Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Botlallo ba Bona bo Koala Khaello

Botlallo ba Bona bo Koala Khaello

E NE e le ka selemo sa 49 C.E. Petrose, Jakobo le Johanne—“ba neng ba bonahala e le litšiea”—ba ile ba roma moapostola Pauluse hammoho le mosebetsi-’moho le eena ea bitsoang Barnabase. Ba ne ba lokela ho lula ba hopotse Bakreste ba futsanehileng ha ba ntse ba pakela lichaba. (Bagal. 2:9, 10) Ba ile ba phetha boikarabelo boo joang?

Mangolo a Pauluse a bontša kamoo a ileng a sebetsana le taba eo kateng. Ka mohlala, o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe, a re: “Joale malebana le koleke e bakeng sa bahalaleli, feela joalokaha ke ile ka fana ka litaelo ho liphutheho tsa Galatia, le etse ka tsela eo le lōna. Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng, e le hore ha ke fihla likoleke li tle li se ke tsa etsoa ka nako eo. Empa ha ke fihla moo, banna bafe kapa bafe bao le ba lumellang ka mangolo, ke tla ba roma ho isa mpho ea lōna e mosa Jerusalema.”—1 Bakor. 16:1-3.

Lengolong la hae la bobeli le bululetsoeng le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a boela a bontša hore na morero oa koleke eo e ne e le ofe. E ne e le bakeng sa hore “ka ho leka-lekanya botlallo ba lōna hona joale bo ka koala khaello ea bona.”—2 Bakor. 8:12-15.

Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Roma hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E., koleke eo e ne e se e batla e feletse. O ile a re: “Ke mothating oa ho ea Jerusalema ho ea sebeletsa bahalaleli. Etsoe ba Macedonia le Akaia ba khahliloe ho arolela mafutsana a bahalaleli ba Jerusalema lintho tsa bona ka monehelo.” (Bar. 15:25, 26) Pauluse o ile a phetha thōmo ea hae nakoana ka mor’a moo, kaha ha a khutlela Jerusalema ’me a tšoaroa ha a le moo, o ile a bolella ’Musisi oa Moroma Felixe a re: “Ke ile ka fihla ho tlisa limpho tsa mohau sechabeng sa heso, le linyehelo.”—Lik. 24:17.

Seo Pauluse a ileng a se bua ka batho ba Macedonia se totobatsa hore na Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bontša moea oa mofuta ofe. O ile a re ba ile ba “re kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa.” Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakorinthe hore ba latele mohlala oo. O ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Ke eng e ileng ea susumelletsa liphutheho tseo hore li fane ka seatla se bulehileng hakaalo? Lebaka la ho etsa seo e ne e se hobane feela ba batla “ho fana haholo ka litlhoko tsa bahalaleli empa le ho rua lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (2 Bakor. 8:4; 9:7, 12) Le rōna re ka ’na ra fana ka seatla se bulehileng ka morero o tšoanang. Ka sebele Jehova Molimo o tla re hlohonolofatsa ha re e-na le moea oo o motle re bile re se na boithati—etsoe ruri tlhohonolofatso ea hae ea ruisa.—Liprov. 10:22.

KAMOO BA BANG BA KHETHANG HO NEHELA KATENG BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Joaloka mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata ba ‘behella ka thōko ho hong’ kapa ba lekanyetsa chelete eo ba tla e tšela ka lebokoseng la monehelo la phutheho le ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.” (1 Bakor. 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Hape, hoa khoneha hore u ka romela menehelo eo ka ho toba mokhatlong oa molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u tle u fumane hore na mokhatlo o ka sehloohong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno o bitsoa’ng, re kōpa hore u ikopanye le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno. Aterese ea ofisi ea lekala e ka fumanoa ho www.ps8318.com. Menehelo e ka romeloang ka ho toba ke e latelang:

MENEHELO E TOBILENG

  • Menehelo ea chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea hao ea bohlokoa.
  • U lokela ho kenyelletsa lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella limphong tsa chelete le thepa ea rōna ea bohlokoa, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Mekhoa eo e thathamisitsoe ka tlaase. Ho sa tsotellehe hore na u ka batla ho sebelisa mokhoa kapa mekhoa efe, re kōpa hore u ikopanye le ofisi ea lekala pele ho bona hore na ke mekhoa efe e ka tlaase e sebetsang naheng ea heno. Kaha lintho tse hlokoang ke molao le melao ea ho lefa lekhetho li fapane, ke habohlokoa hore u ikopanye le baeletsi ba tšoanelehang ba lekhetho le ba molao pele u khetha mokhoa oo u ka nehelang ka oona.

Inshorense: Ke monehelo o etsoang ka hore ho bontšoe hore mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova o tla fuoa chelete ea inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Liak’haonte Tsa Banka: Liak’haonte tsa banka, mangolo a letsete kapa liak’haonte tseo chelete ea ho tlohela mosebetsi e kenngoang ho tsona, ho ka etsoa hore li oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha mong’a tsona a e-shoa, ho itšetlehiloe ka melao ea libanka ea sebaka ka seng.

Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e le mpho kapa ha etsoa hore li oele mokhatlong oo ha mong’a tsona a e-shoa.

Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, ebang ke ka ho fana ka sona kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa kapa ka ho bontša mokhatlo oo e le oona mojalefa tumellanong ea letlōle. Tokisetso ena e ka ’na ea fana ka melemo e itseng mabapi le lekhetho.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.