Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Fumanang Thabo

Kamoo re ka Fumanang Thabo

Seo re Ithutang Sona ho Jesu

Kamoo re ka Fumanang Thabo

Ntho ea bohlokoa e tlisang thabo ke eng?

▪ Jesu o ile a bua ka thabo mantsoeng a qalang feela a thuto ea hae e tsebahalang ka ho fetisisa. O ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) O ne a bolela’ng? Tlhoko ea rōna ea moea ke eng?

E le hore re tsoele pele re phela, re hloka ho hema, ho noa, ho ja, joalo feela ka liphoofolo. Empa hore re thabe, re na le tlhoko eo liphoofolo li se nang eona—e leng ea ho utloisisa morero oa bophelo. Ke ’Mōpi feela ea ka re khotsofatsang tlhokong eo. Kahoo, Jesu o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea baa thaba kaha ba atamela haufi le Jehova, “Molimo ea thabileng,” ’me o ba fa ntho ea bohlokoa haholo hore ba thabe—e leng ho ba le tšepo.—1 Timothea 1:11.

Ke joang Jesu a ileng a fana ka tšepo?

▪ Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a fa batho tšepo ka hore a phekole ba kulang le ho tsosa bafu hore ba boele ba phele. Hape o ile a ba tlisetsa molaetsa o fanang ka tšepo. O ile a hlalosa: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Batho ba mamelang Molimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. U se u ka inahanela hore na ho tla ba joang ho phela har’a batho ba bonolo le hona le ka mohla ba ke ke ba tsofala! Hase feela Lentsoe la Molimo le reng: “Thabang tšepong.” (Baroma 12:12) Hape Jesu o ile a hlalosa kamoo re ka fumanang thabo hona joale.

Jesu o ile a ruta hore ke mokhoa ofe oa ho phela o tlisang thabo?

▪ Jesu o fane ka keletso e atlehang litabeng tse kang ho sebelisana le ba bang, lenyalo, boikokobetso hammoho le ho ba le pono e loketseng ka lintho tsa nama. (Matheu 5:21-32; 6:1-5, 19-34) Ho latela keletso ea Jesu ho tla u thusa hore u fumane thabo.

Ho fana ka seatla se bulehileng ho tla u tlisetsa thabo. (Liketso 20:35) Ka mohlala, Jesu o itse: “Ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona.” (Luka 14:13, 14) Motho o thabisoa ke ha a thusa batho ba bang hore ba thabe, eseng ha a batla hore eena a thabe.

Se hlileng se tlisetsang motho thabo ke eng?

▪ Ho etsetsa batho melemo e itseng ho ka u thabisa, empa ho etsetsa Molimo lintho tse itseng ho ka u thabisa haholo. Ho ka u thabisa esita le ho feta thabo eo batsoali ba bang le eona ka ho ba motlotlo ka ngoana oa bona eo ba mo ratang. Sena se bontšoa ka ho hlaka ke se ileng sa etsahala ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a ruta phatlalatsa. “Mosali e mong har’a bongata a phahamisa lentsoe ’me a re ho eena: ‘Ho thaba pōpelo e ileng ea u jara le matsoele ao u a antseng!’ Empa a re: ‘Che, ho e-na le hoo, Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!’”—Luka 11:27, 28.

Jesu ka boeena o ile a khotsofala a ba a thaba ka lebaka la hore o ne a etsa thato ea Ntate oa hae ea leholimong. Thato ea Molimo ke hore batho ba utloe ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a qeta ho hlalosetsa motho ea thahasellang ka tšepo ena, o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.” (Johanne 4:13, 14, 34) Le uena u ka thabisoa ke ho etsa ho hong hore u thabise Molimo, haeba u ruta ba bang ’nete ea Bibele.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 1 ea buka ena e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. (Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?)

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Thabo ea ’nete e tlisoa ke hore re khotsofatse tlhoko ea rōna ea hore re utloisise morero oa bophelo