Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Bangoli ba neng ba hanyetsa Jesu e ne e le bo-mang?

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ne a kopana le bangoli ha a le Jerusalema hammoho le litorotsoaneng le metsaneng e meng. Ka ntle ho motse oa Jerusalema—esita le metseng ea Bajuda e neng e se Palestina—batho bao e ne e le banna ba ’muso ba boemong bo tlaasana, ba neng ba tseba Molao, bao e ka ’nang eaba e ne e le bakopitsi kapa baahloli metseng.—Mareka 2:6; 9:14; Luka 5:17-21.

Jerusalema, bangoli ba ne ba sebelisana le ’muso oa Bajuda. (Matheu 16:21) The Anchor Bible Dictionary, e re: “Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le batlatsi ba baprista, ka bobeli litabeng tsa boahloli le ho tiiseng hore batho ba phetha meetlo le melao ea Sejuda, hammoho le linthong tse ling tse neng li etsoa Sanhedrine.” Kaha e ne e le mesuoe e hlaheletseng ea Molao, ha e le hantle ba bang ba bangoli bana e ne e le litho tsa Sanhedrine, kapa lekhotla le phahameng la Bajuda. Ba ne ba sebelisana le baprista ba phahameng le Bafarisi.

Ho bonahala hangata bangoli e ne e le bahanyetsi ba Jesu litabeng tsa bolumeli. Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba sa mo hanyetse. Ka mohlala, mongoli e mong o ile a bolella Jesu a re: “Ke tla u latela kae kapa kae moo u tla ea teng.” Athe ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re ho mongoli e mong: “Ha u hōle le ’muso oa Molimo.”—Matheu 8:19; Mareka 12:28-34.

Hore motho o tlotsitsoe ho ne ho bolela’ng?

Mehleng ea Bibele, Bochabela bo Hare, ha motho a ne a tlotsoa hlooho ka oli e ne e le pontšo ea hore o nkeloa holimo kapa ea hore moeti o amoheloa ka matsoho a mabeli. Hangata ho ne ho sebelisoa oli ea mohloaare e neng e kopantsoe le setlolo se nkhang hamonate. Ha motho a ne a khetheloa boemo bo itseng bo khethehileng ba bolaoli, Baheberu ba ne ba boetse ba tšela hlooho ea hae ka oli, kapa ba mo tlotsa. Ka mohlala, Arone o ile a tlotsoa ha a ne a khethoa hore e be moprista ea phahameng. (Levitike 8:12) Tabeng ea Morena Davida, “Samuele [o ile] a nka lenaka la oli ’me a mo tlotsa . . . Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.”—1 Samuele 16:13.

Puong ea Seheberu, lentsoe le sebelisoang bakeng sa ho tlotsa motho ka tsela eo ke ma·shachʹ, ’me ke lona motso oa lentsoe ma·shiʹach, kapa Mesia. Ka Segerike lentsoe leo ke khriʹo, e leng motso oa lentsoe khri·stosʹ kapa Kreste. Ka hona, Arone le Davida ba ka bitsoa bo-mesia, kapa batlotsuoa. Moshe le eena o bitsoa kreste kapa motlotsuoa, ka lebaka la hore Molimo o ile a mo khethela ho ba moemeli oa Hae.—Baheberu 11:24-26.

Jesu oa Nazaretha o ile a khethoa ka ho toba ke Molimo hore a be boemong bo phahameng haholo. Ho e-na le hore a tlotsoe ka oli, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo. (Matheu 3:16) Kaha Jesu ke Motlotsuoa ea khethiloeng ke Jehova, ka nepo o bitsoa Mesia, kapa Kreste.—Luka 4:18.