Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?

Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?

Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?

LILEMO tse ka bang 30 ka mor’a lefu la Jesu, moapostola Pauluse o ile a bolela hore litaba tse molemo li ne li boleloa “pōpong eohle” e tlas’a leholimo. (Bakolose 1:23) Polelo ea hae ha e ea lokela ho nkoa ka tsela ea sebele joalokaha eka motho e mong le e mong ea neng phela ka nako eo o ne a utloile litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ntlha ea Pauluse e hlakile: Baromuoa ba Bakreste ba ne ba bolela litaba tse molemo karolong e khōlō ea lefatše eo batho ba neng ba e tseba mehleng eo.

Mohlomong ba ile ba bolela ho ea fihla hokae? Mangolo a re bolella hore likepe tsa khoebo li ile tsa nolofalletsa Pauluse hore a bolele litaba tse molemo libakeng tse ka bophirimela a ba a ea fihla Italy. Moromuoa enoa ea sebete o ne a boetse a batla ho ea bolela litaba tse molemo Spain.—Liketso 27:1; 28:30, 31; Baroma 15:28.

Ka bochabela teng? Bakreste ba pele ba ile ba bolela evangeli ho ea fihla kae? Re ke ke ra bolela sebaka se tobileng, etsoe Bibele ha e re letho ka taba ena. Leha ho le joalo, u ka ’na ua makala ha u fumana hore na litsela tsa khoebo li ne li ea hōle hakae pakeng tsa linaha tsa Mediterranean le tsa Bochabela lekholong la pele la lilemo C.E. Empa bonyane taba ea hore ho ne ho e-na le litsela tse joalo e bontša hore ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea hore ba lebe bochabela.

Liphello Tsa Puso ea Alexandere

Ha Alexandere e Moholo a ntse a hlōla linaha, o ile a leba bochabela, a phunyelletsa Babylonia le Persia, a ba a ea fihla Punjab e ka leboea India. Litlhaselo tseo li ile tsa thusa Bagerike hore ba tsebe libaka tse lebōpong le sabaletseng ho tloha moo Nōka ea Eufrate e kenang Koung ea Persia ho ea fihla moo Nōka ea Indus e kenang Leoatleng la Arabia teng.

Ka potlako, bo-ralikepe ba ile ba tšela Leoatle la India ba ntoo tsamaea Leoatleng le Lefubelu ba isa linōko le mekubetso ka bongata libakeng tsa Bagerike. Qalong khoebo ena e ne e tsamaisoa ke bo-rakhoebo ba Maindia le ba Maarabo. Empa hang ha bo-Ptolemy ba Egepeta ba lemoha hore na lifefo linakong tse sa tšoaneng tsa selemo li tsamaea joang, le bona ba ile ba qala khoebo ba tsamaea Leoatleng la India.

Leoatleng leo, ho na le meea e lulang e foka e hlaha ka boroa-bophirimela ho tloha ka May ho ea ho September, e leng se nolofalletsang likepe ho tsamaea Leoatleng le Lefubelu, ebang li ka thatika le lebōpo la Arabia le ka boroa kapa tsa toba karolong e ka boroa ea India. Pakeng tsa November le March, meea e khutla e hlaha leboea-bochabela, e leng se etsang hore leeto la ho khutla le be bonolo. Ka lilemo tse makholo, bo-ralikepe ba Maarabo le ba Maindia ba ne ba ile ba sebelisa tsebo eo ea hore na lifefo li leba hokae ka nako efe ea selemo, kahoo ba ne ba tloha India ba kena Leoatleng le Lefubelu ka linōko tsa cassia, sinamone, nareda le pepere.

Litsela Tsa Sekepe Tse Eang Alexandria le Roma

Ha Baroma ba hapa linaha tse neng li busoa ke bahlahlami ba Alexandere, Roma e ile ea e-ba setsi sa ’maraka oa thepa ea bohlokoa e tsoang Bochabela—manaka a tlou a tsoang Afrika, mekubetso le myra tse tsoang Arabia, linōko le majoe a bohlokoa a tsoang India haesita le silika e tsoang Chaena. Likepe tse neng li laetse thepa ea mofuta oo li ne li fihlela likoung tse peli tse ka sehloohong tse Lebōpong la Leoatle le Lefubelu la Egepeta—e leng kou ea Berenice le ea Myos Hormos. Thepa e tsoang likoung tseo ka bobeli e ne e tsamaisoa ke bahoebi ba tsamaeang ka lihlopha tsa likamele ba e isa Coptos, e pel’a Nōka ea Nile.

Ho tloha Coptos, thepa ena e ne e isoa Nōkeng ea Nile, e leng nōka e khōlō eo thepa e tsamaisoang ka eona Egepeta ha e isoa Alexandria, moo e neng e laeloa likepeng e ntoo isoa Italy kapa libakeng tse ling. Tsela e ’ngoe e eang Alexandria e ne e feta kanaleng e neng e kopanya Nōka ea Nile le karolo e holimo ea Leoatle le Lefubelu—haufi le Kanale ea Suez ea kajeno. Ho hlakile hore Egepeta le metse ea eona e nang le likou e ne e batla e le haufi le linaha tseo Jesu a neng a bolela ho tsona ’me ho ne ho ka ba bonolo ho li etela.

Strabo, eo e neng e le setsebi sa jeokrafi sa Mogerike lekholong la pele la lilemo, o ile a re mehleng ea hae, selemo le selemo likepe tsa Alexandria tse 120 li ne li tloha Myos Hormos ho ea hoebisana le India. Ho na le buka ea lekholong la pele la lilemo e buang ka khoebo ea likepe sebakeng sena, e ntseng e le teng le kajeno. Mohlomong e ngotsoe ke mohoebi oa Moegepeta ea buang Segerike molemong oa bahoebi ba habo. Ebe re ka ithuta’ng bukeng ee ea mehleng ea boholo-holo?

Buka ena e nang le tataiso, eo hangata ha e qotsoa ho sebelisoang lebitso la eona la Selatine, Periplus Maris Erythraei (Ho Hahlaula ho Pota Leoatle la Erythraea), e bua ka litsela tsa khoebo tsa leoatleng tse bolelele ba lik’hilomithara tse likete ka boroa ho Egepeta ho ea fihla Zanzibar. Ha a leba ka bochabela, mongoli oa buka ena o bua ka lintho tse kang ho qaqolohana ha libaka, likou tsa likepe, mebaraka e meholo, thepa e rekisoang le tsela ea bophelo ea baahi ba libakeng tse thatikang le lebōpo le ka boroa la leoatle la Arabia, ebe o theohela lebōpong le ka bophirimela la India ho ea fihla Sri Lanka a ntoo fetela lebōpong le ka bochabela la India a be a e’o fihla Nōkeng ea Ganges. Tlhaloso e nepahetseng le e hlakileng ea mongoli oa buka ena e etsa hore re fihlele qeto ea hore o ne a kile a etela libaka tseo a li hlalositseng.

Ha Batho ba Tsoang Linaheng Tsa Bophirimela ba le India

Naheng ea India, bahoebi ba tsoang linaheng tsa bophirimela ba ne ba bitsoa Mayavanas. Ho latela Periplus, se seng sa libaka tseo ba neng ba atisa ho fihlela ho tsona lekholong la pele la lilemo C.E. e ne e le Muziris, e haufi le moo naha ea India e entseng ntlhana ka boroa. * Lithothokiso tsa Tamil, tsa makholong ao a pele-pele a lilemo C.E., li bua ka bahoebi bao hangata. Thothokiso e ’ngoe e re: “Likepe tse hahiloeng hantle tsa Mayavanas li ne li tlisa khauta li ntoo khutla li laetse pepere, ebe Muziris ho utloahala litlatse tsa batho ba thabileng.” Thothokisong e ’ngoe, khosana e itseng ea India boroa e khothalletsoa ho noa veine e tsoakiloeng ka linōko e tlileng le Mayavanas. Thepeng e tsoang Bophirimela e neng e ratoa ke batho ba India, ho ne ho e-na le lintho tsa khalase, tšepe, likorale le masela.

Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane bopaki bo bongata India ba lintho tse tsoang Bophirimela. Ka mohlala, Arikamedu e lebōpong la India le ka boroa-bophirimela, ho ile ha epolloa linkho tsa Baroma tsa veine le lijana tse nang le litempe tsa batho ba li bōpileng ba Arezzo, e Italy bohareng. Mongoli e mong o re: “Mofuputsi oa mehleng ena o ba le tšepo ha a fumana mangeta tlas’a mahoholi a bokellaneng koung ea Bengal, a nang le mabitso a libōpi tseo lionto tsa tsona li shatamaneng moeling oa Arezzo.” Khoebo pakeng tsa linaha tsa Mediterranean le India e boetse e pakoa ke lichelete tsa Baroma tse ngata-ngata tsa khauta le tsa silevera, tse fumanoeng karolong e ka boroa ea India. Boholo ba lichelete tsena ke tsa lekholong la pele la lilemo C.E. ’me li na le litšoantšo tsa Baemphera ba Roma, e leng Augustase, Tiberiuse le Nero.

Taba ea hore baahi ba Roma ba ne ba e-na le likolone tsa khoebo India boroa e tšehetsoa ke bopaki ba ’mapa oa mehleng ea boholo-holo, oo kopi ea oona e sa ntseng e le teng le hoja e entsoe mehleng e bohareng. ’Mapa ona o tsebahalang e le Chate ea Peutinger—o bontšang hore na libaka tsa Baroma li ne li eme joang lekholong la pele la lilemo C.E.—o bontša tempele ea Augustase e Muziris. Buka ea Rome’s Eastern Trade: International Commerce and Imperial Policy, 31 BC–AD 305, e re: “E tlameha ebe ke bafo ba ’Muso oa Roma feela ba neng ba ka haha mohaho oa mofuta oo ’me kamoo ho bonahalang kateng ke ba neng ba lula Muziris kapa ba ileng ba qeta boholo ba nako ea bona moo.”

Bonyane litlaleho tsa Baroma li bua ka baemeli ba bararo ba India ba ileng ba etela Roma nakong ea puso ea Augustase, ho tloha ka 27 B.C.E. ho fihla ka 14 C.E. Buka e ’ngoe e buang ka phuputso e entsoeng tabeng ena e re, “baemeli bana ba ne ba e-na le morero o moholo o mabapi le lipuisano”—oa ho lumellana litabeng tsa hore na khoebo pakeng tsa batho ba linaha tse sa tšoaneng e tsamaisetsoe hokae, ke maemong afe moo ba lokelang ho ntša lekhetho, hore na libaka tseo batho ba tsoang linaheng tse ling ba ka lulang ho tsona ke life, le tse ling.

Lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba ne ba nka maeto khafetsa pakeng tsa libaka tse Leoatleng la Mediterranean le India, ebile eo e ne e le ntho e tloaelehileng. Ho ne ho ka ba bonolo hore moromuoa oa Mokreste ea neng a le ka leboea ho Leoatle le Lefubelu a palame sekepe se eang India.

Na ba Ile ba Feta India?

Ho thata ho tseba hore na bahoebi ba Mediterranean le bahahlauli ba bang ba ile ba fihla hōle hakae ka bochabela—le hore na ba fihlile neng. Leha ho le joalo, ho lumeloa hore lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba bang ba tsoang linaheng tsa bophirimela ba ne ba se ba ntse ba nka maeto a fihlang Thailand, Cambodia, Sumatra le Java.

Litlaleho Tsa Histori ea Morao-rao ea Lesika la Borena la Han (Hou Han-Shou), tse akarelletsang nako ea ho tloha ka 23 C.E. ho ea ho 220 C.E., li bolela nako e ’ngoe eo ka eona ba ileng ba nka leeto la mofuta oo. Ka 166 C.E., baemeli ba tsoang ho An-tun, morena oa Daqin, ba ile ba fihla ntlong ea borena ea Chaena ba nkile sethabathaba ho qekisa Moemphera Huan-ti. Daqin e ne e le lebitso la Sechaena la ’Muso oa Roma, ha An-tun ho bonahala e le lebitso la Sechaena le emelang Antoninus, e leng fane ea Marcus Aurelius, eo e neng e le moemphera oa Roma ka nako eo. Bo-rahistori ba nahana hore bona e ne e se boemeli ba Roma bo molaong, e ne e mpa e le moritaoke oa bahoebi ba tsoang ka bophirimela oa hore ba khone ho iphumanela silika ka ho toba ho tsoa naheng ea Chaena eseng ho barekisi.

Ha re khutlela potsong ea rōna ea pele, Likepe tsa mehleng eo li ne li ka fihlisa baromuoa ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hōle hakae ka bochabela? Na li ne li ka ba fihlisa India esita le ho feta moo? Mohlomong. Ka sebele, molaetsa oa Bokreste o ne o se o nametse libakeng tse hōle hoo moapostola Pauluse a neng a ka bolela hore o ne o ntse o “beha litholoana le ho eketseha lefatšeng lohle”—se bolelang hore ho ea fihla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše tseo batho ba neng ba li tseba mehleng eo.—Bakolose 1:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Le hoja ho sa tsejoe hantle hore na Muziris e ne e le hokae, litsebi tsona li re e ne e le haufi le moo Nōka ea Periyar e kenang leoatleng teng, Naheng ea Kerala.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Tletlebo ea Moemphera

Ka 22 C.E., Moemphera oa Roma ea bitsoang Tiberiuse o ile a tletleba ka tsela eo ka eona batho ba sechaba sa habo ba neng ba rata lintho ka ho feteletseng. Ho chachehela menono le lerato le se nang taolo leo basali ba Baroma ba neng ba rata mabenyane ka lona, li ne li thefula moruo pusong ea hae ho o isa “lichabeng lisele kapa tse tletseng bora.” Rahistori oa Moroma ea bitsoang Pliny e Moholo (23-79 C.E) le eena o ile a tletleba ka bothata bo tšoanang ba tšebeliso e bohlasoa ea chelete. O ile a ngola tjena: “Ha ho se ho thoe lipalo li tlaase-tlaase, batho ba India, ba Seres le ba Hloahloeng ea Arabia bonyane ba fumana chelete e etsang limilione tse lekholo tsa li-sesterce selemo le selemo ho tsoa ’musong oa rōna—khele! re lefa chelete e ngata hakaakang bakeng sa mabothobotho a rōna hammoho le a basali ba rōna!” *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 28 Bahlahlobisisi ba fumane hore li-sesterce tse limilione tse 100 li ne li emela liphesente tse peli tsa moruo oohle oa ’Muso oa Roma.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Museo della Civiltà Romana, Roma; Todd Bolen/Bible Places.com

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Moo Bahoebi ba Neng ba Reka Thepa Teng

Jesu o ile a bua ka “mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle.” (Matheu 13:45) Ka ho tšoanang buka ea Tšenolo e bua ka “bahoebi ba tsamaeang” bao thepa eo ba neng ba e rekisa e neng e akarelletsa majoe a bohlokoa, silika, lehong le monko o monate, manaka a tlou, sinamone, libano le linōko tsa India. (Tšenolo 18:11-13) Lintho tsena li ne li fumanoa libakeng tse litseleng tsa khoebo tse ka bochabela ho Palestina. Lehong le monko o monate, joaloka sandalwood, le ne le tsoa India. Liperela tsa boleng bo holimo ka ho fetisisa li ne li ka fumanoa Koung ea Persia, Leoatleng le Lefubelu, athe ho ea ka mongoli oa buka ea Periplus Maris Erythraei, li ne li ka boela tsa fumanoa Muziris le Sri Lanka. Ho bonahala liperela tsa Leoatleng la India e ne e le tsona tsa boleng bo holimo ka ho fetisisa le tse theko e boima.

[’Mapa o leqepheng la 20, 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Tse ling tsa litsela tsa khoebo tse neng li le pakeng tsa Roma le Asia lekholong la pele la lilemo

Arezzo

Roma

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

AFRIKA

Alexandria

EGEPETA

Coptos

Nōka ea Nile

Myos Hormos

Berenice

Zanzibar

Leoatle le Lefubelu

Jerusalema

ARABIA

Nōka ea Eufrate

BABYLONIA

Koung ea Persia

PERSIA

Lifefo tsa leboea-bochabela

Lifefo tsa boroa-bophirimela

Nōka ea Indus

PUNJAB

Nōka ea Ganges

Kou ea Bengal

INDIA

Arikamedu

Muziris

SRI LANKA

LEOATLE LA INDIA (LEOATLE LA ERYTHRAEA)

CHAENA

’MUSO OA HAN

THAILAND

CAMBODIA

VIETNAM

Sumatra

Java

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Moetso oa sekepe sa Baroma se neng se laela thepa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ship: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.