Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

6 Na e ka re Thusa?

6 Na e ka re Thusa?

Thapelo

6 Na e ka re Thusa?

NA RE rua molemo ha re rapela? Bibele e bontša hore ka sebele lithapelo tsa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang li ba tsoela molemo. (Luka 22:40; Jakobo 5:13) Ha e le hantle, thapelo e ka re tsoela molemo haholo moeeng, maikutlong esita le ’meleng. Joang?

E le mohlala, a re re ngoana oa hao o fuoa mpho. Na u tla mo ruta feela hore a e thabele? Kapa na u tla mo ruta le hore a bontše hore oa e ananela? Ha re bontša ka mantsoe hore na re ikutloa joang, re totobatsa maikutlo a rōna ebile re etsa hore a matlafale haholo. Na ho joalo leha re bua le Molimo? Ha ho potang! Ak’u hlahlobe mehlala e seng mekae.

Thapelo e lebohang. Ha re leboha Ntate oa rōna ka lintho tse molemo tseo re li fumanang, re hlokomela kamoo a re hlohonolofatsang kateng. Ka hona, re ka ikutloa re tletse kananelo, re thabile haholo re bile re khothetse.—Bafilipi 4:6.

Mohlala: Jesu o ile a ntša maikutlo a hae a lebohang Ntate oa hae ka tsela eo a neng a utloa lithapelo tsa hae a bile a li arabela ka eona.—Johanne 11:41.

Thapelo e kōpang tšoarelo. Ha re kōpa Molimo hore a re tšoarele, re matlafatsa letsoalo la rōna, re bona lebaka le matla la hore re bake ebile re lemoha le ho feta hore na ho etsa sebe ho tebile hakae. Hape re imoloha letsoalong le molato.

Mohlala: Davida o ile a rapela, a ntša maikutlo a hae a bontšang hore o bakile le hore o saretsoe.—Pesaleme ea 51.

Thapelo e kōpang tataiso le bohlale. Ho kōpa Jehova hore a re tataise kapa a re fe bohlale e le hore re etse liqeto tse nepahetseng ho ka re thusa hore re be ba ikokobelitseng e le kannete. Ho ka etsa hore re lule re elelloa hore re na le mefokolo ha ba ha re thusa hore re tšepe Ntate oa rōna ea leholimong.—Liproverbia 3:5, 6.

Mohlala: Ka boikokobetso Solomone o ile a kōpa tataiso le bohlale ba hore a buse Iseraele.—1 Marena 3:5-12.

Thapelo ea ha motho a le tsietsing. Haeba re tšollela lipelo tsa rōna ho Molimo ha re tšoenyehile, seo se tla re thoba maikutlo se be se etse hore re tšepe Jehova ho e-na le hore re itšepe.—Pesaleme ea 62:8.

Mohlala: Morena Asa o ile a rapela ha a ne a tjamelane le sera se kotsi.—2 Likronike 14:11.

Thapelo molemong oa ba hlokang thuso. Lithapelo tse joalo li re thusa hore re se ke ra ba baithati, ho e-na le hoo re be le kutloelo-bohloko le qenehelo.

Mohlala: Jesu o ile a rapella balateli ba hae.—Johanne 17:9-17.

Thapelo ea thoriso. Ha re rorisa Jehova ka mesebetsi ea hae e babatsehang le ka makhabane a hae, re tla mo hlompha le ho feta re be re mo ananele. Thapelo ea mofuta oo e ka boela ea re thusa hore re be haufi haholo le Molimo le Ntate enoa oa rōna.

Mohlala: Davida o ile a rorisa Molimo ho tsoa pelong ka pōpo ea hae.—Pesaleme ea 8.

Tlhohonolofatso e ’ngoe eo re e fumanang ha re rapela ke ea ho ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafilipi 4:7) Ho ba le khotso kelellong lefatšeng lena le tletseng likhathatso ke tlhohonolofatso e fumanehang seoelo e le kannete. Ho bile ho molemo bakeng sa bophelo bo botle. (Liproverbia 14:30) Empa na re e fumana feela hobane re entse boiteko? Kapa na ebe ho na le ho hong ha bohlokoa ho amehang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Thapelo e na le melemo e mengata—’meleng le maikutlong, empa haholo-holo moeeng