lipaki tse ling ’me ke tseba Lipaki tse seng kae feela. Ke ile ka makala ha ba boholong ba ntumella ho ea ka Bophirimela ho Jeremane, moo Lipaki li neng li sa thibeloa. Ke ne ke qala ho ea likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova le ho kopana le bara le barali beso ba likete. Seo se ile sa nthabisa haholo.

Ka mor’a hore ho lihuoe lebota la Berlin, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa lumelloa ho etsa mosebetsi oa tsona. Qetellong re ile ra khona ho rapela Jehova Molimo re lokolohile. Ke ne ke batla ho qeta nako e eketsehileng ke ntse ke bua le batho ka Bibele. Empa ke ne ke tšaba ho kopana le batho bao ke sa tsebeng. Ke ne ke ikutloa ke le mosesaane ka lebaka la bokooa ba ka le hore ke phetse lehaeng la batho ba nang le bokooa ka nako e telele. Leha ho le joalo ka 1992, ke ile ka qeta lihora tse 60 ka khoeli ke ntse ke buisana le batho ka Bibele. Ke ile ka thabela mosebetsi oo haholo. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea hore ke nke lihora tse kaalo khoeli le khoeli ’me ka etsa seo ka lilemo tse tharo.

Ke lula ke hopola mantsoe a Bibele a reng: “Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole?” (2 Bakorinthe 11:29) Kelello ea ka e sebetsa hantle ’me ke khona ho bua. Kahoo ke leka ka hohle hore ke thuse batho le hoja ke e-na le bokooa. Kaha ha ke na matsoho, ke khona ho utloela batho ba sa khoneng ho etsa lintho tse itseng. Kea tseba hore na ho joang ha u hlile u batla ho etsa ntho e itseng empa u sa khone. Ke leka ho khothatsa batho ba joalo. Ho thusa batho ka tsela eo, hoa nthabisa.

Ho buisana le batho ka Bibele hoa nthabisa

JEHOVA O NTHUSA KAMEHLA

Ke ’nete hore ka linako tse ling, kea nyahama. Ke lakatsa ho tšoana le batho ba bang. Ke khona ho etsa lintho tse ngata empa li nkuka nako e telele haholo li bile li nqeta matla ho feta batho ba bang. Letsatsi le leng le le leng ke ikhothatsa ka mantsoe ana: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Jehova o mpha matla ao ke a hlokang e le hore ke etse lintho letsatsi le letsatsi. Ke ithutile hore Jehova ha aa ntahla, ke kahoo ke sa batleng ho khaotsa ho mo sebeletsa.

Jehova o ntlhohonolofalitse ka lelapa, e leng ntho eo ke neng ke se na eona ho tloha bongoaneng ba ka. Ke nyetse Elke, mosali e motle ea bileng a leng lerato. Hape, Lipaki Tsa Jehova tse limilione ke lelapa leso le lefatšeng lohle.

’Na le mosali oa ka Elke

Ke boetse ke khothatsoa ke tšepiso ea Molimo ea Paradeise, moo a tla etsa hore “lintho tsohle li be ncha,” ho akarelletsa le matsoho a ka. (Tšenolo 21:5) Ke utloisisa tšepiso ena le ho feta ha ke nahana ka lintho tseo Jesu a ileng a li etsa ha a sa le lefatšeng. Hang-hang o ile a folisa batho ba holofetseng a ba a khutlisetsa tsebe ea monna e mong e neng e khaotsoe. (Matheu 12:13; Luka 22:50, 51) Lintho tseo Jehova a li tšepisang le mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa li nkholisa hore ke tla ba le matsoho hape.

Leha ho le joalo, ke hlohonolofalitsoe haholo ka hore ebe ke tseba Jehova Molimo. Ke ntate oa ka, motsoalle, motšelisi le matla a ka. Ke ikutloa joaloka Morena Davida ea ileng a re: “Jehova ke matla a ka . . . Ke thusitsoe, hoo pelo ea ka e thabileng.” (Pesaleme ea 28:7) Ke thabela hore ebe ke se ke tseba Molimo ’me ke ananela tsebo ena le hoja ke se na matsoho.

^ ser. 17 E le hore u fumane litaba tse eketsehileng mabapi le matsatsi a ho qetela, bala khaolo ea 9 e reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha inthaneteng ho www.ps8318.com/st.