Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha ho sa Tla ba le Likoluoa!

Ha ho sa Tla ba le Likoluoa!

HAEBA motho e mong a ne a ka re ho uena, “Haufinyane ha ho sa tla ba le likoluoa,” u ne u tla ikutloa joang? U ne u ka ’na ua re: “Ua lora. Likoluoa ke karolo ea bophelo.” Kapa u ne u ka ’na ua re ka pelong, ‘Ebe o nahana hore o thetsa mang?’

Le hoja hona joale ho bonahala eka likoluoa tsa tlhaho li ke ke tsa fela, ho na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore li tla fela. Leha ho le joalo, phetoho eo e ke ke ea tlisoa ke boiteko ba motho. Batho ha ba khone ho utloisisa ka ho feletseng hore na lintho tsa tlhaho li sebetsa joang, le hore na ke hobane’ng ha lintho tse itseng li etsahala tlhahong, ka hona, ba ke ke ba khona ho li laola kapa ho li fetola. Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, ea tsebahalang ka bohlale ba hae le bokhoni ba ho lemoha lintho, o ile a re: ‘Moloko oa batho ha o khone ho fumana mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi; ho sa tsotellehe hore na moloko oa batho o tsoela pele ho sebetsa haholo hakae ho batla, empa leha ho le joalo ha o fumane. Hape esita le haeba ba ka re ba bohlale ka ho lekaneng ho tseba, ba ne ba ke ke ba khona ho fumana.’—Moeklesia 8:17.

Haeba batho ba ke ke ba laola likoluoa tsa tlhaho, ke mang ea ka khonang ho li laola? Bibele e bontša hore ’Mōpi oa rōna ke eena ea ka tlisang phetoho ena. Ke Eena ea entseng lihloliloeng tse phethang karolo ea bohlokoa tikolohong, tse kang potoloho ea metsi. (Moeklesia 1:7) Hape, ho fapana le batho, Molimo o na le matla a se nang moeli. Ha moprofeta Jeremia a fana ka bopaki ba sena, o ile a re: “Musi Morena Jehova! Bona! u entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng. Taba ena eohle hase e hlollang haholo bakeng sa hao.” (Jeremia 32:17) Kaha Molimo ke eena ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, ke ho utloahalang ho lumela hore a ka li laola e le hore batho ba lule ho lona ka khotso ba bile ba sireletsehile.—Pesaleme ea 37:11; 115:16.

Kahoo, ke joang Molimo a tla tlisa liphetoho tse hlokahalang? U tla hopola hore sehloohong sa bobeli lihloohong tsena ho boletsoe hore lintho tse ngata tse tšabehang tse etsahalang lefatšeng kajeno ke “pontšo” e tšoaeang “qetello ea tsamaiso ea lintho.” Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Matheu 24:3; Luka 21:31) ’Muso oa Molimo, e leng puso ea Molimo e leholimong, o tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng, o be o etse hore lintho tsa tlhaho li laolehe. Le hoja Jehova Molimo a na le matla a ho etsa sena ka boeena, o khethile ho fa Mora oa hae mosebetsi ona. Ha a bua ka Mora enoa, moprofeta Daniele o ile a re: “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.”—Daniele 7:14.

Mora oa Molimo, e leng Jesu Kreste, o fuoe matla e le hore a etse liphetoho tse hlokahalang hore lefatše e tle e be sebaka se thabisang. Lilemo tse likete tse peli tse fetileng, ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hanyenyane feela hore o na le bokhoni ba ho laola lintho tsa tlhaho. Ka lekhetlo le leng, ha a ne a e-na le barutuoa ba hae ka sekepeng Leoatleng la Galilea, ho ile “ha tsoha sefefo se seholo se matla, ’me maqhubu a ’na a khahlellana ka sekepeng, hoo sekepe se neng se le haufi le ho tlala.” Barutuoa ba hae ba ile ba tšoha. Kaha ba ne ba bona eka ba tla shoa, ba ile ba llela ho Jesu. Jesu o ile a etsa’ng? Habonolo feela o ile a “khalemela moea ka matla [eaba] o re ho leoatle: ‘Thōla! Khutsa!’ Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.” Barutuoa ba hae ba ile ba hlolloa ke seo ’me ba botsa: “Ha e le hantle enoa ke mang, hobane esita le moea le leoatle lia mo mamela?”—Mareka 4:37-41.

Hamorao, Jesu o ile a nyolleloa sebakeng sa moea ’me o ile a fuoa matla a fetang ao a neng a e-na le ’ona le boikarabelo bo boholo. Joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, o na le boikarabelo le bokhoni ba ho etsa liphetoho tsohle tse hlokahalang e le hore batho ba phele ka khotso ba bile ba sireletsehile lefatšeng.

Leha ho le joalo, joalokaha re bone, mathata a mangata le likoluoa tse ngata li bakoa ke batho, kapa ba li mpefatsa le ho feta ka ho sebelisa lintho tsa tlhaho ka boithati le meharo. ’Muso oo o tla etsa’ng ka ba tsoelang pele ho etsa joalo ’me ba hana ho fetoha? Bibele e bua ka Morena Jesu ha a “tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” Ka sebele o tla “felisa ba senyang lefatše.”—2 Bathesalonika 1:7, 8; Tšenolo 11:18.

Ka mor’a moo, ‘Morena enoa oa marena,’ Jesu Kreste, o tla laola lintho tsohle tsa tlhaho ka ho feletseng. (Tšenolo 19:16) O tla etsa bonnete ba hore bafo ba ’Muso oo ha ba sa tla hlola ba utloisoa bohloko ke likoluoa. O tla sebelisa matla a hae ho laola maemo a leholimo le a linako tse sa tšoaneng tsa selemo hore a be ka tsela eo a tla tsoela batho molemo. Phello e tla ba ho phethahala ha sena seo Jehova Molimo a ileng a se tšepisa batho ba hae khale: “Ka sebele ke tla boela ke le fe lipula ka nako ea tsona e tšoanetseng, ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona, ’me sefate sa naha se tla fana ka litholoana tsa sona.” (Levitike 26:4) Batho ba tla khona ho haha matlo ba sa tšabe ho lahleheloa ke ’ona ka lebaka la koluoa: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.”—Esaia 65:21.

U Lokela ho Etsa’ng?

Ha ho pelaelo hore le uena joaloka batho ba bangata, u rata ho phela lefatšeng leo ho se nang likoluoa tse senyang. Leha ho le joalo, u lokela ho etsa’ng e le hore u tle u phele lefatšeng leo? Kaha “ba sa tsebeng Molimo” le “ba sa mameleng litaba tse molemo” ba ke ke ba tšoaneleha ho phela lefatšeng le tlang leo ho lona ho ke keng ha e-ba le likoluoa, ho hlakile hore hona joale re lokela ho ithuta ka Molimo ’me re tšehetse puso ea hae. Molimo o batla hore re mo tsebe ’me re mamele litaba tse molemo tsa ’Muso tseo a re tsebisitseng tsona ka Mora oa hae.

Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta ho etsa joalo ke ka ho ithuta Bibele ka hloko. E tla re ruta hore na ho hlokahala’ng e le hore re tle re tšoanelehe ho phela lefatšeng le sireletsehileng le tlas’a ’Muso oo. Ho ka ba molemo hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li u thuse ho ithuta seo Bibele e se rutang. Li ikemiselitse ho u thusa. Kholiseha hore haeba u leka ka hohle ho tseba Molimo le ho mamela litaba tse molemo, mantsoe ana a Liproverbia 1:33 a tla phethahala ho uena: “Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”