MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) June 2017

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ka la 31 July ho ea ho la 27 August, 2017.

Na U sa Hopola?

Na u balile lihlooho tse sa tsoa feta tsa Molula-Qhooa ka hloko? Ke lipotso life tse tsoang Bibeleng tse u ka li arabang?

Jehova oa re Tšelisa ha re E-na le Mathata

A mang a mathata ao Bakreste ba thulanang le ’ona ke afe? Haeba u na le mathata, Molimo a ka u tšelisa joang?

Rata Matlotlo a Tsoang ho Jehova ka Pelo Eohle

Re lokela ho nka matlotlo afe e le a bohlokoa hona re ka etsa joang ho bontša hore re a nka e le a bohlokoa?

Leka ho Bona Seo Motho a Hlileng a Leng Sona

Ho ile ha etsahala’ng ha Paki ea Jehova e buisana le ntate ea neng a sa batle batho a bile a se na lehae?

Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso

Batho ba hloka khotso. Leha ho le joalo, ha ba qholotsoa, hangata ba etsang lintho tse senyang khotso. U ka etsa’ng hore u se ke oa ba etsisa?

“Ho Hlohonolofatsoe ho ba le Kelello ha Hao”

Mantsoe ana a ne a buuoa ke Davida oa Iseraele ea mehleng ea boholo-holo a rorisa Abigaile. Ke’ng e ileng ea etsa hore Davida a rorise Abigaile, hona re ithuta’ng mohlaleng oa Abigaile?

Na U Nka Bobusi ba Jehova e le Ntho ea Bohlokoa?

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo batho ba lokelang ho e etsa ke efe? Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re nke taba ee e le ea bohlokoa?

Tšehetsa Bobusi ba Jehova

Ho ba le phapang efe ha motho a nka Jehova e le eena ea lokelang ho busa batho?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re bahoebi ba rekisang liphoofolo ka tempeleng ke “masholu”?