Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a re Abrahama a Etse Mor’a Hae Sehlabelo?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a re Abrahama a Etse Mor’a Hae Sehlabelo?

▪ Joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Bibele ea Genese, Jehova Molimo o ile a kōpa Abrahama hore a etse mor’a hae Isaka sehlabelo. (Genese 22:2) Ho thata hore babali ba bang ba Bibele ba utloisise tlaleho eo. Moprofesa e mong ea bitsoang Carol, o re: “Ha ke ne ke qala ho utloa pale ena ke sa le ngoana, ke ile ka halefa haholo. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke Molimo oa mofuta ofe ea ka etsang ntho e tjee?’” Ke ’nete hore maikutlo a joalo aa utloahala, empa ho na le lintlha tse ’maloa tseo re lokelang ho li hopola.

Ea pele, nahana ka seo Jehova a sa kang a se etsa. Ha aa ka a lumella Abrahama hore a tsoele pele ka ho etsa sehlabelo le hoja Abrahama a ne a ikemiselitse ho se etsa, ebile ha ho mohla Molimo a kileng a kōpa motho e mong hape hore a etse ntho e joalo. Jehova o batla hore barapeli ba hae kaofela, ho akarelletsa le bana, ba tsoele pele ba phela—ba thabele bophelo bo bolelele le bo khotsofatsang.

Ea bobeli, Bibele e bontša hore Jehova o ne a e-na le lebaka le khethehileng ha a ne a kōpa Abrahama hore a nehelane ka Isaka. Molimo o ne a tseba hore lilemo tse makholo hamorao, O ne a tla lumella Mora oa Hae, * Jesu, hore a re shoele. (Matheu 20:28) Jehova o ne a batla hore re utloisise hore na sehlabelo seo se ne se tla mo ama habohloko hakae. Seo a ileng a re Abrahama a se etse e ne e le mohlala o matla oa sehlabelo seo se neng se tla etsahala ka moso. Joang?

Nahana ka mantsoe ana a Jehova ho Abrahama: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka . . . u mo nyehele e le nyehelo ea secheso.” (Genese 22:2) Hlokomela hore Jehova ha a bua le Abrahama o re Isaka ke mora “eo u mo ratang haholo.” Jehova o ne a tseba kamoo Isaka e leng oa bohlokoa kateng ho Abrahama. Hape, Molimo o ne tseba hore eena O ne a ikutloa joang ka Mor’a hae, Jesu. Jehova o ne a rata Jesu haholo hoo habeli a ileng a bua ka ho toba a le leholimong, a re Jesu ke “Mora oa ka, ea ratoang.”—Mareka 1:11; 9:7.

Hlokomela hape hore Jehova o ile a kenyelletsa lentsoe “ka kōpo” ha a bua le Abrahama. Setsebi se seng sa Bibele se re ha Molimo a ne a sebelisa lentsoe lena seo se ne se bontša hore “MORENA o ne a utloisisa hore seo a se kōpang se hloka boitelo bo boholo.” Joalokaha re ka nahana, e tlameha ebe kōpo eo e ile ea etsa hore Abrahama a sareloe habohloko; ka tsela e tšoanang, re ka inahanela feela bohloko bo tebileng boo Jehova a ileng a bo utloa ha a bona Mora oa hae ea ratoang a utloa bohloko ’me a e-shoa. Ntle ho pelaelo e ne e le bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo Jehova a kileng a bo utloa kapa boo a tla ke a bo utloe.

Le hoja ka sebele re ka nyarosoa ke seo Jehova a ileng a re Abrahama a se etse, ke ho utloahalang ho hopola hore Jehova ha aa ka a lumella mopatriareka eo ea tšepahalang hore a tsoele pele ka sehlabelo. O ile a qobisa Abrahama ho utloa bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo motsoali a ka bo utloang; a sireletsa Isaka lefung. Empa Jehova ha aa ka a sireletsa “Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle.” (Baroma 8:32) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a itumella hore a hlaheloe ke ntho e bohloko hakaale? O entse seo e le hore “re ka fumana bophelo.” (1 Johanne 4:9) Eo ke khopotso e matla hakaakang ea kamoo Molimo a re ratang kateng! Na see ha se re susumelletse hore le rōna re mo bontše hore rea mo rata? *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bibele ha e rute hore Molimo o ile a kopana le mosali hore Jesu a be teng. Empa Jehova o ile a bōpa sebōpuoa sa moea seo hamorao se ileng sa romeloa lefatšeng ho tla tsoaloa ke moroetsana Maria. Kaha Molimo ke eena ea bōpileng Jesu, ke kahoo ho loketseng hore a bitsoe Ntate oa hae.

^ ser. 8 E le hore u tsebe ho eketsehileng ka hore na lefu la Jesu e ne e le la bohlokoa hakae le kamoo re ka bontšang hore rea le ananela, sheba khaolo ea 5 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?