Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Ho Koetlisetsa Bacha ho ba Batho ba Baholo

Ho Koetlisetsa Bacha ho ba Batho ba Baholo

“Ke ne ke thabela ho qoqa le bara ba ka. Ba ne ba mamela ka hloko ha ke bua le bona, ba bile ba etsa seo ke ba kōpang sona hang-hang. Empa hona joale ba kene lilemong tsa bocha ’me ha re lumellane nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Ebile ha ba sa rata lintho tse amanang le borapeli ba rōna. U tla utloa ba re: ‘Hao! e le hore ha ho na ntho e ’ngoe eo re ka buang ka eona haese ka Bibele?’ Pele bara ba ka ba kena lilemong tsa bocha, ke ne ke sa lore hore ka le leng sena se tla etsahala lapeng la ka—le hoja ke ne ke bona se etsahala malapeng a mang.”—Reggie. *

NA U hōlisa mocha? Haeba ho joalo, eo ke nako e thahasellisang ka ho fetisisa bophelong ba ngoana oa hao ha a ntse a hōla. Hape e ka ba nako e tšoenyang ka ho fetisisa maikutlong. Na u kile ua ikutloa tjee?

  • Ha mora oa hao a sa le tlaase lilemong, le ne le le mathe le leleme. Empa hona joale ha e se e le mohlankana, o se a qhomela hōle le uena ’me u bona eka ha a sa na taba le uena.

  • Ha morali oa hao e ne e sa le ngoana, le ne le ntšana se inong. Hona joale ha e se e le moroetsana o se a qoqa le metsoalle ea hae ’me u bona eka u se a u qhelela ka thōko.

Haeba ho etsahala ntho e tšoanang ka lapeng la hao, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana oa hao e ba sehlakana-hloohoana se ke keng sa fetoha. Joale ho etsahala’ng ka eena? E le ho araba potso eo, a re hlahlobeng karolo ea bohlokoa e phethoang ke lilemo tsa bocha ha ngoana oa hao a ntse a hōla.

Bocha ke Mothati oa Bohlokoa Haholo Khōlong ea Ngoana

Ho tloha ha ngoana a hlaha, bophelo ba hae bo tletse ka lintho tse ncha—ho tlosa leoto, ho qala ho bua, ho qala ho ea sekolong, ha re bolela tse seng kae feela. Batsoali baa thaba ha ngoana oa bona a fihla mothating o itseng oa bophelo. Seo ke bopaki ba ntho eo ba batlang ho e bona, e leng ea hore ngoana oa bona oa hōla.

Bocha le bona ke mothati oa bohlokoa—le hoja batsoali ba bang ba ka ’na ba se thabele nako ena. Hoa utloahala hore na ba tšoenngoa ke eng. Etsoe ke motsoali ofe ea ka thabelang ho bona ngoana oa hae ea neng a mamela a fetoha mocha ea seng a khena le feela? Ho ntse ho le joalo, lilemo tsa bocha li phetha karolo ea bohlokoa ha ngoana a ntse a hōla. Joang?

Bibele e re ka mor’a nako e itseng “monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae.” (Genese 2:24) Morero o ka sehloohong oa lilemo tsa bocha ke ho lokisetsa mora kapa morali oa hao letsatsi leo le thabisang empa le boetse le le bohloko. Ka nako eo, ngoana oa hao o tla bua mantsoe a tšoanang le a moapostola Pauluse ha a ne a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.”—1 Bakorinthe 13:11.

Ha e le hantle, ona ke oona mothati oo mora kapa morali oa hao a leng ho oona lilemong tsena tsa bocha—o tlohela mekhoa ea bongoana ’me o ithuta ho ba motho e moholo ea nang le boikarabelo, ea seng a ka ikemela a bile a hōlile ka ho lekaneng hore a phurusetse. Kahoo, buka e ’ngoe ea lipatlisiso e ile ea hlalosa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ka tsela e amang maikutlo, ha e re ke “nako ea karohano e bohloko.”

Ke ’nete hore hona joale, taba ea hore moranyana oa hao kapa moralinyana oa hao ka le leng o tla ikemela e ka ’na ea etsa hore u ipotse lintho li hana ho fela. U ka ’na ua ipotsa:

  • “Na mora oa ka o tla khona ho hlokomela ntlo ea hae empa hona joale a sitoa ho boloka kamore ea hae e hloekile?”

  • “Ha morali oa ka a sitoa ho fihla lapeng ka nako eo re mo behetseng eona, na o tla khona ho fihla ka nako mosebetsing?”

Haeba u khathatsoa ke lipotso tse joalo, hopola sena: Hore ngoana a ikemele hase ntho e etsahalang ka ho panya ha leihlo; ho nka nako e telele e le hore qetellong a ikemele ka botlalo. Ho tla fihlela mothating ona, u se u iponetse hore “booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana”—kapa ea ngoanana.—Liproverbia 22:15.

Leha ho le joalo, haeba u koetlisa ngoana oa hao hantle, o tla qetella e le motho e moholo ea nang le boikarabelo eo “matla a [hae] a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.

Likeletso Tsa Bohlokoa

Haeba mocha a bontšitse hore o na le boikarabelo, na u ka mo fa tokoloho e eketsehileng?

E le hore u koetlisetse ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha hore e be motho e moholo, u lokela ho mo thusa hore ‘matla a hae a ho nahana’ a sebetse e le hore a khone ho iketsetsa liqeto tse bohlale. (Baroma 12:1, 2) Melao-motheo e latelang ea Bibele e tla u thusa hore u etse seo.

Bafilipi 4:5: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.” Ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o etsa kōpo e itseng, mohlomong o kōpa hore u mo ekeletse nako ea ho fihla lapeng. Joale u hana hang-hang. Ebe ngoana oa hao oa tletleba o re, “U ntšoara joaloka ngoana!” Pele u mo araba ka ho re, “Ke hobane u ikentse ngoana,” mohlomong ho ka ba molemo hore u hopole ntlha ena: Hangata bacha ba batla tokoloho e fetang e ba loketseng, empa batsoali le bona ka tloaelo ba fa bana tokoloho e fokolang haholo. Ka linako tse ling, u ntse u ka mo lumella ka lintho tse ling. Ke hobane’ng ha u sa leke ho talima lintho ka tsela eo a li talimang ka eona?

LEKA HO ETSA TJENA: Ngola ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka fang mocha tokoloho e eketsehileng ho tsona. Mo hlalosetse hore u mo fa tokoloho eo ka nakoana. Haeba e sa mo mathele hloohong, ka mor’a nako u ka ’na ua mo fa e eketsehileng. Ho seng joalo, u tla mo amoha le eo u neng u se u mo file eona.—Matheu 25:21.

Bakolose 3:21: “Bo-ntate, le se ke la lula le omanya bana ba lōna. Haeba le sa khotsofale habonolo, ba ka ’na ba khaotsa ho iteka.”—International Children’s Bible. Batsoali ba bang ba leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a e etsang. E le hore ba mo kenye tseleng, ba lula ba behile mohato o mong le o mong oo a o nkang leihlo. Ba mo khethela metsoalle, ba bile ba mo mamela ka sekhukhu ha a bua fonong. Empa hangata mekhoa eo ha e atlehe. Ho mo beha leihlo joalo ke hona ho ka ’nang ha etsa hore a batle ho monyola; ho lula u tšoaea-tšoaea metsoalle ea hae liphoso ho ka etsa hore e mo khahle le ho feta; ho mo mamela ka sekhukhu ha a bua fonong ho ka mo susumelletsa hore a batle mekhoa e meng eo a ka buang le metsoalle ea hae ka eona u sa utloe. Ha u leka ho mo laola haholo, u ka ’na ua mo hlahafatsa. Ka sebele, haeba u sa lumelle ngoana hore a ithute ho iketsetsa liqeto a sa le lapeng, o tla li etsa joang ha a se a tlohile lapeng?

LEKA HO ETSA TJENA: Nakong e tlang ha u bua le mocha ka taba e itseng, mo thuse hore a bone kamoo lintho tseo a li khethang li ka mo hlahisang kateng ho batho ba bang. Ka mohlala, ho e-na le ho tšoaea metsoalle ea hae liphoso, e-re: “Ho tla etsahala’ng ha [’nyeo] a ka tlōla molao eaba oa tšoaroa? U tla hlaha joang bathong?” Thusa mocha hore a bone hore lintho tseo a li khethang li ka mo etsetsa botumo bo botle kapa tsa mo senya lebitso.—Liproverbia 11:17, 22; 20:11.

Baefese 6:4: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Poleloana e reng “kelello e laoloang” hase feela taba ea ho bolella ngoana lintlha tse tobileng. E bolela ho finyella pelo ea ngoana tabeng ea boitšoaro ka tsela e tla susumetsa liketso tsa hae. Ena ke ntho ea bohlokoa haholo ha ngoana oa hao a kena lilemong tsa bocha. Ntate e mong ea bitsoang Andre o re: “Ha bana ba hao ba ntse a hōla, u lokela ho fetola tsela eo u ba buisang ka eona ’me u ba behele mabaka.”—2 Timothea 3:14.

LEKA HO ETSA TJENA: Ha ho hlaha taba e itseng eo le sa lumellaneng ka eona, mo kōpe hore e be motsoali ’me uena u be ngoana. Botsa mocha hore na u ne a tla u fa keletso efe haeba u ne u le ngoana oa hae. E-re a etse lipatlisiso e le hore a tle a u fe mabaka a tšehetseng maikutlo a hae—kapa a khahlanong le ’ona. Tšohlang taba ena pele beke e fela.

Bagalata 6:7: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” Ngoana a ka rutoa thuto ka ho fuoa kotlo e itseng—mohlomong ka ho mo fa mosebetsi oo a sa o rateng kapa ho mo hanela ho etsa ntho e itseng eo a e ratang. Empa mocha eena o tla hloka hore u mo tlohelle hore a habole lesheleshele leo a iphehletseng lona.—Liproverbia 6:27.

LEKA HO ETSA TJENA: U se ke ua mo lefella likoloto kapa ua mo buella ho tichere ha a feitse. Mo tlohelle hore a kotule seo a se jetseng, joale a ke ke a lebala seo a ithutileng sona.

Mohlomong joaloka motsoali, u lakatsa eka nako ea bocha e ka be e le joaloka thellelisane eo ngoana a ka thellisang ho eona ebe ka potlako e ba motho e moholo. Leha ho le joalo, hase kamehla mothating ona lintho li tsamaeang ka thello. Empa lilemo tsa bocha li u fa monyetla o babatsehang oa ho “koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng.” (Liproverbia 22:6) Melao-motheo ea Bibele ke motheo o tiileng oo u ka hahang thabo ea lelapa la hao ho oona.

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

IPOTSE . . .

Ha mora kapa morali oa ka a tloha lapeng, na o tla khona ho etsa lintho tse latelang?

  • ho etsa lintho tse amanang le borapeli kamehla

  • ho etsa khetho e nepahetseng le liqeto tse nepahetseng

  • ho buisana le ba bang hantle

  • ho itlhokomela litabeng tse amanang le bophelo bo botle

  • ho tšoara chelete hantle

  • ho hloekisa ntlo ea hae le ho e hlokomela

  • Ho sebetsa a sa sututsoe