Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ho khoahlapisa e ne e le ho etsa eng, hona ho ne ho ruisa bo-mang molemo?

Molao oa Moshe o ne o hanela lihoai ho kotula lijalo tsohle tse masimong a tsona. Ho e-na le hoo, batho ba neng ba kotula lijo-thollo ba ne ba sa lokela ho li kotula ka ho feletseng meeling ea masimo. Ba neng ba kotula morara bona ba ne ba sa lokela ho thonaka o hasaneng fatše kapa ho khutlela masimong hape ho ea kotula o neng o sa butsoa hantle pele. Hape, ba neng ba hlohlora lifate tsa mohloaare bona ba ne ba lokela ho tlohela litholoana tse sa kang tsa oela. (Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-21) Ka hona, ba futsanehileng, likhutsana, bahlolohali le bajaki ba ne ba ka khoahlapisa—kapa ba thonaka—lijalo tse setseng masimong.

Molao ona o amanang le ho khoahlapisa o ne o tsoela sechaba sohle sa Baiseraele molemo. O ne o khothalletsa lihoai hore li fane ka seatla se bulehileng, li hloke boithati ’me li lule li tšepile tlhohonolofatso ea Jehova. Athe ba neng ba khoahlapisa bona o ne o ba khothalletsa hore ba sebetse ka thata kaha ho khoahlapisa e ne e le mosebetsi o boima. (Ruthe 2:2-17) Ho khoahlapisa ho ne ho etsa hore mafutsana a se ke a bolaoa ke tlala kapa ea e-ba moroalo oa sechaba. Hape, ho ne ho etsa hore a se ke a ikutloa a theohile seriti ka ho ba mekōpa-kōpa kapa a se ke a phela ka liphallelo.

Ke hobane’ng ha Solomone a ile a lata lifate hōle koa Lebanone ho tla haha tempele Jerusalema?

Tlaleho e ho 1 Marena 5:1-10 e hlalosa tumellano eo Solomone a ileng a e etsa le Hirame, morena oa Tyre. Ho latela tumellano eo, ho ne ho lokela ho tlisoe lehong le matahantsoeng hammoho la kedare le likoqo tsa junipere Iseraele ka sekepe ho tsoa Lebanone, tse neng li tla sebelisetsoa ho haha tempele.

Lehong la kedare e ne e le ntho ea bohlokoa haholo e rekisoang libakeng tsa boholo-holo tsa Bochabela bo Hare. Egepeta le Mesopotamia, hangata lehong lena le ne le sebelisetsoa ho etsa maballo le ho koahela mabota a ka hare a litempele le matlo a borena. Litokomane tsa khale tsa borena, libuka le lintho tse ling tse ngotsoeng lejoeng li paka hore lehong la kedare le ne le isoa linaheng tse ngata tse ka boroa tsa Mesopotamia, ka linako tse ling le hapiloe ntoeng kapa e le ho lefa sethabathaba. Egepeta teng le ne le sebelisetsoa ho etsa liketsoana tsa boreneng, makese le lintho tse ling tse amanang le mapato.

Ka ho khetheha, kedare ea Lebanone e ne e ipetsa pele ka ho tšoarella ha eona nako e telele, botle ba eona, monko oa eona o monate esita le hore likokoanyana li ne li sa khone ho e senya. Ka hona, Solomone o ne a haha tempele ka thepa ea boemo bo phahameng haholo. Mehleng ena, lithabeng tsa Lebanone tse kileng tsa koaheloa ke meru ea lifate tsa kedare, ho se ho setse lifatjana feela tse qaqolohaneng.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Setšoantšo se betliloeng ntlong ea borena ea Sargone, se bontšang ha ho tsamaisoa kedare ea Lebanone

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Erich Lessing/Art Resource, NY