Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang Russia

Ho Batla Letlotlo Lithabeng Tsa Khauta Tsa Altay

Ho Batla Letlotlo Lithabeng Tsa Khauta Tsa Altay

KE LETSATSI le letle khoeling ea May mona Rephabliking ea Altay—e leng sebaka se setle ka tsela e hlollang se ka boroa-bophirimela ho Siberia. Ha re nyarela ka fensetere, re bona moru o teteaneng oa lifate tsa phaene; morao mane ho hlahella litlhōrō tsa lithaba tse putsoa, tse apesitsoeng ke lehloa. Sebaka sena se matsutla-tsutla le se ka thōko ke moo ho lulang Maaltai—sechaba sa Asia se nang le puo ea sona. Lithaba Tsa Altai ke lehae la bona, tse ileng tsa rehelloa ka lentsoe la Seturkic-Mongolian le bolelang “khauta.”

’Na le mosali oa ka re na le lilemo tse ’maloa re tseba Puo ea Matsoho ea Russia ’me re se re qalile ho etela liphutheho tsa puo ea matsoho le lihlopha tse nyenyane tsa Lipaki Tsa Jehova tsa lithōlō. Naheng ena merabe e fetang 100 le batho ba litso tse 70 tse fapaneng ba bua puo e le ’ngoe, Serussia. Lithōlō tsa mona le tsona li sebelisa puo e ’ngoe hape, Puo ea Matsoho ea Russia. Batho ba lithōlō ba ratana haholo ’me baa utloana, ba bangata bao re kopanang le bona ba re phetela ka tjantjello ka tsa bophelo ba bona ba bile ba re amohela ka mofuthu. Sena ke sona se etsahalang hantle Altay.

Ha re le motseng oa Gorno-Altaysk, re bolelloa ka lithōlō tse ’maloa tse lulang motsaneng o lik’hilomithara tse 250 ho tloha moo re leng teng. Ho na le Lipaki tse ’maloa tseo re tsebang hore li teng moo empa ha ho le e ’ngoe ea tsona e tsebang puo ea matsoho. Re nahana ka lithōlō tsena tsa Maaltai ’me re etsa qeto ea ho ea re il’o ba batla. Cheseho ea rōna e thabisa Yury le Tatyana, hoo banyalani bana ba lithōlō ba lumelang ho tsamaea le rōna. Re laela li-DVD le mochine o bapalang li-DVD ka veneng eo re tsamaeang ka eona. Hape re pakela liflaske tse khōlō, li-sandwich le lisoseje le piroshki e ntseng e chesa—e leng bohobe bo monate ba Serussia bo kentsoeng k’habeche le litapole. Qetellong, re nyanyatsa liaparo, lieta, le ’mele ea rōna ka moriana o lelekang matsetse, kaha lefu la encephalitis, le bakang ho ruruha ha boko, le jaloang ke likokoanyana tsena, le atile haholo sebakeng sena.

Tsela e matsoelintsoeke eo re tsamaeang ka eona e re fetisa lithabeng tse hlollang ka botle. Moea oa mona o tletse monko o monate oa limela tsa jasmine le lilac. Oa re hlasimolla! Re thabela le ho bona mohlape oa likhama tsa Siberia li ntse li fula li khutsitse. Moo Maaltai a lulang ho tletse matlo a lehong a ruletsoeng ka makhethe ka masenke. Haufi le matlo a mangata ho na le matlo a mang a lehong a bitsoang li-ayyl ao hangata a nang le mahlakore a tšeletseng a ruletsoeng joaloka mokhoro. A mang a sebōpeho sa tente ’me a ruletsoe ka makhapetla a lifate. Malapa a mangata a Maaltai a lula ka har’a li-ayyl tsena ho tloha ka May ho ea ka September ’me a kena ka matlung ka nako ea hoetla le mariha.

Ha re kena motseng re amoheloa ke Lipaki tsa moo ’me ba re isa lapeng la banyalani ba bang ba lithōlō ba Maaltai. Ba thabela ho re bona ebile ba rata ho tseba hore na re tsoa hokae le hore re etsa’ng moo. Kaha ba ne ba e-na le k’homphieutha, ha re ntša DVD ba kōpa hore re e bapale. Hang-hang, ha thōla ha re tu! eaka ha re eo moo. Ba tsepamisitse mahlo a bona k’homphieutheng ’me mona le mane ba etsisa matšoao a ntseng a etsuoa moo ebile ba ōma lihlooho ho bontša hore ba lumellana le seo. Ho ile ha e-ba thata, empa re ile ra ba ra khona ho emisa DVD e le hore re khutlele moo e qalang, moo ho hlahang paradeise e ntle ea lefatšeng. Re e emisa karolong e ’ngoe ’me re buisana ka seo Molimo a tla se etsetsa batho le hore ke batho ba joang ba tla phela ka ho sa feleng maemong ao ba a bonang moo. Re khothatsoa ke kamoo ba bontšang thahasello kateng ’me ha re se re itokisetsa ho tsamaea ba re bolella ka banyalani ba bang ba lithōlō ba lulang bohōle ba lihora tse ’maloa ho tloha motsaneng oo oa bona.

Re kena tseleng hape ’me re feta lekhalong le mafika le letle ka tsela e hlollang, hare-hare lithabeng ’me re latela tsela e matsoelintsoeke e re isang motsaneng o monyenyane le ho feta. Moo re fumana lelapa la lithōlō—monna, mosali, ’mè oa mosali le moshanyana oa banyalani bao—le thabelang ho fumana baeti le hoja ba sa ba lebella. Re kena ka monyako o monyenyane oa ayyl ea bona e nang le monko o monate oa lehong le lebese. E na le lesoba marulelong moo khanya e kenang teng. Hukung ea ayyl ho na le onto le setofo tse entsoeng ka litene tse pentiloeng ka kalaka e tšoeu ’me maboteng ho manehiloe limmete tse khubelu. Banyalani bana ba re amohela ka lijo tsa Maaltai—e leng makoenya le tee e tšetsoeng ka likotlolong tse nyenyane tsa Maasia. Rea ba botsa hore na ba kile ba nahana hore hoa khoneha ho ba motsoalle oa Molimo. Ba nahanisisa ka potso ena. ’Mè oa mosali o re bolella hore ha e ntse e le ngoana, o kile a nka lijo a li isa sebakeng se seng thabeng ’me a li nyehela ho melimo. A ntse a bososela o phahamisa mahetla ’me o re, “Hore na seo se ne se bolelang, ha ke tsebe, e ne e le moetlo oa rōna.”

Re ba bontša DVD e buang ka taba ena ’me lifahleho tsa bona li tlala thabo. Ba labalabela ho tsoela pele ka puisano ena empa ba tla etsa seo joang? Le hoja ho ngollana melaetsa fonong ho etsa hore ho be bonolo ho buisana le lithōlō, sebakeng sena lifono ha li sebetse. Kahoo, re ba tšepisa hore re tla bua le bona ka ho ba ngolla mangolo.

Ha letsatsi le se le leba malikelong, ho thata hore re arohane le batho bana, empa re kena tseleng e telele e khutlelang Gorno-Altaysk, re khathetse empa re thabile. Nakoana ka mor’a moo, re botsa Lipaki tsa moo ka lelapa lena ’me li re bolella hore ha ’ngoe ka beke tse peli monna o ea motseng o moholo, moo a ithutang Bibele le ho ea libokeng a thusoa ke morali’abo rōna oa moo ea tsebang puo ea matsoho. Re thaba hakaakang ha re utloa hore boiteko ba rōna bo behile litholoana!

Ho batla ha rōna batho ba lithōlō ba lipelo li tšepahalang ho ka tšoantšoa le ho batla matlotlo a patiloeng hare-hare lithabeng. Hoa thabisa ha re a batlile ka nako e telele ’me qetellong ka tšohanyetso re fumana lejoe la bohlokoa. Ho rōna lithaba tsa Altay li tla lula e le tsa khauta, re tla lula re hopola batho ba tšepahalang bao re kopaneng le bona lipakeng tsa litlhōrō tsa lithaba tse matsutla-tsutla.