Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka le Nepahetseng la ho Lumela ho Molimo

Lebaka le Nepahetseng la ho Lumela ho Molimo

Lebaka le Nepahetseng la ho Lumela ho Molimo

BUKA ea Sekorea e nang le sehlooho se reng 31 Reasons Why Young People Leave the Church e bolela hore ba bangata ba tlohela ho ea kerekeng hobane ba sa fumane likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bona. Ka mohlala, baa botsa hore na ‘Ke hobane’ng ha batho ba lumelang ho Molimo ba hlopheha?’ le hore na ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo likereke li e rutang ha lithuto tsa tsona tse ngata li ferekanya li bile li ikhanyetsa?’

Ba bangata ba etsa qeto ea hore ha ho na karabo ka Bibeleng ka lebaka la ho nyahamisoa ke likarabo tsa baruti ba bona. Ha moruti a fana ka tlhaloso e thehiloeng ka ho feletseng maikutlong a hae, hangata phello e-ba ho se utloisise, esita le ho latola Molimo le Bibele.

Eo e bile phihlelo ea Abel, ea ileng a hōlisetsoa kerekeng ea Lutere Afrika Boroa. Ha a hopola se neng se etsahala o re: “Kereke e ruta hore motho e mong le e mong ea shoang o ‘nkoa’ ke Molimo. Empa ke ne ke sa utloisise hore na ho tla joang hore Molimo ea lerato a ‘nke’ batsoali a ba seise bana ba bona. Libakeng tsa Afrika tsa mahaeng, moo ke hōletseng teng, re ne re ke ke ra hlaba ’malitsuonyana ha litsuonyana li sa le nyenyane. Haeba re ne re ka tseba hore khomo ea sethole e emere, re ne re sa e hlabe ho fihlela namane e tsoetsoe ebile e telisitsoe ’mèlè. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a ne a sa bontše batho qenehelo e joalo.”

Aram, oa Lecanada, o ne a e-na le lipelaelo tse tšoanang. O re: “Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li 13. Tšebeletsong ea lepato la hae, moruti ea hlahelletseng o ile a hlalosa hore Molimo o ne a batla hore Ntate a shoe e le hore a e’o ba haufi le Molimo leholimong. O ile a re, ‘Molimo o nka batho ba molemo, hobane Molimo o rata batho ba lokileng.’ Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a inahanela boeena feela.”

Hamorao Abel le Aram ba ile ba kopana le Lipaki Tsa Jehova, ba ithuta Bibele le tsona ’me qetellong ba fumana likarabo tsa lipotso tsa bona. Butle-butle ba ile ba rata Molimo ’me ba e-ba le tumelo e matla ho eena. Qetellong, ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ea e-ba bahlanka ba hae ba tšepahalang.

Tsebo e Nepahetseng ke Ntho ea Bohlokoa Bakeng sa ho Lumela ho Molimo

Re ka ithuta eng liphihlelong tsee? Li re bolella hore ho hlokahala tsebo e nepahetseng ea Bibele hore motho a lumele ho Molimo. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba motseng oa Filipi ea boholo-holo: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” (Bafilipi 1:9) Mona Pauluse o hatella ntlha ea hore ho rata Molimo le balumeli-’moho le rōna ho amana haufi le tsebo e nepahetseng ea Molimo le temoho ea hore na thato ea hae ke efe.

Taba ena ea utloahala kaha ntho ea pele e hlokahalang hore u tšepe motho ke hore u mo tsebe—sena se bolela hore haeba u tseba motho eo hantle u tla mo tšepa haholoanyane. Ka tsela e tšoanang, ho hlokahala hore u be le tsebo e nepahetseng e tla u susumelletsa hore u lumele ho Molimo. Pauluse o ile a re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ho lumela ho Molimo u se na tsebo e nepahetseng ea Bibele ho tšoana le ho haha lentloane. Ha u le raha hanyenyane feela lea heleha.

Ho ithuta Bibele ho ka u thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tse tšoanang le ena e ileng ea tsietsa Abel le Aram ka nako e telele, Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Bibele e re hlalosetsa hore “sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Batho baa tsofala le ho shoa ka lebaka la hore Adama o entse sebe, eseng hobane Molimo a ba nkile hore ba e’o lula le eena. (Genese 2:16, 17; 3:6, 17-19) Ho feta moo, Bibele e senola tšepo ea ’nete eo Jehova Molimo a fanang ka eona. Ka Mor’a hae, Jesu Kreste, o fa batho ba nang le sebe tšepo ea tsoho.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

E le hore tlaleho ea Bibele e re thuse ho utloisisa ’nete e mabapi le tsoho, e na le mehlala ea batho ba ’maloa bao Jesu a ileng a ba tsosa bafung. (Luka 7:11-17; 8:40-56; Johanne 11:17-45) Ha u ntse u bala litlaleho tsena tsa Bibele, hlokomela kamoo metsoalle ea batho ba tsositsoeng bafung le beng ka bona ba ileng ba thaba le ho nyakalla kateng. Hape, hlokomela hore ba ile ba susumelletseha hore ba rorise Molimo le hore ba lumele ho Jesu.

Ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo le ka merero ea hae ho ka ba le liphello tse tšoanang ho batho kajeno. Batho ba bangata ba ne ba ferekane, ba imetsoe ba bile ba qakiloe ke lipotso tsa bohlokoa tseo ba neng ba sa fumane likarabo tsa tsona tse khotsofatsang. Empa ha ba ntse ba ithuta Bibele, ba ile ba fumana likarabo eaba seo se fetola bophelo ba bona ka ho feletseng.

Ho Rata Molimo—Ke Lebaka le ka Sehloohong la ho mo Sebeletsa

Le hoja ho hlokahala tsebo e nepahetseng hore motho a lumele ho Molimo, ho na le ntho e ’ngoe e hlokahalang e tla mo susumetsa hore a mo mamele le ho mo sebeletsa. Ha Jesu a ne a botsoa hore na ke taelo efe e khōlō ka ho fetisisa e tsoang ho Molimo, o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Haeba motho a rata Molimo ka tsela eo Jesu a e bontšitseng, o tla thabela ho Mo mamela le ho Mo sebeletsa. Na u etsa joalo?

Rachel eo e bileng moromuoa Korea ka lilemo tse mashome a ’maloa, o bolela lebaka la tumelo ea hae tjena: “Ke nahana ka mosa oo Jehova a o bontšang libōpuoa tsa hae, kamoo a tšoarelang kateng ha a sebelisana le batho ba hae, le ka takatso ea hae ea hore re itsoele molemo ka ho re tsebisa seo a batlang hore re se etse. Lintho tsena tsohle li etsa hore lerato la ka ho Molimo le hōle. ’Me lerato leo le etsa hore ke batle ho mo sebeletsa.”

Martha, ke mohlolohali ea lulang Jeremane, ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse 48. O re: “Ke hobane’ng ha ke sebeletsa Jehova? Ke hobane kea mo rata. Mantsiboea a mang le a mang ke bua le Jehova ka thapelo le ho mo bolella kamoo ke lebohang limpho tsohle tsa hae kateng, haholo-holo ea sehlabelo sa thekollo.”

Ke ’nete hore ho rata Molimo ho etsa hore re batle ho mo sebeletsa ho tsoa lipelong tsa rōna. Empa motho a ka ba le lerato le joalo joang? Tšusumetso e matla ka ho fetisisa ea ho hlaolela ho rata Molimo ke ho ananela ka botebo lerato leo a re bontšitseng lona. Hlokomela kamoo khopotso ena ea Bibele e thabisang kateng: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato. Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:8-10.

Na ua hlokomela hore na lerato leo le leholo hakae? Ak’u inahanele feela haeba u ne u khangoa ke metsi a molatsoana o phallang ka potlako ebe motho e mong o itella ho u pholosa. Na u ne u tla mo lebala, kapa na u ne u ke ke ua mo leboha ka hohle-hohle? Na u ne u ke ke ua rata ho mo etsetsa sohle seo u ka se khonang? Lerato leo Molimo a ileng a le bontša ka ho fana ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le sehlabelo sa thekollo, le leholo haholo hoo le ke keng la bapisoa. (Johanne 3:16; Baroma 8:38, 39) Ha lerato la Molimo le finyella pelo ea hao, le tla u susumelletsa ho mo rata le ho mo sebeletsa ka pelo eohle.

Litlhohonolofatso Tsa Hona Joale le Tsa Nakong e Tlang

Le hoja ho rata Molimo e lokela ho ba lebaka le ka sehloohong la ho etsa thato ea hae, hoa thabisa ho tseba hore Molimo o putsa ba mo sebeletsang. Moapostola Pauluse o re ka taba ena: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Ka sebele Molimo o hlohonolofatsa ba mo ratang le ba mo mamelang. Batho ba bangata ba phela hantle ka lebaka la ho latela melao-motheo ea Bibele. (Liproverbia 23:20, 21; 2 Bakorinthe 7:1) Boholo ba batho ba sebelisang melao-motheo ea Bibele e mabapi le ho ba ba tšepahalang le ba mahlahahlaha, hangata ba tšeptjoa ke bahiri ’me kahoo ha ho bonolo hore ba lahleheloe ke mesebetsi. (Bakolose 3:23) Bahlanka ba Molimo ba hlohonolofatsoa ka khotso ea kelello leha ba le maemong a lekang, ka lebaka la hore ba tšepa Jehova. (Liproverbia 28:25; Bafilipi 4:6, 7) Ka holim’a tsohle, ka kholiseho ba lebella ka thabo nakong ea ha ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise le tlang.—Pesaleme ea 37:11, 29.

Ba thabelang litlhohonolofatso tse joalo tse tsoang ho Jehova ba ikutloa joang ka eena? Mokreste e mong oa Canada ea bitsoang Jacqueline, o bolela kamoo a ananelang Molimo kateng ha a re: “Kamehla o re fa limpho tse babatsehang haholo, ’me o re fa tšepo e tiileng ea bophelo bo sa feleng.” Abel, eo ho buuoeng ka eena pejana, o hlalosa maikutlo a hae ka tsela ena: “Tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise e ne e le ntho e ncha litsebeng tsa ka, ’me ke sona seo ke se lebeletseng. Leha ho le joalo, le haeba Paradeise e ne e le sieo, ke ne ke tla ’ne ke thabele ho bontša hore ke rata Molimo ka ho mo sebeletsa.”

Le Uena U ka ba le Tumelo ea ’Nete

Bibele e re: “Jehova oa mabotho o ahlola ka ho loka; o hlahloba liphio le pelo.” (Jeremia 11:20) E, Jehova o hlahloba se patiloeng botebong ba lipelo tsa rōna. E mong le e mong o lokela ho hlahloba hore na ke eng se mo susumelletsang ho lumela ho Molimo. E ka ’na eaba nakong e fetileng litumelo le mehopolo e fosahetseng ka Molimo li re susumelelitse ho etsa liketso tse mpe. Empa tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka etsa hore re be le kamano e ntle le ’Mōpi, Jehova Molimo.—1 Timothea 2:3, 4.

Lipaki Tsa Jehova li ntse li thusa batho ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo li sebelisa tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. (Matheu 28:20) Batho ba bangata ba lumetseng ho thusoa ka tsela eo, ba rata Molimo ba bile ba lumela ho eena e le kannete. Ka thuto ea Bibele, ba fumane “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana,” tse ba thusang hore ba ‘tsamaee ba sireletsehile’ mehleng ena e mahlonoko. (Liproverbia 3:21-23) Ka holim’a tsohle, hona joale ba na le tšepo “ea ’nete . . . le e tiileng” ka bokamoso. (Baheberu 6:19) Le uena u ka ba le tumelo ea ’nete ’me ua thabela litlhohonolofatso tsena.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Lipotso Tse Tsietsang Tse Neng li Hloka ho Arajoa

“Ha ke sa ntse ke le seithuti ke rupelloa bongaka sepetlele, ke ile ka bona batho ba molemo ba bobola ba le mahlabeng a neng a bakoa ke maloetse le likoluoa. Haeba ho na le Molimo, ke hobane’ng ha lintho tsee li etsahala? Na bolumeli bo mpa feela e le mokhoa oa hore motho a fumane khotso ea kelello?”—Eo e kileng ea e-ba setho sa kereke ea Presbitheri Korea.

“Khafetsa ke ne ke ipotsa hore na ebe Ntate, eo e neng e le lekhoba la tahi, o ne a ile liheleng kapa leholimong. Ke ne ke nyaroha ha ke nahana ka bafu le ka taba ea mollo oa lihele. Ke ne ke sa utloisise hore na ke joang Molimo ea lerato a ka isang motho liheleng hore a e’o utloa bohloko ka ho sa feleng.”—Eo e neng e le Mok’hatholike Brazil.

“Ho tla etsahala eng ka lefatše le moloko oa batho nakong e tlang? Moloko oa batho o ka khona ho phela ka ho sa feleng joang? Moloko oa batho o ka ba le khotso ea ’nete joang?”—Eo e neng e le Mok’hatholike Jeremane.

“Thuto ea ho tsoaloa hangata e ne e sa utloahale ho ’na. Liphoofolo ha li rapele, kahoo haeba ka lebaka le itseng u tsoaloa u se u le phoofolo hore u lefelle libe tsa hao, u tla lokisa liphoso tsa hao joang le ho ntlafatsa ka mor’a moo?”—Eo e neng e le Mohindu Afrika Boroa.

“Ke hōletse lelapeng la Boconfucius, ’me ke ne ke atisa ho kopanela moketeng oa ho khutsisa balimo ba rōna. Ha ke ne ke ntse ke thusa ho teka tafole ea mahlabelo leha ke ne ke ntse ke khumama, ke ne ke ipotsa hore na balimo ba ne ba tla ho tla ja lijo tseo le ho tla re bona ha re ba khumamela.”—Ea neng a kena kereke ea Boconfucius Korea.

Batho bana bohle ba ile ba fumana likarabo tsa lipotso tsa bona ha ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.