Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

[Ka lehlakoreng le letšehali ho ea ka ho le letona] Marcelo, Yomara le Hiver. E mong le e mong o tšoere Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Spanish ea braille

Phutheho e Ile ea ba Bontša Lerato

Phutheho e Ile ea ba Bontša Lerato

NGOANANA e mong ea bitsoang Yomara le bo-abuti ba hae ba babeli e leng Marcelo le Hiver ba lula motseng o monyane naheng ea Guatemala. Yomara o ile a qalella ho ithuta Bibele le Lipaki ’me hamorao bo-abuti ba hae le bona ba ile ba ithuta. Bothata ke hore kaofela ha bona ba ne ba sa bone ba bile ba sa khone ho bala libuka tsa braille. Motho ea neng a ithuta Bibele le bona o ne a ba balla lirapa le mangolo a Bibele.

Bothata bo bong ke hore ba ne ba sa khone ho ikisa libokeng hobane Holo ea ’Muso e ne e le hole. Bara le barali ba bo rona ba ne ba ba thusa ka hore ba ba late ka matsatsi a liboka. Ha Marcelo le Hiver ba qala ho fana ka lipuo tsa har’a beke, bara ba bo rona ba ile ba ba thusa ho tšoara lipuo tsa bona ka hlooho.

Liboka li ile tsa qalella ho tšoareloa motseng oa habo bona ka May 2019. Ka nako eo, banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba kamehla ba ile ba tla motseng oo. Ba ne ba batla ho thusa Yomara, Hiver le Marcelo ho bala le ho ngola braille le hoja banyalani bana ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola braille. Ba ile ba ea laebrari ho fumana libuka tsa braille e le hore ba ka khona ho ruta ba bang.

Marcelo oa araba libokeng

Ka mor’a likhoeli tse ’maloa, boraro ba bona ba ne ba se ba khona ho bala libuka tsa braille ’me sena se ile sa ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. a Hona joale e se e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Marcelo ke mohlanka ea sebeletsang. Ba lula ba phathahane beke e ’ngoe le e ’ngoe ba sebeletsa Jehova. Cheseho ea bona e ile ea etsa hore batho ba bang le bona ba chesehele ho sebeletsa Jehova.

Yomara, Marcelo le Hiver ba ananela tsela eo phutheho e ba thusang ka eona. Yomara o re: “Lipaki li ile tsa re bontša lerato li qala ho kopana le rona.” Marcelo o re: “Re na le metsoalle e re ratang phuthehong ea habo rona hape re karolo ea lelapa la Bakreste-’moho le rona ba linaheng tse ling.” Yomara le bo-abuti ba hae ba lebeletse nako eo ka eona Jehova a tla etsa lefatše lena paradeise.—Pes. 37:10, 11; Esa. 35:5.

a Bukana ea Learn to Read Braille e etselitsoe ho thusa batho ba sa boneng kapa ba sa boneng hantle ho ithuta ho bala le ho ngola braille.