Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

K’hemik’hale ea Bohlokoa

K’hemik’hale ea Bohlokoa

Buka e ’ngoe e re: “Carbon ke k’hemik’hale ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.” E khona ho ipōpa ’me e kopane le lik’hemik’hale tse ling ebe e etsa metsoako e limilione ea lik’hemik’hale tseo batho ba ntseng ba ithuta tsona.

Mehlala e latelang e bontša hore liathomo tsa carbon li ka boela tsa ikopanya e le hore li etse libōpeho tse fapaneng, tse kang cheini, phiramide, selikalikoe, le lichupu. Carbon e ea ikhetha!

TAEMANE

Liathomo tsa carbon li etsa liphiramide tse bitsoang tse bitsoang tetrahedrons, lia tiea ’me li etsa hore taemane e be ntho e thata ka ho fetisisa. Taemane e phethahetseng ke molek’hule o le mong oa liathomo tsa carbon.

GRAPHITE

Liathomo tsa carbon tse khomarelaneng ka thata li behoa ka tsela e tla li lumella hore li thelle feela joaloka maqephe a behiloeng nģa e le ’ngoe. Kaha graphite e ea thella, batho ba e sebelisa litšepeng e le hore li se ke tsa hohlana ’me e boetse e sebelisoa haholo ha ho etsoa metsu ea lipentšele. *

GRAPHENE

Ena ke karolo e le ’ngoe feela ea athomo ea carbon e masoba a kang a letlooa. Graphene e thata ho feta tšepe ea setala. Ho ka etsahala hore ebe mongolong oa pentšele ho na le graphene e nyenyane.

FULLERENES

Limolek’hule tsena tse masoba tsa carbon li bōpehile joaloka bolo kapa lichupu. Li methoa ka li-nanometers e leng ntho e nyenyane haholo hoo motho a ke keng a e bona.

LINTHO TSE PHELANG

Lisele tse ngata tse etsang limela, liphoofolo le batho li entsoe ka carbon e leng k’hemik’hale e fumanoang lik’habohaedreiteng, mafureng le ho li-amino acid.

“Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka . . . pōpong.”Baroma 1:20.

^ ser. 7 Sheba sehlooho se reng “Ke Mang ea Nang le Pentšele?” ho Tsoha! ea July 2007